Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 16

U ka Etsa’ng ha u E-na le Mathata?

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a tlohela ea lokileng hore a oe.”

Pesaleme ea 55:22

“Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa empa e mong le e mong ea lepotlapotla o tla futsaneha.”

Liproverbia 21:5

“U se ke oa tšoha kaha ke na le uena. U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.”

Esaia 41:10

“Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela?”

Matheu 6:27

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”

Matheu 6:34

“Le khone ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.”

Bafilipi 1:10

“Le se ke la tšoenyeha ka letho. Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla. Ha le etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa, a sebelisa Kreste Jesu.”

Bafilipi 4:6, 7