Lengolo le Eang ho Baroma 1:1-32

  • Litumeliso (1-7)

  • Pauluse o batla ho ea Roma (8-15)

  • Ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo (16, 17)

  • Batho ba sa lokang ha ba na mabaka a ho ikemela (18-32)

    • Makhabane a Molimo a bonoa linthong tseo a li bopileng (20)

1  Lengolo lena le tsoa ho ’na Pauluse, lekhoba la Jesu Kreste. Ke bitselitsoe ho ba moapostola ebile ke khethetsoe ho bolela litaba tse monate tsa Molimo.+  Molimo o ile a phatlalatsa litaba tsena esale pele ka Mangolong a halalelang a sebelisa baprofeta ba hae.  Ke litaba tse mabapi le Mora oa hae eo e neng e le setloholo sa Davida.+  Ho ile ha hlaka hore ke Mor’a Molimo+ ha Molimo a sebelisa matla a moea o halalelang ho mo tsosa bafung.+ Enoa ke eena Jesu Kreste Morena oa rona.  Ke ka lebaka la hae Molimo a ileng a ba mosa* ho rona, ka ba ka khethoa hore ke be moapostola+ e le hore ke thuse batho ba lichaba tsohle ho mamela,+ ho ba le tumelo le ho hlompha lebitso la hae.  Le lona le tsoa lichabeng tseo Molimo a li bitsitseng hore li latele Jesu Kreste.  Ke ngolla lona bohle ba ratoang ke Molimo ba leng Roma, ba khethetsoeng ho ba bahalaleli: E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa ho lona le ho le fa khotso.  Pele ho tsohle, ke leboha Molimo oa ka ka lebitso la Jesu Kreste ka lebaka la lona kaofela hobane batho lefatšeng lohle ba bua ka tumelo ea lona.  Etsoe Molimo eo ke mo sebeletsang ka pelo eohle* ka ho phatlalatsa litaba tse monate ka Mora oa hae, a ka mpakela hore kamehla ke bua ka lona lithapelong tsa ka.+ 10  Ke rapella hore haeba ho khoneha ebile e le thato ea Molimo, ke qetelle ke tlile ho lona. 11  Ke labalabela ho le bona e le hore ke le fe mpho e tsoang ho Molimo hore le tle le matlafale 12  kapa e le hore ’na le lona re ka khothatsana+ ka tumelo ea rona. 13  Bana beso, ke batla hore le tsebe hore ke ile ka rera ho tla ho lona ka makhetlo a mangata empa ka ’na ka hloleha ho tla ho fihlela hona joale. Ke ne ke batla ho tla bona litholoana tse ntle tsa mosebetsi oo re o entseng moo joalokaha ho bile le litholoana le lichabeng tse ling. 14  Ke kolota Bagerike le batho bao e seng Bagerike,* batho ba rutehileng le ba sa rutehang. 15  Kahoo, ke labalabela ho le bolella litaba tse monate moo Roma.+ 16  Ha ke soabele ho phatlalatsa litaba tse monate tsa Molimo.+ Litaba tsena ke bopaki ba matla a Molimo ’me a ka pholosa bohle ba nang le tumelo.+ O qala ka Bajuda pele+ ebe o fetela ho Bagerike.+ 17  Molimo o tsebahatsa litsela tsa hae tse lokileng ho batho ba nang le tumelo ’me ho etsa joalo ho matlafatsa tumelo ea bona+ feela joalokaha Mangolo a re: “Ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo.”+ 18  Molimo o ntse a senola khalefo ea hae+ a le leholimong, o halefisitsoe ke lintho tsohle tse sa lokang tseo batho ba li etsang. Batho bao ba thibela ’nete+ hore e se ke ea tsebahala. 19  Ba tlameha hore ebe ba tseba Molimo hobane o se a ntse a ba bontšitse lintho tse ngata ka eena.+ 20  Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.+ Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Molimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela. 21  Le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa kapa ba mo leboha empa ba ile ba nahana lintho tse se nang thuso, le likelello* tsa bona tsa hloka kutloisiso.+ 22  Le hoja ba ne ba re ba bohlale, e ne e le lithoto. 23  Ho e-na le hore ba rorise Molimo ea sa shoeng, ba khetha ho rorisa litšoantšo tsa batho, linonyana, lihahabi le liphoofolo tse maoto a mane.+ 24  Ka hona, Molimo oa ba tlohela hore ba phethe litakatso tse litšila tsa lipelo tsa bona ’me ba etse lintho tse soabisang ka ’mele ea bona. 25  Ba khethile ho lumela leshano ho e-na le ho lumela ’nete e tsoang ho Molimo. Ba rorisa le ho sebeletsa* lintho tseo Molimo a li bopileng ho e-na le ho rorisa ’Mopi oa tsona. O lokela ho rorisoa ka ho sa feleng. Amen. 26  Kahoo, Molimo o ba tlohetse hore ba laoloe ke litakatso tsa bona tse soabisang tsa thobalano.+ Basali ba tlohetse ho etsa thobalano ka tsela ea tlhaho ’me ba sebelisa ’mele ea bona ka tsela eo e seng ea tlhaho.+ 27  Banna le bona ba se ba tlohetse ho robala le basali ’me ba lakatsana ka bobona, banna ba etsa lintho tse nyonyehang le banna ba bang+ ’me ba fumana kotlo* e feletseng bakeng sa liphoso tsa bona.+ 28  Kaha ba nkile ho se bohlokoa ho tseba Molimo,* o ba tlohetse hore ba nahane ka lintho tse se nang thuso le hore ba etse lintho tseo ba sa lokelang ho li etsa.+ 29  Ha baa loka ho hang,+ ba khopo, ba meharo,+ ba mona,+ ke babolai,+ ba rata ntoa, ba leshano,+ ba rata ho utloisa batho bohloko+ ebile ba rata ho seba batho ba bang. 30  Ba bua batho ba bang hampe,+ ba hloile Molimo, ke banyefoli, baa ikhohomosa, ba rata ho ithorisa, ba rera lintho tse mpe* ebile ha ba mamele batsoali.+ 31  Ba lihlooho li thata,+ ha ba tšepahalle litumellano, ha ba rate batho ba bang ebile ha ba na mohau. 32  Ba tseba hantle hore Molao oa Molimo o re ba tloaetseng ho etsa lintho tseo ba tšoaneloa ke lefu+ empa ba tsoela pele ho li etsa ebile ba lumellana le batho ba li etsang.

Linaletsana

Ka Segerike: “ka moea oa ka.”
Kapa: “balichaba.” Ka Segerike: “Babarebare.”
Ka Segerike: “lipelo.”
Kapa: “rapela.”
Kapa: “moputso.”
Kapa: “ha baa ka ba batla ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo.”
Kapa: “ba qapa lintho tse mpe.”