Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEO BIBELE E SE RUTANG

Ho Tšoenyeha

Ho Tšoenyeha

Ho tšoenyeha ho habeli, ho ka ba molemo ha ba ha e-ba kotsi. Bibele e re thusa ho utloisisa sena.

Na ho tšoenyeha ke ntho e tloaelehileng?

SEO E LENG ’NETE

Ha motho a tšoenyehile oa tsitsipana, oa tšoha hape oa khathatseha. Kaha re phela lefatšeng le sa tsitsang, le rōna re ka tšoenyeha ka lintho tse itseng.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Morena Davida o ile a re: “Ke tla beha khanyetso moeeng oa ka halelele hakae, mesarelo ka pelong ea ka motšehare?” (Pesaleme ea 13:2) Ke eng e ileng ea thusa Davida hore a se ke a tšoenyeha? O ile rapela Molimo, a mo bolella mathata a hae ’me a kholiseha hore kaha Molimo o lerato o ne a tla mo thusa. (Pesaleme ea 13:5; 62:8) Ha e le hantle, Molimo o re bolella hore re lahlele matšoenyeho ’ohle ho eena. 1 Petrose 5:7 e re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena [Molimo], hobane oa le tsotella’.

Re ka bontša hore re tšoenyehile ka ba bang ka tsela e molemo haeba re ba thusa

Hangata, ho na le lintho tseo re ka li etsang ho fokotsa ho tšoenyeha. Ho etsa mohlala, ha Moapostola Pauluse a ne a ‘tšoenyeha ka liphutheho tsohle,’ o ile a sebetsa ka thata ho tšelisa le ho khothatsa Bakreste bao a neng a tšoenyehile ka bona. (2 Bakorinthe 11:28) Rea hlokomela hore ho tšoenyeha ha Pauluse ho bile molemo hobane ho ile ha mo susumelletsa hore a thuse batho ba bang. Ka hona, le rōna re lokela ho tšoenyeha ka Bakreste-’moho le rōna hobane haeba re sa etse joalo seo se tla bontša hore ha re ba rate.—Liproverbia 17:17.

“Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”Bafilipi 2:4.

U ka etsa’ng haeba u lula u tšoenyehile?

SEO E LENG ’NETE

Batho ba bang ba tšoenngoa ke liphoso tseo ba li entseng nakong e fetileng, hore na bokamoso bo ba tšoaretse’ng le ka litaba tsa lichelete. *

SEO BIBELE E SE RUTANG

Ho tšoenngoa ke liphoso tsa nakong e fetileng: Batho ba bang ba mehleng ea Pauluse e ne e le matahoa, bahanyapetsi, bafebi ebile e le masholu pele e e-ba Bakreste. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ho e-na le hore ba amehe ka liphoso tseo ba li entseng, ba ile ba fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona ’me ba kholiseha hore kaha Molimo o mohau o ne a tla ba tšoarela. Pesaleme ea 130:4 e re: “Ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena, e le hore u ka tšajoa.”

Ho tšoenyeha ka bokamoso: Jesu Kreste o ile a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” (Matheu 6:25, 34) Jesu o ne a bolela’ng? Sebetsana le mathata a letsatsi ka leng. U se ke ua ithatafalletsa lintho ka ho nahana ka mathata a letsatsi le hlahlamang hobane sena se tla etsa hore u se ke ua bona lintho hantle ’me qetellong u etse liqeto tse fosahetseng. Hape, hopola hore ka linako tse ling u ka senya nako u tšoenyehile ka lintho tse ke keng tsa etsahala kapa tse sa tl’o u ama.

Ho tšoenyeha ka chelete: Solomone o ile a re ho Molimo: “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo.” (Liproverbia 30:8) Ho e-na le hoo, o ne a khotsofalla seo a nang le sona ’me seo se ne se thabisa Molimo. Baheberu 13:5 e re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe [Molimo]o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’” Ho fapana le chelete e ke keng ea u thusa ha u e-na le mathata, ha ho mohla Molimo a lahlang batho ba mo tšepang le ba khotsofallang lintho tseo ba nang le tsona.

“Ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.”Pesaleme ea 37:25.

Na ho na le mohla re tla ke re phele re sa tšoenyehe?

SEO BATHO BA SE BUANG

Moqolotsi e mong oa litaba ea bitsoang Harriet Green o ile a re: “Matsatsing ana batho ba tšoenyehile le ho feta.” Ka 2014, Patrick O’Connor e leng moqolotsi oa litaba Amerika o ile a re: “Matsatsing ana Maamerika a tšoenyehile ho feta le ha e le neng pele.”

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” (Liproverbia 12:25) “Lentsoe le molemo” leo ho buuoang ka lona lengolong lena le ka fumanoa ‘litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.’ (Matheu 24:14) Haufinyane, ’Muso oa Molimo o tla etsa seo batho ba hlōlehang ho se etsa e leng ho felisa ho tšoenyeha. ’Muso oo o tla felisa lintho tse etsang hore batho ba tšoenyehe tse kang ho kula le lefu. “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a [rōna], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

“E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna.”Baroma 15:13.

^ ser. 10 Ho ka ba molemo hore batho ba kulisoang ke ho tšoenyeha ba ee ngakeng. Tsoha! ha e khothalletse mofuta o itseng oa phekolo.