Liproverbia 7:1-27

  • Mamela litaelo tsa Molimo ’me u phele (1-5)

  • Mohlankana ea se nang tsebo o hoheloa ke mosali (6-27)

    • “Joaloka poho e tl’o hlajoa” (22)

7  Mora oa ka, mamela mantsoe a ka’Me u ipolokele litaelo tsa ka joaloka letlotlo.+   Mamela litaelo tsa ka ’me u phele,+Sireletsa molao oa ka joaloka thaka ea leihlo la hao.   Li tlame menoaneng ea hao,U li ngole pelong ea hao.+   E-re ho bohlale: “U ausi oa ka”’Me u re ho kutloisiso: “U mong ka ’na.”   Li tla u lebela khahlanong le mosali oa letekatse,*+Khahlanong le mosali ea boitšoaro bo bobe* le mantsoe a hae a monate.*+   Ke ile ka hlahela ka fensetere ea ntlo ea kaEaba ke sheba tlase.   Eitse ha ke ntse ke sheba ba se nang tsebo,*Har’a bacha ka bona mohlankana ea se nang kelello.*+   O ile a feta pel’a seterata sa mosali eoEaba o nka tsela e eang ntlong ea hae.   E ne e le mantsiboea, ka shoalane,+Bosiu bo se bo tšoara, ho le lefifi. 10  Eaba ke bona mosali a mo khahlanyetsa,A apere joaloka* letekatse,+ a e-na le morero oa bolotsana.* 11  Ke sebueng ebile o manganga.+Ha ho mohla a leng ha hae.* 12  O ka ntle, neng-neng o literateng,O lalla batho pel’a k’hona e ’ngoe le e ’ngoe.+ 13  A tšoara mohlankana ’me a mo suna. A sa soabe, a re ho eena: 14  “Ke ne ke lokela ho etsa mahlabelo a khotso.*+ Kajeno ke phethile likano tsa ka. 15  Ke kahoo ke tlileng ho u khahlanyetsa. Ke u batlile ’me ke u fumane. 16  Ke alile masela a line a matle holim’a bethe ea ka,Line ea Egepeta e mebala-bala.+ 17  Ke fafalitse bethe ea ka ka mira, makhala le sinamone.+ 18  Tloo, re ikhotsofatse ka lerato ho fihlela hoseng,A re taeane ka lerato. 19  Monna oa ka ha a eo lapeng,O etetse hole. 20  O tsamaile ka mokotla oa chelete’Me o tla khutla mohla khoeli e tolokileng.” 21  O khelosa mohlankana eo ka ho mo phehella.+ O mo eka ka lipuo tse monate. 22  Hang-hang mohlankana eo o mo sala morao joaloka poho e tl’o hlajoa,Joaloka leoatla le tlanngoeng hore le tl’o fuoa kotlo.+ 23  Qetellong motsu o tla phunya sebete sa hae. O tšoana le nonyana e potlakelang sefing, ha a tsebe hore o tla shoa.+ 24  Joale bara ba ka, ’mameleng,Mamelang ka hloko mantsoe ao ke a buang. 25  Le se ke la lumella lipelo tsa lona ho khelohela litseleng tsa mosali eo. Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.+ 26  O entse hore ba bangata ba shoe+’Me o bolaile ba bangata.+ 27  Ntlo ea hae e lebisa Lebitleng,*E theohela nģalong ea bafu.

Linaletsana

Ka Seheberu: “osele.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Kapa: “a ekang.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “a le pelo e mano.”
Kapa: “Ea apereng seaparo sa.”
Ka Seheberu: “Maoto a hae ha a lule ka tlung ea hae.”
Kapa: “a kopanetsoeng.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.