Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA

O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’

O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’

NOE le ba lelapa la hae ba ile ba khobokana hammoho ha liphororo tsa pula li ntse li tšoloha. Ak’u nahane feela ba khantšitse lebone la oli le ntse le paitsa, ba tonne mahlo ha ba ntse ba mametse pula e ntse e tšoloha marulelong e otla le mahlakore a areka. E ka ’na eaba lerata leo le ne le ba tšosa.

E tlameha ebe Noe o ile a leboha haholo ha a sheba lelapa la hae le ratehang—e leng mosali oa hae ea tšepahalang le bara ba hae ba sebete hammoho le basali ba bona. Nakong eo e thata, e tlameha ebe o ile a tšeliseha ha a bona batho bao a neng a ba rata ka ho fetisisa ba e-na le eena. Kaofela ha bona ba ne ba sireletsehile. Ha ho pelaelo hore o ile a etella lelapa la hae pele ka thapelo ea ho leboha, a phahamisitse lentsoe e le hore ba mo utloe har’a lerata leo.

Noe o ne a e-na le tumelo e matla. Ke ka lebaka la tumelo ea hae, Molimo oa hae Jehova, a ileng a mo sireletsa hammoho le lelapa la hae. (Baheberu 11:7) Ha pula e na, na ho ne ho se ho sa hlokahale hore ba be le tumelo? Ho fapana le hoo, ba ne ba tla hloka tšobotsi eo ka potlako ha matsatsi a thata a ntse a atamela. Le rōna re hloka tumelo linakong tsena tse moferefere. Kahoo, a re ke re bone hore na re ka ithuta’ng tumelong ea Noe.

“MATSATSI A MASHOME A MANE LE MASIU A MASHOME A MANE”

Pula e ne e ntse e tšoloha “matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.” (Genese 7:4, 11, 12) Metsi a ile a ’na a phahama. Ha metsi a ntse a phahama, Noe o ne a bona hore Molimo oa hae, Jehova, o ne a ba sireletsa ha ka nako e tšoanang a felisa batho ba khopo.

Moroallo o ile oa felisa borabele bo ileng ba hlaha har’a mangeloi. Kaha a ne a susumelitsoe ke boithati ba Satane, mangeloi a mangata a ile a furalla “sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” leholimong, a nyala basali ’me basali bao ba ba le bana ba moloko o tsoakaneng o bitsoang Banefilime. (Juda 6; Genese 6:4) E tlameha ebe Satane o ne a thabile ha borabele boo bo ntse bo tsoela pele kaha bo ile ba senya batho le ho feta, e leng pōpo ea bohlokoa ka ho fetisisa linthong tseo Jehova a ileng a li bōpa.

Leha ho le joalo, ha metsi a moroallo a ntse a phahama, mangeloi a marabele a ile a tlameha ho lahla ’mele ea ’ona ea nama eaba a khutlela sebakeng sa moea ’me ha aa ka a khona ho iphetola batho ba nama. Mangeloi ao a ile a siea basali le bana ba bona eaba ba bolaoa ke moroallo hammoho le batho ba bang.

Ho tloha matsatsing a Enoke, lilemo tse ka bang makholo a supileng pejana, Jehova o ile a lemosa batho hore O tla felisa batho ba khopo ba se nang bomolimo. (Genese 5:24; Juda 14, 15) Ho tloha nakong eo batho ba ile ba e-ba babe le ho feta, ba senya lefatše ’me ba le tlatsa pefo. Joale moroallo o ile oa ba felisa. Na Noe le ba lelapa la hae ba ile ba thabela seo?

Che! Le Molimo oa bona ea mohau ha aa ka a thabela seo. (Ezekiele 33:11) Jehova o ne a entse sohle se matleng a hae ho pholosa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. O ile a laela Enoke hore a ba lemose ’me a laela Noe hore a hahe areka. Noe le ba lelapa la hae ba ile ba sehla ka lilemo tse mashome ba haha areka eo e khōlō, moo batho bao ba neng ba ntse ba bona. Holim’a moo Jehova o ile a laela Noe hore e be “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Joaloka Enoke ea phetseng pele ho eena, Noe o ile a lemosa batho ka kahlolo e tlelang lefatše. Ba ile ba etsa’ng? Jesu ea ileng a bona ketsahalo eo a le leholimong, ha a bua ka batho ba mehleng ea Noe, o ile a re: ‘Ha baa  ka ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.’Matheu 24:39.

U se u ka inahanela hore na ho ne ho le joang ho Noe le ba lelapa la hae matsatsing ao a 40 ka mor’a hore Jehova a koale monyako oa areka. Ha pula ea litloebelele e ntse e tšoloha letsatsi le letsatsi, batho bana ba robeli ba ile ba tloaela ho phela ka har’a areka—ba hlokomelana, ba hlokomela lehae la bona le ho hlokomela liphoofolo moo li neng li koaletsoe teng. Ho ile ha fihla nako eo ka eona areka eo e khōlō e ileng ea tsukutleha le ho khofoleha. Areka e ile ea qala ho tsamaea! Ha metsi a ntse phahama, areka le eona e ile ea ’na ea phahama ho fihlela e “phaphamala ka holim’a lefatše.” (Genese 7:17) Eo e bile pontšo e hlollang hakaakang ea matla a Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova!

E tlameha ebe Noe o ile a leboha—eseng feela hore eena le ba lelapa la hae ba ne ba sireletsehile, empa hape hobane Jehova o ba bontšitse mohau ka hore a ba sebelise hore ba lemose batho ba ileng ba bolaoa ke moroallo. Ho ka ’na ha bonahala eka mosebetsi o boima oo ba ileng ba o etsa o ne o se na thuso ka nako eo. Batho ba ne ba sa mamele ho hang! Ak’u nahane feela—e ka ’na eaba pele ho Moroallo Noe o ne a e-na le baena, likhaitseli le bana ba banab’abo; leha ho le joalo, ke ba lelapa la hae feela ba ileng ba mo mamela. (Genese 5:30) Joale, ha batho bao ba robeli ba le ka arekeng moo ho sireletsehileng, e tlameha ebe ba ile ba tšeliseha ha ba nahana ka nako eo ba ileng ba e qeta ba fa batho monyetla oa hore ba pholohe.

Jehova ha a e-s’o fetohe haesale mehleng ea Noe. (Malakia 3:16) Jesu Kreste o ile a bolela hore linako tsa rōna hona joale li tšoana hantle le “matsatsi a Noe.” (Matheu 24:37) Mehla ea rōna ke e ikhethang, ke nako ea matšoenyeho a maholo e tlang ho fela haufinyane ha ho felisoa tsamaiso ea lintho ea lefatše e senyehileng. Ka tsela e tšoanang, le ka kajeno batho ba Molimo ba fana ka molaetsa o lemosang ho batho ba batlang ho mamela. Na u tla mamela molaetsa oo? Haeba u se u amohetse ’nete ea molaetsa oo o pholosang, na u tla thusa tabeng ea ho o bolella batho ba bang? Noe le ba lelapa la hae ba re behetse mohlala.

‘BA PHOLOSOA METSING’

Ha areka e ntse e akhotseha holim’a leoatle le ntseng le phahama, ha ho pelaelo hore ba ka hare ho eona ba ne ba utloa molumo oa matlere le ho tloatloaretsa ha mapolanka a maholohali. Na Noe o ne a  tšoenyehile ka hore maqhubu a phahameng a ntseng a akhotsa areka a tla e soahlamanya? Che. Ba belaellang lintho kajeno ba ka ’na ba tšoenngoa ke seo, empa Noe eena o ne a sa belaele. Bibele e re: “Ka tumelo Noe . . . o ile a . . . haha areka.” (Baheberu 11:7) Tumelo ho eng? Jehova o ile a hlaba selekane, kapa a etsa tumellano e tiileng ea hore o tla pholosa Noe le bohle ba neng ba e-na le eena Moroallong. (Genese 6:18, 19) Na Ea bōpileng bokahohle, lefatše le tsohle tse ho lona o ne a ke ke a etsa hore areka eo e se ke ea senyeha? Ka sebele o ne a tla etsa joalo! Hase feela Noe a ileng a tšepa hore Jehova o tla boloka tšepiso ea Hae. Ka sebele, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba ‘pholosoa metsing.’1 Petrose 3:20.

Qetellong pula e ile ea emisa ka mor’a hore e ne ka matsatsi a 40 le masiu a 40. E ne e ka ba ka December ea selemo sa 2370 B.C.E., ho latela k’halendara ea rōna. Empa ho ne ho sa le hōle le hore lelapa le leke ho tsoa ka arekeng. Ho ne ho bonahala areka ena feela e tletseng batho le liphoofolo e phaphametse ka holim’a metsi a koahetseng lefatše lohle, e le ka holimo-limo ho litlhōrō tsa lithaba. (Genese 7:19, 20) Re se re ka inahanela Noe a hlophisa mosebetsi o boima e le hore eena le bara ba hae—Sema, Kama le Jafeta—ba fepe liphoofolo tsohle, ba li boloke li hloekile le ho bona hore li phetse hantle. Ho hlakile hore Molimo ea ileng a thapisa liphoofolo tseo tse hlaha e le hore li kene ka arekeng ke eena ea ileng a etsa hore li lule li le boemong boo nakong eohle ea Moroallo. *

Ho hlakile hore Noe o ile a boloka ka hloko tlaleho ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsahala. Tlaleho eo e re bolella hore na pula e qalile neng le hore na e emisitse neng. E boetse e re bolella hore metsi a ile a koahela lefatše ka matsatsi a 150. Qetellong, metsi a ile a qala ho kokobela. Ka letsatsi le leng ho ile ha etsahala ntho ea bohlokoa, areka e ile ea re khekhenene! holim’a ‘lithaba tsa Ararate,’ tse leng naheng ea Turkey ea kajeno. E ka ’na eaba seo se etsahetse ka April selemong sa 2369 B.C.E. Litlhōrō tsa lithaba li ile tsa qala ho bonahala ka June ka mor’a matsatsi a 73. Likhoeli tse tharo hamorao, ka September, Noe o ile a etsa qeto ea ho tlosa a mang a marulelo a areka. Ho hlakile hore mosebetsi oo o boima o ile oa putsoa ha ho ne ho e-ba le khanya le moea o hloekileng. Pejana, Noe o ile a qala ho hloela ka ntle ho bona hore na ho bolokehile hore batho ba ka lula. O ile a romela lekhoaba ’me la khutla eaba le tsamaea nakoana, mohlomong le ne le ntse le e-ea le khutla le lula holim’a areka; ka mor’a moo Noe a romela leeba ’me la ’na la khutlela ho eena ho fihlela le fumana moo le tla itulela teng.Genese 7:24–8:13.

Ha ho pelaelo hore le linakong tseo tse thata, Noe o ile a etella pele lelapa la hae borapeling

Ha ho pelaelo hore Noe o ne a amehile haholo ka kamano ea lelapa la hae le Molimo. Re se re ka inahanela lelapa la Noe le bokana kamehla e le hore le rapele hammoho le ho bua ka Ntate oa lona ea leholimong ea ba sirelelitseng. Noe o ile a itšetleha ka Jehova qetong e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa eo a neng a lokela ho e etsa. Esita leha Noe a hlokomela hore qetellong lefatše le ne le “omile”—ka mor’a nako e fetang selemo ba le ka arekeng—ha aa ka a bula monyako e le hore ba tsoe ka arekeng. (Genese 8:14) O ile a letela taelo e tsoang ho Jehova!

Lihlooho tsa malapa kajeno li ka ithuta thuto ea bohlokoa mohlaleng oa monna eo ea tšepahalang. O ne a hlophisehile, a sebetsa ka thata, a e-na le mamello abile a sireletsa bohle bao a neng a ba hlokomela. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa eo a neng a amehile ka eona e ne e le ho etsa thato ea Jehova Molimo. Haeba re bontša tumelo joaloka Noe, Molimo o tla hlohonolofatsa batho bohle bao re ba ratang.

“TSOA KA AREKENG”

Qetellong, Jehova o ile a fana ka taelo. O ile a re ho Noe: “Tsoa ka arekeng, uena hammoho le mosali oa hao le bara ba hao le basali ba bara ba hao.” Lelapa le ile la mamela ’me la tsoa eaba liphoofolo tsohle lia latela. Joang? Na li ile tsa tsoa li subuhlellane li hatana holimo? Che! Tlaleho eo e re “li ile tsa tsoa ka arekeng ho ea ka mefuta ea tsona.” (Genese 8:15-19) Ha Noe le ba lelapa la hae ba se ba tsoetse ka ntle ho areka, ba hema moea o hloekileng oa lithabeng ba bile ba bohile lihlaba tsa Ararate, ba ne ba bona lefatše le hloekileng. Ho ne ho se ho se na Banefilime, ho se na pefo, ho se na mangeloi a marabele le batho bohle ba khopo! * Moloko oa batho o ne o e-na le monyetla oa hore o qale lintho bocha.

 Noe o ne a tseba seo a lokelang ho se etsa. O ile a qala ho etsa tšebeletso ea borapeli. O ile a haha aletare ’me a sebelisa tse ling tsa liphoofolo tseo Molimo a neng a li talima e le tse hloekileng—tseo ba ileng ba li kenya ka ‘bosupa’ ka arekeng—eaba o etsetsa Jehova mahlabelo a secheso. (Genese 7:2; 8:20) Na Jehova o ile a thabisoa ke seo?

Bibele e arabela ka mantsoe ana a khothatsang: “Jehova a qala ho fofonela monko o khathollang.” Bohloko boo Molimo a ileng a bo utloa ha batho ba ne ba tlatsitse lefatše ka pefo, bo ile ba nkeloa sebaka ke boikutlo bo khathollang, bo thabisang ba ho bona lelapa la barapeli ba tšepahalang lefatšeng ba neng ba ikemiselitse ho etsa thato ea hae. Jehova o ne a sa lebella hore ba phethahale. Temana eo e tsoela pele ka ho re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Hlokomela kamoo Jehova a ileng a boela a bontša kutloelo-bohloko le mamello ho batho kateng.

Molimo o ile a tlosa thohako e neng e le holim’a lefatše. Morao koana ha Adama le Eva ba ne ba fetohela Molimo, O ile a phatlalatsa thohako eo, e leng se ileng sa etsa hore ho be thata ka tsela e sa tloaelehang ho lema. Ntate oa Noe, Lameke, o ile a reha mora oa hae Noe, eo e ka ’nang eaba e bolela “Phomolo” kapa “Matšeliso” ’me a bolela esale pele hore mora oa hae o ne a tla tlisetsa batho phomolo thohakong eo. E tlameha ebe Noe o ile a thaba ha a hlokomela hore o ne a tla bona boprofeta boo bo phethahala le hore ho ne ho tla ba bonolo ho lema mobu. Ha ho makatse hore ebe Noe e ile ea e-ba sehoai.Genese 3:17, 18; 5:28, 29; 9:20.

Noe le ba lelapa la hae ba ile ba tsoa ka arekeng ’me ba bona lefatše le hloekileng

Ka nako e tšoanang, Jehova o ile a fa litloholo tsohle tsa Noe melao e hlakileng le e bonolo e le hore e ba tataise bophelong—ho akarelletsa le molao o thibelang ho bolaea le ho sebelisa mali hampe. Hape Molimo o ile a theha selekane le batho, a tšepisa hore a ke ke a hlola a felisa lefatše ka moroallo. Ho tiisa hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae, Jehova o ile a bontša batho ka lekhetlo la pele ntho e hlollang ea tlhaho—e leng mookoli. Ho fihlela le le holimo lena, nako le nako ha re bona mookoli rea tšeliseha ha re hopola tšepiso ea Jehova.Genese 9:1-17.

Haeba pale ea Noe e ne e le tšōmo, e tlameha ebe e ile ea fela ka mookoli oo. Empa Noe ke motho ea kileng a phela ’me bophelo ba hae bo ne bo se bonolo. Kaha mehleng eo batho ba ne ba phela nako e telele, monna enoa ea tšepahalang o ile a tlameha ho mamella lilemo tse ling tse 350 ’me lilemo tseo li ile tsa mo tlisetsa masisa-pelo. O ile a etsa phoso e khōlō ha ka lekhetlo le leng a noa ho fihlela a tahoa, empa phoso eo e ile ea mpefala ha setloholo sa hae Kanana se etsa sebe se tebileng le ho feta—e leng sebe se ileng sa tlisetsa lelapa la Kanana mathata. Nako eo Noe a e phetseng e ne e le telele ka ho lekaneng hoo a ileng a bona ha litloholo tsa hae li etsa libe tse kang ho ba mabifi le ho rapela litšoantšo mehleng ea Nimrode. Empa ka lehlakoreng le leng, Noe o ile a bona mor’a hae Sema a behela lelapa la hae mohlala o motle oa tumelo.Genese 9:21-28; 10:8-11; 11:1-11.

Joaloka Noe, re lokela ho mamella ho sa tsotellehe mathata. Ha batho ba bang ba hlokomoloha Molimo oa ’nete kapa hona ho khaotsa ho mo sebeletsa, rōna re lokela ho mamella joaloka Noe. Jehova o nka batho ba mamellang ka botšepehi joalo e le ba bohlokoa. Joalokaha Jesu Kreste a ile a bolela, “ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”Matheu 24:13.

^ ser. 17 Batho ba bang ba nahana hore Molimo o ile a boloka liphoofolo tseo li tšerehane li sa khone ho etsa letho, e leng se neng se etsa hore takatso ea tsona ea lijo e fokotsehe. Ebang o ne a entse seo kapa che, ntle ho pelaelo o ile a boloka tšepiso ea hae ’me a etsa bonnete ba hore liphoofolo tsohle le batho ba neng ba le arekeng baa sireletseha le ho pholoha.

^ ser. 22 Ntho e ’ngoe e neng e se e le sieo ka ho feletseng ke Serapa sa Edene, seo e ka ’nang eaba se ile sa hoholoa ke metsi a moroallo. Haeba ho joalo, likerubime tse neng li lebetse tsela e eang serapeng li ile tsa lokoloha ho khutlela leholimong; qetellong mosebetsi oo li ileng tsa o etsa ka lilemo tse 1600 o ile oa fela.Genese 3:22-24.