Lipesaleme 149:1-9

  • Pina e rorisang Molimo hobane a hlotse

    • Molimo o rata batho ba hae (4)

    • Tlotla e tšoanela ba tšepahallang Molimo (9)

149  Rorisang Jah!* Binelang Jehova pina e ncha.+ Mo roriseng phuthehong ea ba tšepahalang.+   Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi oa bona e Moholo.+ Bara ba Sione ba ke ba thabe ka lebaka la Morena oa bona.   Ba ke ba rorise lebitso la hae ka ho tantša,+Ba mo binele lithoriso ka moropa o monyenyane le ka harepa.+   Jehova o rata batho ba hae.+ O tlotla ba bonolo ka ho ba pholosa.+   Ba tšepahalang ba ke ba thabe ka lebaka la khanya eo a ba fang eona. Ba ke ba hoeletse ba thabile libetheng tsa bona.+   Ba binele Molimo lithoriso ka melomo ea bona,Ba tšoare sabole e sehang ka mahlakore a mabeli,   Eo ba tla iphetetsa ka eona ho lichabaLe ho khalemela lichaba ka eona   Hore ba tlame marena a tsonaLe bahlomphehi ba tsona ka liketane   Le hore ba li ahlole joalokaha ho ngotsoe.+ Tlotla ena e tšoanela bohle ba mo tšepahallang. Rorisang Jah!*

Linaletsana

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.