Liproverbia 12:1-28

  • Ea hloileng ho khalemeloa ha a na kelello (1)

  • “Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka sabole” (18)

  • Ho bopa khotso ho etsa hore motho a thabe (20)

  • Jehova o nyonya batho ba leshano (22)

  • Matšoenyeho a tetebetsa pelo (25)

12  Ea ratang taeo o rata tsebo+Empa ea hloileng ho khalemeloa ha a na kelello.*+   Jehova o rata motho ea lokilengEmpa o nyatsa motho ea nang le merero e mebe.+   Motho a ke ke a itšireletsa ka ho ba khopo+Empa ba lokileng ba tla tšoana le sefate se ke keng sa fotholoa.   Mosali oa sebele ke korone ho monna oa hae+Empa mosali ea liketso li tlotlollang o joaloka lefu le bolisang masapo ho monna oa hae.+   Menahano ea ba lokileng e na le tokaEmpa keletso ea ba khopo ea thetsa.   Mantsoe a ba khopo a joaloka sera se laletseng ho bolaea*+Empa mantsoe a ba lokileng aa lopolla.+   Ha ba khopo ba lihuoa ba ke ke ba hlola ba e-ba tengEmpa ntlo ea ba lokileng e tla ’ne e eme.+   Motho o rorisoa ka lebaka la mantsoe a hae a bohlale+Empa ea pelo e mpe a ke ke a hlomphuoa.+   Ho molemo ho khelloa fatše empa u e-na le mosebeletsiHo e-na le ho ithorisa empa u bolaoa ke tlala.*+ 10  Ea lokileng o hlokomela liphoofolo tsa hae.+ Ea khopo eena o nahana hore o mohau empa ha e le hantle o sehloho. 11  Ea lemang masimo a hae o tla fumana lijo tse ngata+Empa ea phehellang lintho tse se nang thuso ha a na kelello.* 12  Ea khopo o khalla phofu ea ba bang ba khopoEmpa ba lokileng ba joaloka lifate tse metso e tebileng ’me ba beha litholoana. 13  Motho ea khopo o tšoasoa ke lipuo tsa hae tse mpe+Empa ea lokileng o pholoha mahlomoleng. 14  Motho o atlehisoa ke lipuo tsa hae tse ntle*+’Me mesebetsi ea matsoho a hae e tla mo putsa. 15  Leoatla le nahana hore le etsa lintho ka tsela e nepahetseng+Empa ea bohlale o mamela keletso.*+ 16  Leoatla le potlakela ho bontša hore le halefile+Empa ea bohlale o iphapanyetsa litlhapa. 17  Paki e tšepahalang e bua ’neteEmpa paki ea bohata e bua leshano. 18  Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka saboleEmpa lipuo tsa* ba bohlale lia folisa.+ 19  Melomo e buang ’nete e tla mamella ka ho sa feleng+Empa leleme le buang leshano le ke ke la tšoarella.+ 20  Thetso e ka lipelong tsa ba rerang bobeEmpa ba bopang* khotso ba na le thabo.+ 21  Ba lokileng ba ke ke ba hlaheloa ke letho le kotsi+Empa bophelo ba batho ba khopo bo tla tlala mathata.+ 22  Jehova o nyonya batho ba leshano+Empa o thabisoa ke ba tšepahalang. 23  Motho ea bohlale ha a bolelise tsebo ea haeEmpa leoatla le phatlalatsa bothoto ba lona.+ 24  Ba khothetseng ba tla busa+Empa ba botsoa e tla ba makhoba.+ 25  Matšoenyeho a tetebetsa pelo ea motho+Empa lentsoe le nepahetseng lea e hlabolla.+ 26  Ea lokileng o batlana le makhulo a mo loketsengEmpa tsela ea ba khopo ea ba lahla. 27  Motho ea botsoa a ke ke a tšoasa phofu+Empa ho khothala ke leruo la motho la bohlokoa. 28  Tsela ea ho loka e lebisa bophelong.+Ea tsamaeang tseleng eo a ke ke a shoa.

Linaletsana

Kapa: “ha a inahane.”
Ka Seheberu: “se laletseng mali.”
Ka Seheberu: “u se na bohobe.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haelloang.”
Kapa: “litholoana tsa molomo oa hae.”
Kapa: “khalemelo.”
Kapa: “maleme a.”
Ka Seheberu: “ba rerang.”