Lipesaleme 130:1-8

  • “Ke u hoeletsa ke tšoenyehile haholo”

    • “Haeba u ne u sheba liphoso” (3)

    • Jehova o tšoarela e le kannete (4)

    • “Ke emetse Jehova” (6)

Pina ea ho Nyolohela Motseng. 130  Jehova, ke u hoeletsa ke tšoenyehile haholo.+   Nkutloe hle Jehova. E se eka u ka ’mamelisisa ha ke kopa thuso.   Jah,* haeba u ne u sheba* liphoso,Jehova, ke mang eo u neng u tla mo fumana a se na molato?+   U tšoarela e le kannete+E le hore batho ba u hlomphe.+   Ke tšepa Jehova. Ke mo tšepa ka pelo eohle ea ka. Ke emetse hore litšepiso tsa hae li phethahale.   Ke emetse Jehova,+Ho feta balebeli ba emetseng hore e be hoseng.+   E se eka Baiseraele ba ka lula ba emetse JehovaHobane Jehova o na le lerato*+Ebile o na le matla a maholo a ho lopolla.   O tla lopolla Baiseraele liphosong tsohle tsa bona.

Linaletsana

“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “bala.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.