Liproverbia 18:1-24

  • Ea ikarolang ho ba bang o icheba boeena ebile ha a bohlale (1)

  • Lebitso la Jehova ke tora e matla (10)

  • Maruo aa sireletsa ho ea ka monahano oa motho (11)

  • Ke bohlale ho mamela mahlakore ’ohle a taba (17)

  • Motsoalle o tšepahala haholo ho feta ngoan’abo motho (24)

18  Ea ikarolang ho batho ba bang o shebile feela ho khotsofatsa litakatso tsa hae. O hanyetsa* bohlale bohle.   Motho ea se nang kelello ha a batle ho utloisisa letho. A ka mpa a senola se ka pelong ea hae.+   Ha motho a le khopo, o tla telloa. Hape ha motho a etsa lintho tse soabisang, o tla tlotlolleha.+   Mantsoe a motho a joaloka boliba.+ Seliba sa bohlale se joaloka metsi a phallang.   Ha se ntho e ntle ho ba leeme* ho ea khopo+Kapa ho hlokela ea lokileng toka.+   Lipuo tsa ea hlokang kelello li baka likhang+’Me ka lipuo tsa hae o ipitsetsa thupa.+   Motho ea se nang kelello o timetsoa ke lipuo tsa hae+’Me lipolelo tsa hae ke leraba bakeng sa hae.*   Mantsoe a ea ratang ho senya ba bang lebitso a tšoana le lijo tse monate.*+ A theohela hamonate ho ea fihla ka mpeng.+   Mang kapa mang ea botsoa mosebetsing oa haeKe ngoan’abo lesholu.*+ 10  Lebitso la Jehova ke tora e matla.+ Ea lokileng o balehela ho lona ’me oa sireletsoa.*+ 11  Maruo a morui ke motse oa hae o matla. Monahanong oa hae, a joaloka lerako le sireletsang.+ 12  Motho ea pelo e ikhohomosang o tla oa+Empa ea ikokobelitseng o tla rorisoa.+ 13  Mang kapa mang ea arabang taba pele a utloa lintlha kaofelaKe sethoto ebile oa itlotlolla.+ 14  Motho ea nang le thabo ka pelong ea hae* a ka mamella ha a kula+Empa ke mang ea ka mamellang pelo e sithabetseng?*+ 15  Motho ea nang le kutloisiso o fumana tsebo,+Ba bohlale baa mamela e le hore ba fumane tsebo. 16  Mpho ea motho e tla mo bulela tsela,+E tla mo atametsa ho batho ba bohlokoa. 17  Oa pele oa ho teka taba ea hae o bonahala a nepile+Ho fihlela e mong a tla ’me a mo hloma lipotso.*+ 18  Ho lahla lotho ho khaola khang+Ebile ho felisa qabang lipakeng tsa* lira tse matla. 19  Ho kokobetsa bohale ba motsoalle ea utloisitsoeng bohloko, ho thata ho feta ho hapa motse o matla.+Likhang li arola batho joaloka litšepe tsa likeiti tsa motse o matla.+ 20  Lipuo tsa motho li tšoana le lijo tse mo khorisang.+ O tla khora litholoana tsa lipuo tsa hae. 21  Lefu le bophelo li matleng a leleme,+Ba ratang ho bua ba tla ja litholoana tsa lona.+ 22  Motho ea fumanang mosali oa sebele o fumane letlotlo la bohlokoa+’Me motho eo o ratoa* ke Jehova.+ 23  Mofutsana o kopa mohau ho moruiEmpa morui o mo araba ka bohale. 24  Ho na le metsoalle e ratang ho utloisana bohloko+Empa ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.+

Linaletsana

Kapa: “nyatsa.”
Kapa: “ho ba le khethollo.”
Kapa: “bophelo ba hae.”
Kapa: “lintho tse tla jeoa ka meharo.”
Kapa: “sesenyi.”
Ka Seheberu: “phahamisoa.”
Kapa: “Motho ea matla.”
Kapa: “ho nyahama.”
Kapa: “hlahlobisisa.”
Ka Seheberu: “e namola.”
Kapa: “hauheloa.”