Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

U ka Thusa Ngoana oa Hao Joang ha a Kena Lilemong Tsa Bocha?

U ka Thusa Ngoana oa Hao Joang ha a Kena Lilemong Tsa Bocha?

BOTHATA

Ngoana oa hao e ne e le lesea empa hona joale o se a hōlile. E ka ’na eaba o lipakeng tsa lilemo tse 9 le 13. Ha a ntse a hōla, ho ba le liphetoho tse khōlo tse etsahalang ’meleng oa hae ’me lia mo ferekanya.

U ka mo thusa joang hore a se ke a ferekana ha liphetoho tsee li ntse li etsahala?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Nako ea ho kena lilemong tsa bocha ha e tšoane. Bana ba bang ba kena ha ba le lilemo li robeli, ha ba bang bona ba kena ha ba le lipakeng tsa lilemo tse 15 le 17. Buka e ’ngoe e ile ea re: “Ho na le nako eo ngoana e mong le e mong a kenang lilemong tsa bocha ka eona.”

Liphetoho tse etsahalang ’meleng oa ngoana li ka etsa hore a se ke a itšepa. Bacha ba bangata ba qala ho ameha ka hore na ba shebahala joang. Mocha e mong ea bitsoang Jared * o re: “Ke ne ke lula ke tšoenyehile ka hore na ke shebahala joang le hore na ke etsa lintho joang. Ha ke e-na le batho ba bang, ke ne ke ipotsa hore na ba nahana hore ke shebahala joang.” Ha mocha a hlaha makhopho, a ka qetella a sa itšepe le ho feta. Ngoanana e mong o ile a re: “Ke ne ke lula ke tsoa makhopho a mangata sefahlehong. Ke hopola ke lla hobane ke ne ke bona eka ke mobe.”

Bana ba kenang lilemong tsa bocha pele ho ba bang ba hlaheloa ke mathata a itseng. Ha banana ba hlaha matsoele le li-curve ba ka ’na ba hlaheloa ke mathata a itseng. Buka e ’ngoe e re: “Banana bana ba kotsing ea ho khahla bashanyana ba seng ba hōlile ba kileng ba etsa thobalano.”

Ho kena lilemong tsa bocha ha ho bolele hore motho o hōlile. Liproverbia 22:15 e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” Ho kena lilemong tsa bocha ha ho fetole seo. Buka e ’ngoe e buang ka bacha e re le hoja mocha a ka bonahala a hōlile, seo “ha se bolele hore o tla etsa liqeto tse nepahetseng bophelong ba hae, o tla itšoara hantle, kapa hore o tla etsa lintho ka tsela e bontšang hore o hōlile.”

SEO U KA SE ETSANG

Bua le ngoana oa hao ka liphetoho tse tla etsahala ’meleng oa hae e sa le pele. Bolella ngoana oa hao hore o tla ea matsatsing (banana) le hore o tla tsoa peō ea botona bosiu (bashanyana) pele seo se etsahala. Kaha liphetoho tsena li etsahala ka tšohanyetso, ngoana a ka tšoha ’me a ferekana. Kahoo, ha u ntse u bua le eena, mo bontše hore liphetoho tse etsahalang ’meleng oa hae li bontša feela hore oa hōla ’me e e-ba motho e moholo.—Molao-motheo oa Bibele: Pesaleme ea 139:14.

Mo hlalosetse lintho hantle. Mocha e mong ea bitsoang John o re: “Nakong eo batsoali ba ka ba neng ba bua le ’na ka ho kena bohlankaneng, ha baa ka ba mpolella lintho kaofela. Ekare ba ka be ba ile ba toba taba.” Mocha ea lilemo li 17 ea bitsoang Alana o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “’Mè oa ka o ile a nthusa hore ke utloisise se etsahalang ’meleng oa ka. Ke lakatsa e ka a ka be a ile a etsa se tšoanang le tseleng eo ke ikutloang ka eona.” Re ithutang mehlaleng ea bacha baa? Le hoja ho ka ba thata ho bua le ngoana oa hao, mo hlalosetse ntho e ’ngoe le ’ngoe e tla etsahala ’meleng oa hae ha a kena lilemong tsa bocha.—Molao-motheo oa Bibele: Liketso 20:20.

Mo botse lipotso tse tla mo nolofalletsa ho ntša maikutlo. Ha u bua le ngoana ka se etsahalletseng batho ba bang ha ba kena lilemong tsa bocha, seo se tla etsa hore a se ke a tšaba ho bua le uena ka taba eo. Ho etsa mohlala, u ka botsa morali oa hao lipotso tse kang, “Na bana bao u kenang sekolo le bona ba ee ba bue ka ho ea matsatsing?” “Na bana bao u kenang sekolo le bona ba tšeha banana bao ho etsahalang liphetoho tse itseng ’meleng oa bona?” U ka ’na ua botsa mora oa hao potso e kang, “Na bana bao o kenang sekolo le bona ba soma bao liphetoho tse itseng li e-s’o kang li etsahala ho bona?” Ha bacha ba bua ka hore na ho kena lilemong tsa bocha ho amme batho ba bang joang, seo se ka ba nolofalletsa ho bua ka hore na bona ba ikutloa joang ha seo se ba etsahalla. Ha ba etsa sena, ba mamela keletso ea Bibele e reng: ‘Lieha ho bua, ’me u liehe ho halefa.’—Jakobo 1:19.

Thusa mocha hore a be le “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:21) Ho kena lilemong tsa bocha ha ho ame feela tsela eo mocha a shebahalang le ho ikutloa ka eona. E boetse ke nako eo ka eona mocha a ithutang ho beha mabaka e leng ntho e tla mo thusa hore a etsa liqeto tse nepahetseng ha a se a hōlile. Sebelisa nako ena ho thusa ngoana oa hao hore a be le mekhoa e metle.—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 5:14.

U se ke ua nyahama. Bacha ba bangata ha ba rate ho bua le batsoali ba bona ka liphetoho tse etsahalang ’meleng ea bona. Empa Buka e ’ngoe e ile ea re: “Hangata bacha bao ho bonahalang eka ha ba batle ho bua, ba borehile, baa nyonya kapa ha ba utloe seo u se buang, ke bona bao ha e le hantle ba hopolang lintho tseo le neng le bua ka tsona.”

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.