Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“Litšobotsi Tsa Hae Tse sa Bonahaleng li Bonoa ka ho Hlaka”

“Litšobotsi Tsa Hae Tse sa Bonahaleng li Bonoa ka ho Hlaka”

Na u lumela ho Molimo? Haeba ho joalo, na u ka fana ka bopaki ba hore o teng? ’Nete ke hore re pota-potiloe ke bopaki bo bontšang hore ho na le ’Mōpi ea bohlale, ea matla le ea lerato. Ke bopaki bofe boo, hona bo matla hakae? E le hore u fumane karabo, hlokomela mantsoe a moapostola Pauluse a lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma.

Pauluse o ile a re: “Litšobotsi tsa hae [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.” (Baroma 1:20) Joalokaha Pauluse a bontšitse, ’Mōpi o siile bopaki ba hore o teng linthong tseo a li bōpileng. A re ke re hlahlobisise mantsoe a Pauluse.

Pauluse o bontša hore litšobotsi tsa Molimo li ka bonoa “ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele.” Tabeng ena, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatše” ha le bolele polanete. Empa le bolela batho. * Kahoo Pauluse o bolela hore ho tloha ha batho ba ne ba bōptjoa, ba ne ba ka bona litšobotsi tsa ’Mōpi linthong tseo a li entseng.

Re bona bopaki ba seo hohle moo re shebang teng. Ha boa pateha, bo “bonoa ka ho hlaka.” Ho qala ka lintho tse khōlō ho isa ho tse nyenyane, pōpo ha e bontše feela hore ho na le ’Mōpi empa e boetse e bontša kamoo a nang le litšobotsi tse babatsehang kateng. Na tsela e bohlale eo lintho tsa tlhaho li bōpiloeng ka eona ha e re bontše ka ho hlaka hore Molimo o bohlale? Ak’u bone kamoo leholimo le tletseng linaleli le bontšang matla a hae a maholo kateng! Ka sebele, Molimo o bontšitse lerato la hae ho batho ka ho ba fa lijo tsa mefuta-futa tse lutlisang mathe le botle bo hlollang ba ho chaba le ho likela ha letsatsi.Pesaleme ea 104:24; Esaia 40:26.

Bopaki boo bo hlakile hakae? Bo hlakile hoo le batho ba sa bo boneng ba bile ba sa batle ho lumela ho Molimo “ba se nang boikemelo.” Mongoli e mong o ile a hlalosa seo ka tsela ena: Nahana ka mokhanni ea hlokomolohang letšoao le reng “Kheloha—Thinyetsa ka ho le Letšehali.” Lepolesa lea mo emisa ’me le mo fa tekete. Mokhanni o leka ho ikemela ka ho re ha aa bona letšoao leo. Empa lebaka la mokhanni ha le utloahale kaha letšoao le hlakile ebile mahlo a hae a bona hantle. Ntle le moo, ke boikarabelo ba mokhanni hore a shebe matšoao le hore a a latele. Ho joalo le ka bopaki ba hore Molimo o teng ha re sheba pōpo. “Letšoao” leo le hlakile. Kaha re bōpiloe re e-na le kelello, re khona ho le bona. Re ke ke ra iphapanyetsa lona.

’Mōpi o siile bopaki ba hore o teng linthong tseo a li bōpileng

Ke ’nete hore pōpo e re ruta ho hongata ka ’Mōpi, empa Bibele e re ruta ho hongata le ho feta ka eena. Ha re e bala re ka fumana karabo ea potso ena ea bohlokoa: Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše le baahi ba lona? Ho fumana karabo ea potso eo ho ka u thusa hore u atamele haufi le Molimo eo ‘litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoang ka ho hlaka’ hohle lefatšeng.

Litemana Tsa Bibele Tseo U ka li Balang ka August

Baroma 1-16

^ ser. 5 Bibele e boetse e bua ka “lefatše” e le le nang le molato oa sebe le le hlokang mopholosi, ho hlakile hore lentsoe leo le bolela batho eseng polanete.Johanne 1:29; 4:42; 12:47.