Lipesaleme 89:1-52

  • Ho bina ka lerato la Jehova

    • Selekane le Davida (3)

    • Litloholo tsa Davida li tla lula li le teng ka ho sa feleng (4)

    • Motlotsuoa oa Molimo o bitsa Molimo “Ntate” (26)

    • Selekane sa Davida se tiisitsoe (34-37)

    • Motho a ke ke a khona ho qoba lefu (48)

Maskile.* Pesaleme ea Ethane+ oa Moezra. 89  Ke tla bina ka ho sa feleng ka litsela tseo Jehova a bontšang lerato ka tsona. Ka molomo oa ka, ke tla tsebisa meloko eohle botšepehi ba hao.   Ke itse: “Lerato* la hao le tla lula le le teng ka ho sa feleng+Ebile u entse hore botšepehi ba hao bo lule bo le teng maholimong.”   “Ke entse selekane le mokhethoa oa ka.+ Ke ikanne ho Davida mohlanka oa ka ka re:+   ‘Ke tla etsa hore litloholo* tsa hao+ li lule li le teng ka ho sa feleng,Ke be ke etse hore puso* ea hao e be teng melokong eohle.’”+ (Selah)   Jehova, maholimo a rorisa liketso tsa hao tse hlollang,A rorisa botšepehi ba hao phuthehong ea bahalaleli.   Ke mang maholimong ea ka bapisoang le Jehova?+ Ke mang ea tšoanang le Jehova har’a bara ba Molimo?+   Molimo oa hlomphuoa phuthehong ea bahalaleli.+ O moholo ebile o hlomphuoa ho feta bohle ba mo potolohileng.+   Jehova Molimo oa mabotho,Ke mang ea matla joaloka uena Jah?+ Botšepehi ba hao bo u pota-potile.+   U busa holim’a leoatle le halefileng.+ Ha maqhubu a lona a phahama, oa a khutsisa.+ 10  U silakantse Rahaba+ joaloka motho ea bolailoeng.+ U hasantse lira tsa hao ka letsoho la hao le matla.+ 11  Maholimo ke a hao le lefatše ke la hao.+ U thehile lefatše le lintho tse tletseng ho lona.+ 12  U entse hore ho be le leboea le boroa. Tabore+ le Hermone+ li rorisa lebitso la hao li thabile. 13  Letsoho la hao le matla.+ Seatla sa hao se matla.+ Letsoho la hao le letona le phahame.+ 14  Kamehla u busa ka toka le ho loka.+ U bontša lerato* le botšepehi ka linako tsohle.+ 15  Ho thaba batho ba u rorisang ba thabile.+ Ba tsamaea le uena* Jehova ’me oa ba hauhela. 16  Ba lula ba thabile letsatsi lohle ka lebaka la lebitso la haoEbile baa phahamisoa ka lebaka la toka ea hao. 17  U etsa hore batho ba hao ba be le matla le seriti,+Matla a rona aa eketseha* hobane oa re hlohonolofatsa.+ 18  Jehova o re file thebe ea rona,Mohalaleli oa Iseraele o re file morena oa rona.+ 19  Ka nako eo, u ile oa bua le batho ba hao ba tšepahalang ponong oa re: “Ke thusitse ea matla.+ Ke phahamisitse ea khethiloeng har’a batho.+ 20  Ke fumane mohlanka oa ka Davida.+ Ke mo tlotsitse ka oli ea ka e halalelang.+ 21  Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,+Ke mo matlafatse. 22  Ha ho na sera se tla mo qobella hore a ntše lekhetho*Ebile ha ho na motho ea sa lokang ea tla mo hatella.+ 23  Ke tla silakanya lira tsa hae ka pel’a hae+Ke otle le ba mo hloileng.+ 24  Ke tla mo tšepahalla ke be ke mo rate,+Matla a hae a tla eketseha* ka lebaka la lebitso la ka. 25  Ke tla beha letsoho* la hae holim’a leoatle,Ke behe letsoho la hae le letona holim’a linoka.+ 26  O tla mpitsa a re: ‘U Ntate oa ka,Molimo oa ka le Lefika le mpholosang.’+ 27  Ke tla mo etsa letsibolo,+E be ea phahameng ka ho fetisisa ho marena a lefatše.+ 28  Ke tla mo rata ka ho sa feleng,+Selekane sa ka le eena se ke ke sa fela.+ 29  Ke tla etsa hore litloholo* tsa hae li lule li le teng ka ho sa felengLe ’muso oa hae o lule o le teng joaloka maholimo.+ 30  Haeba bara ba hae ba sa mamele molao oa kaEbile ba sa latele litaelo* tsa ka, 31  Ha ba sa mamele melao ea kaBa bile ba sa boloke litaelo tsa ka, 32  Ke tla ba shapa ka thupa hobane ba sa mamele,*+Ke ba shape ka phafa ka lebaka la liphoso tsa bona. 33  Empa ke tla lula ke mo rata+Ebile ke tla etsa seo ke mo tšepisitseng sona. 34  Nke ke ka koenehela selekane sa ka+Kapa ka fetola seo ke se buileng ka molomo oa ka.+ 35  Kaha kea halalela, ke ikanne hanngoe feela. Nke ke ka bolella Davida leshano.+ 36  Litloholo* tsa hae li tla ba teng ka ho sa feleng.+ ’Muso oa hae o tla lula o le teng joaloka letsatsi ka pel’a ka.+ 37  O tla lula o le teng ka ho sa felengFeela joalokaha khoeli e lula e le teng* maholimong.” (Selah) 38  Empa uena u lahlile motlotsuoa oa hao ebile u mo furaletse,+U mo halefetse haholo. 39  U fetohetse selekane seo u neng u se entse le mohlanka oa hao. U silafalitse korone ea hae ka ho e lahlela fatše. 40  U lihile marako ’ohle a hae a hahiloeng ka majoe. U sentse libaka tsa hae tse sirelelitsoeng ka thata. 41  Bohle ba fetang ka tsela ba mo nketse thepa. Baahisani ba hae baa mo nyefola.+ 42  U entse hore lira tsa hae li hlole.*+ Oa thabisa lira tsohle tsa hae. 43  Oa etsa le hore sabole ea hae e se ke ea mo tsoela molemoEbile ha oa ka oa mo thusa ntoeng. 44  U entse hore a se ke a hlola a hlomphehaLe hore a se ke a hlola a busa. 45  Oa etsa hore a tsofale kapeleLe hore a hlajoe ke lihlong. (Selah) 46  Jehova, u tla iphapanyetsa rona ho fihlela neng? Na e tla ba ka ho sa feleng?+ Na bohale ba hao bo tla lula bo tuka joaloka mollo? 47  Hopola kamoo bophelo ba ka bo leng bokhutšoanyane kateng.+ Na u bopile batho bohle ntle ho lebaka? 48  Na ho na le motho ea phelang ea ke keng a shoa?+ Na a ka lopolla bophelo ba hae hore a se ke a shoa?* (Selah) 49  Jehova, le hokae lerato leo u ileng oa le bontša nakong e fetileng,Leo u ileng oa ikana ka lona ho Davida hobane u tšepahala?+ 50  Jehova, hopola kamoo bahlanka ba hao ba nyefotsoeng kateng,Kamoo ke mameletseng ho nyefoloa ke lichaba tsohle kateng, 51  Kamoo lira tsa hao li nyefotseng motlotsuoa oa hao kateng, Jehova,Le kamoo ba mo rohakileng kateng hohle moo a eang. 52  Jehova a ke a rorisoe ka ho sa feleng. Amen le Amen.+

Linaletsana

Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “terone.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “leseling la sefahleho sa hao.”
Ka Seheberu: “Lenaka la rona le phahame.”
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “Lenaka la hae le tla phahama.”
Kapa: “bolaoli.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “likahlolo.”
Kapa: “ba mphetohetse.”
Ka Seheberu: “Peo.”
Ka Seheberu: “e le paki e tšepahalang.”
Ka Seheberu: “U phahamisitse letsoho le letona la lira tsa hae.”
Kapa: “a ka lopolla bophelo ba hae matleng a Lebitla kapa Sheole.” Sheba Tlhaloso.