Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Blue-and-yellow macaw. Bolelele: lisenthimithara tse 85

Lipapakhaie Tse Hlollang

Lipapakhaie Tse Hlollang

MEBALA e khahlang mahlo e hlaha morung, ha sehlopha sa lipapakhaie tse ntle se qala ho fofa! Pono ena e hlollang e ile ea khahla bahahlauli ba Europe ba ileng ba etela morung ona o Amerika Boroa qalong ea lilemo tsa bo-1401 ho ea ho tsa bo-1500. Ba ile ba bona lipapakhaie tsena tse ntle tse nang le mehatla e me lelele tse fumanehang likarolong tse chesang tsa Amerika. Ho e-s’o ee kae, ke ha litšoantšo tse ntle tsa lipapakhaie tsena li se li sebelisoa limmapeng e le letšoao la sebaka sena se khahlang.

Ntho e ikhethang ka lipapakhaie tsena ke hore tse tona le tse tšehali li na le ’mala o tšoanang ’me sena ha sea tloaeleha har’a linonyana tsa mofuta ona. Linonyana tsena li tloaetse ho etsa lerata le hlabang ka litsebeng empa li bohlale ’me li phelisana hantle le tse ling. Li fofa ka lihlopha tsa tse ka bang 30 ’me li tsoa e sa le hoseng ho batla lijo morung. Hangata lipapakhaie tsena li sebelisa linala tsa tsona ho nka lijo le ho li kenya ka hanong. Li boetse li khona ho petsola likhetla tsa makotomane tse thata! Ka mor’a ho fepa malinyane a tsona, hangata li atisa ho ea lilomong kapa mabōpong a linōka ho ja seretse. Sena se li thusa ho ntša lintho tse kotsi lijong tseo li li jeleng le ho li fa metsoako ea lik’hemik’hale e hlokahalang hore li phele.

“[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.” —Moeklesia 3:11

Lipapakhaie tsena li sebetsa hammoho ho hōlisa malinyane a tsona ’me li ratana ho fihlela li e-shoa. Mefuta e fapa-fapaneng ea linonyana tsena e lula mekoting ea lifate, mabōpong a linōka kapa liolong tsa bohloa. Linonyana tse tona le tse tšehali li tloaetse ho hloekisana ha li ntse li lutse ’moho. Le hoja malinyana a tsona a hōla ka ho feletseng ka mor’a likhoeli tse tharo, a tsoela pele ho lula le batsoali ba ’ona ho fihlela ho fetile lilemo tse tharo. Linonyana tse lulang naheng li ka phela lilemo tse 30 ho isa ho tse 40 empa haeba li koalletsoe li ka phela lilemo tse fetang 60. Hona le mefuta e ka bang 18 ea linonyana tsena, ’me e meng ea eona ke e latelang.

Green-winged macaw, eo hape e bitsoang papakhaie e ’mala o mofubelu le o motala. Bolelele: lisenthimithara tse 95

Scarlet macaw. Bolelele: lisenthimithara tse 85

Hyacinth macaw. Bolelele: hoo e ka bang lisenthimithara tse 100. Ke eona e khōlo ka ho fetisisa ’me e boima ba lik’hilograma tse 1.3