Fetela boitsebisong

Na le Koekoetla Bao e Neng e le Litho Tsa Bolumeli ba Lōna?

Na le Koekoetla Bao e Neng e le Litho Tsa Bolumeli ba Lōna?

Bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova tse kolobelitsoeng empa ba se ba sa bolele, mohlomong ba se ba bile ba sa kopanele le balumeli-’moho le bona, ha re ba khese. Ha e le hantle, re ea ho bona ’me re leka ho ba tsosolosa moeeng.

Ha re khaole motho hobane feela a entse sebe se tebileng. Empa haeba Paki e kolobelitsoeng e tloaetse ho tlōla molao o itseng oa Bibele oa boitšoaro ’me e sa bake, re tla e koekoetla kapa e tla khaoloa. Bibele e re ka hlaka: “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.”—1 Bakorinthe 5:13.

Ho etsahala’ng haeba monna a khaoloa empa mosali le bana bona e ntse e le Lipaki Tsa Jehova? Ha a sa kopanela litabeng tsa borapeli le ba lelapa, empa kamano ea bona eona ha e fetohe. Ba tsoela pele e le monna le mosali, baa sebelisana le ho bontšana lerato ka lapeng.

Batho ba khaotsoeng ba ka tla libokeng tsa rōna tsa bolumeli. Haeba ba rata, ba ka boetse ba fuoa keletso ea Mangolo ke baholo ba phutheho. Sepheo ke ho thusa motho ka mong hore a boele a tšoanelehe ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Batho ba khaotsoeng ba furallang boitšoaro bo fosahetseng ’me ba bontša ka tieo hore ba batla ho phela ka melao ea Bibele baa amoheloa ka mofuthu hore e boele e be litho tsa phutheho.