Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Thabelang Linako Tsa Botsofali

Kamoo U ka Thabelang Linako Tsa Botsofali

U IKUTLOA joang ha u hopola hore ka le leng u tla tsofala? Batho ba bangata baa ngongoreha, baa tšoenyeha ebile baa tšoha. Ke hobane hangata ha motho a ntse a tsofala o ba le mathata a mangata, a kang hore litšobotsi lia senyeha, oa tetema, oa lebala ebile o khathatsoa ke mafu a sa foleng.

Leha ho le joalo, batho ba tsofala ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ha ba khathatsoe ke bokuli hakaalo. Khatelo-pele litabeng tsa bongaka e thusitse ba bang hore ba ikoke ha ba tšoeroe ke mafu a sa foleng. Ka lebaka leo, linaheng tse ling batho ba bangata ba phela haleletsana ba bile ba phela hantle.

Leha ho le joalo, ebang ba tšoeroe ke mafu a batho ba baholo kapa che, batho ba bangata ba lakatsa ho thabela linako tsa bona tsa botsofali. Seo se ka etsahala joang? Ho itšetleha ka maikutlo a bona, matla le ho ikemisetsa ho amohela boemo bona bo bocha. A re ke re hlahlobeng melao-motheo e ka thusang batho ba tsofetseng hore ba atlehe ho sebetsana le maemo ana.

INYENYEFATSE: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho ‘inyenyefatsa’ ho bolela hore motho ea tsofetseng oa lemoha hore ha a sa khona ho etsa lintho tseo a neng a li etsa pele. Charles oa Brazil ea lilemo li 93, o lumellana le seo ’me o re: “Haeba u phela nako e telele, u tlameha ho tsofala. U ke ke ua khutlela bocheng.”

Leha ho le joalo, ho inyenyefatsa ha ho bolele hore u be le maikutlo a fosahetseng a kang ho re: “Ke se ke tsofetse, ’me ha ke sa na thuso.” Maikutlo a joalo a ka u khathatsa matla. Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Ho e-na le hoo, motho ea inyenyefatsang o bohlale kaha o amohela boemo ba hae.

Corrado oa Italy ea lilemo li 77 o re: “Ha u tsofala, u lokela hore u se ke ua ikhahlapetsa.” Bonneteng, motho o lokela ho etsa liphetoho ha a tsofala. Ha Corrado le mosali oa hae ba etsa mosebetsi oa lapeng ha ba ikhahlapetse. Marian oa Brazil ea lilemo li 81, le eena oa lumela hore ha a sa khona ho etsa lintho tseo a neng a li etsa pele. O re: “Ke ithutile ho itekanya mesikaro. Ke sebetsa ke ntse ke khefutsa. Ke lula fatše kapa kea paqama ha ke bala kapa ke mametse ’mino. Ke ithutile ho amohela hore ha ke sa na matla.”

E-ba le teka-tekano

E-BA LE TEKA-TEKANO: “Basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9) Poleloana e reng “moaparo o hlophehileng hantle” e bolela ho apara ka tsela e itekanetseng le e hlomphehang. Barbara oa Canada ea lilemo li 74 o re: “Ke leka ho shebahala hantle ke be ke hloeke. Ha ke batle ho shebahala ke le sono le ho apara ka tsela e fetisang boikutlo ba hore ‘kaha ke tsofetse, ha ke tsotelle hore na ke shebahala joang.’” Fern oa Brazil ea lilemo li 91 o re: “Ke reka liaparo tse ncha hang ka mor’a nako e itseng e le hore ke hlasimolohe.” Re ka reng ka banna-baholo? Antônio oa Brazil ea lilemo li 73 o re: “Ke leka kahohle ho apara ka makhethe le ho apara liaparo tse hloekileng.” Ha a bua ka bohloeki ba ’mele o re: “Ke kuta litelu kamehla ha ke itlhatsoa.”

Ka lehlakoreng le leng, ke habohlokoa hore batho ba tsofetseng ba qobe ho ameha haholo ka hore na ba shebahala joang hoo qetellong ba sitoang ho bontša hore ba ‘hlaphohetsoe kelellong.’ Bok-im oa Korea Boroa ea lilemo li 69, o bontša ho ba le tekatekano tabeng ea moaparo. O re: “Ke hlokometse hore ha kea lokela ho apara tse ling tsa liaparo tseo ke neng ke li apara ha ke sa le mocha.”

E-ba le boikutlo bo nepahetseng

E-BA LE BOIKUTLO BO NEPAHETSENG: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.” (Liproverbia 15:15) Ha u tsofala, u ka ’na ua nyahama ha u hopola kamoo u neng u le mahlahahlaha kateng ha u sa le mocha. Hoa utloahala hore u ikutloe ka tsela eo. Leha ho le joalo, leka kahohle hore seo se se ke sa u nyahamisa. Ha u lula u nahana ka nako e fetileng u ka hloka thabo ’me ua nyahama hoo u sitoang ho etsa lintho tseo u sa ntseng u khona ho li etsa. Joseph oa Canada ea lilemo li 79, o bontša hore o na le boikutlo bo nepahetseng ha a re: “Ke leka ho etsa lintho tseo ke khonang ho li etsa ’me ha ke itšoenye ka tseo ke sa khoneng ho li etsa.”

Ho bala le ho ithuta le hona ho ka etsa hore u be le boikutlo bo nepahetseng ’me u amohele maikutlo a macha. Kahoo, ikitlaelletse ho bala le ho ithuta lintho tse ncha. Ernesto oa Philippines ea lilemo li 74 o ea laebraring ebe u batla libuka tse monate tseo a ka li balang. O re: “Ha ke bala ke ee ke utloe eka ke nka leeto.” Lennart oa Sweden ea lilemo li 75 o ile a ba a leka ho ithuta puo e ncha, e leng ntho e ka thatafallang batho ba bangata.

E-ba seatla se bulehileng

E-BA SEATLA SE BULEHILENG: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.” (Luka 6:38) Itloaetse ho sebelisa nako ea hao le maruo ho thusa batho ba bang. Sena se tla u thabisa kaha u tla ikutloa hore u finyeletse ho hong. Hosa oa Brazil ea lilemo li 85 o ikitlaelletsa ho thusa ba bang le hoja a se a tsofetse. O re: “Ke letsetsa metsoalle e kulang kapa e nyahameng ke be ke e ngolle mangolo. Ka linako tse ling ke e romella limpho tse nyenyane. Ke boetse ke rata ho phehela ba kulang lijo kapa ho ba etsetsa mafatše aa thothomela.”

Hopola hore matsoho aa hlatsoana. Jan oa Sweden ea lilemo li 66 o re: “Ha u bontša ba bang lerato, le bona ba tla u bontša lerato.” Ka sebele motho ea seatla se bulehileng oa rateha ’me ba bang ba thabela ho ba le eena.

E-BA BOTSOALLE: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Le hoja ka linako tse ling u ka batla ho ba mong, qoba ho itšehla thajana kapa ho ikhula ho ba bang. Innocent oa Nigeria ea lilemo li 72 o thabela ho qeta nako le metsoalle. O re: “Ke rata ho thabela botsoalle le batho ba lilemo tse sa tšoaneng.” Börje oa Sweden ea lilemo li 85 o re: Ke leka ka matla ho qeta nako ke e-na le bacha. Mahlahahlaha a bona a etsa hore ke ikutloe eka ke khutletse bocheng.” Ithaopele hore nako le nako u meme metsoalle. Han-sik oa Korea Boroa ea lilemo li 72 o re: “’Na le mosali oa ka re rata ho mema batho ba hōlileng le ba bacha ha re etsa ’moka kapa lijo tsa mantsiboea.”

E-ba botsoalle

Batho ba botsoalle ba rata ho buisana le ba bang. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore e be uena feela ea buang empa u lokela ho ba mamela. Ba bontše hore ua ba thahasella. Helena oa Mozambique ea lilemo li 71 o re: “Ke rata batho ’me kea ba hlompha. Ke ba mamela ka hloko e le hore ke tsebe seo ba se ratang le seo ba se nahanang.” José oa Brazil ea lilemo li 73 o re: “Batho ba thabela ho ba har’a batho ba ba mamelang ka hloko—ba ba nahanelang le ba ba ratang, ba ba babatsang ha ba entse hantle le ba soasoang.”

Leka hore kamehla ha u bua, mantsoe a hao e be a ‘mosa.’ (Bakolose 4:6) Nahanela batho ba bang ’me u ba khothatse.

E-BA EA LEBOHANG: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Ha ba bang ba re thusa re lokela ho bontša kananelo. Ho leboha ho tiisa maqhama a setsoalle. Marie-Paule oa Canada ea lilemo li 74 o re: “’Na le monna oa ka re sa tsoa fallela foleteng. Re ile ra thusoa ke metsoalle e mengata. Re sitiloe ho ba leboha ka ho lekaneng. Kahoo re ile ra ba romella likarete tsa teboho ’me ho tloha ka nako eo, re ’nile ra memela ba bang lijong.” Jae-won oa Korea Boroa ea lilemo li 76 o leboha ba mo palamisang likoloi tsa bona ho ea Holong ea ’Muso. O re: “Ke leboha ho menahane ka thuso ena, hoo ke etsang bonnete ba hore ke ba fa chelete ea peterole. Ka linako tse ling ke ba fa limpho tse nyenyane le likarete tsa teboho.”

Ho phaella moo, leboha hore ebe ua phela. Morena Solomone ea bohlale o itse: “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4) Ruri ha u e-na le maikutlo a nepahetseng ebile u ikemiselitse ho amohela maemo a hao, u tla thabela botsofali ba hao.

E-ba ea lebohang