Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

Jehova “ha a Leeme”

Jehova “ha a Leeme”

Na u kile ua khetholloa? Na kōpo ea hao e kile ea qheleloa thōko, ua haneloa ka tšebeletso e itseng, kapa ua tšoaroa hampe ka lebaka la lebala, morabe kapa boemo ba hao sechabeng? Haeba ho joalo, ha u mong. Litaba tse monate ke hore: Le hoja ho khetholloa ka litsela tsena ho atile lefatšeng, khethollo ha e eo leholimong. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a bua ka kholiseho eohle ha a re, “Molimo ha a leeme.”Bala Liketso 10:34, 35.

Petrose o ile a bua mantsoe ao a le sebakeng se sa tloaelehang—lehaeng la Molichaba ea bitsoang Korneliase. Petrose e ne e le Mojuda, ’me a phela nakong eo Bajuda ba neng ba nka hore Balichaba ha baa hloeka, kahoo ha baa lokela ho ba le tšebelisano ea mofuta leha e le ofe le bona. Empa ke hobane’ng ha Petrose a ne a le ha Korneliase? Ke hobane Jehova Molimo o ne a hlophisitse hore ba kopane. Petrose o ne a bontšitsoe pono e tsoang ho Molimo ’me a boleletsoe hore: “U khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.” Petrose o ne a sa tsebe hore letsatsi pele ho moo, Korneliase le eena o ne a ile a bontšoa pono, ’me lengeloi le mo laetse hore a bitse Petrose. (Liketso 10:1-15) Ha Petrose a hlokomela hore ke Jehova ea tsamaisang taba ena, o ile a ikutloa a tlameha ho bua.

Petrose o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:34) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “leeme,” ha e le hantle le bolela “ho ea ka tšobotsi.” (The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures) Ha se bua ka lentsoe lena, setsebi seng se re: “Le hlalosa moahloli ea shebang motho mahlong ebe o liha kahlolo, eseng ho latela bopaki bo fanoeng, empa hobane a rata motho eo kapa a sa mo rate.” Molimo ha a khetholle batho ka morabe, bochaba, boemo ba motho sechabeng, kapa ntho leha e le efe eo motho a nang le eona.

Ho e-na le hoo, Jehova o bona se ka pelong. (1 Samuele 16:7; Liproverbia 21:2) Petrose o ile a boela a re: “Sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:35) Ho tšaba Molimo ho bolela ho mo hlompha, ho mo tšepa le ho qoba ntho leha e le efe e sa mo khahliseng. Ho sebetsa ho loka ho akarelletsa ho ithaopela ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. Jehova o khahlisoa ke motho eo pelo ea hae e tletseng tšabo e nang le tlhompho ’me e mo susumelletsa ho etsa se nepahetseng.—Deuteronoma 10:12, 13.

Ha Jehova a talima lefatšeng, o bona mofuta o le mong feela oa batho

Haeba u kile ua khetholloa kapa ua tšoaroa ka leeme, u na le lebaka le utloahalang la ho khothatsoa ke seo Petrose a se buileng ka Molimo. Jehova o hula batho ba lichaba tsohle ho ba tlisa borapeling ba ’nete. (Johanne 6:44; Liketso 17:26, 27) O mamela le ho arabela lithapelo tsa barapeli ba hae ho sa tsotellehe morabe, bochaba, kapa maemo a bona sechabeng. (1 Marena 8:41-43) Re ka kholiseha hore ha Jehova a talima lefatšeng, o bona mofuta o le mong feela oa batho. Na ha u susumelletsehe ho ithuta haholoanyane ka Molimo eo ea se nang leeme?

Litemana Tsa Bibele Tseo u ka li Balang ka June

Johanne 17-21Liketso 1-10