Lipesaleme 49:1-20

  • Litla-morao tsa ho tšepa maruo

    • Ha ho na motho ea ka lopollang e mong (7, 8)

    • Molimo o lopolla Lebitleng (15)

    • Maruo ha a lopolle motho lefung (16, 17)

Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina. 49  Utloang lona lichaba tsohle. Mamelang ka hloko, lona baahi bohle ba lefatše,   Ba baholo le ba banyenyane,Ba ruileng le ba futsanehileng.   Molomo oa ka o tla bua mantsoe a bohlale,Lintho tseo ke nahanisisang ka tsona ka pelong ea ka+ li tla bontša hore ke na le kutloisiso.   Ke tla mamelisisa maele,Ke hlalose selotho sa ka ka harepa.   Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoha ha ke e-na le mathata,+Ha ke pota-potiloe ke ba khopo ’me ba batla ho ’ntša kotsi?   Ba tšepileng maruo a bona+Le ba ithorisang ka maruo a bona a mangata,+   Ha ho le ea mong oa bona ea ka lopollang ngoan’aboKapa a fa Molimo tefo ea topollo bakeng sa hae,+   (Tefo ea topollo ea bophelo ba bona e phahame haholo,Ba ke ke ba khona ho e fihlela le ka mohla)   E le hore a phele ka ho sa feleng ’me a se ke a ea lebitleng.*+ 10  Oa bona hore le ba bohlale baa shoa. Ba se nang kelello le ba sa nahaneng ba felisoa hammoho,+Ba siea maruo a bona le ba bang.+ 11  Ba lakatsa eka matlo a bona a ka lula a le teng ka ho sa feleng,Le litente tsa bona li be teng melokong eohle. Ba reheletse libaka tsa bona ka mabitso a bona. 12  Leha motho a ka hlompheha, a ke ke a lula a le teng.+ O tšoana le liphoofolo tse shoang.+ 13  Ena ke tsela ea ba se nang kelello+Le ea ba ba salang morao, ba thabelang mantsoe a bona a se nang thuso. (Selah) 14  Ba ahloletsoe Lebitla* joaloka linku tse e’o hlajoa. Lefu le tla ba lisa. Hoseng ba lokileng ba tla ba laola.+ Ba ke ke ba hlola ba fumanoa.+ Lebitla*+ e tla ba lehae la bona ho e-na le ntlo ea borena.+ 15  Molimo o tla ntopolla Lebitleng,*+O tla ntšoara, a ntšireletse. (Selah) 16  U se ke oa tšoha ha motho e e-ba morui,Ha ntlo ea hae e ntse e ba ntle haholo 17  Hobane ha a shoa a ke ke a nka letho.+ A ke ke a tsamaea le leruo la hae.+ 18  Ha a ntse a phela oa ithorisa.+ (Batho baa u rorisa ha u atleha.)+ 19  Qetellong o latela moloko oa baholo-holo ba hae. Ha ba sa tla hlola ba bona leseli. 20  Motho ea sa utloisiseng sena le hoja a hlomphuoa,+O tšoana le liphoofolo tse shoang.

Linaletsana

Kapa: “sekoting.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “matleng a Lebitla; Sheole.” Sheba Tlhaloso.