Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Motsoali ea molemo ke ea joang?

Na u ruta bana ba hao ho rata Molimo?

Lelapa leo ho lona batsoali ba ratanang ba bileng ba hlomphanang ke sebaka se setle seo ngoana a ka hōlelang ho sona. (Bakolose 3:14, 19) Batsoali ba molemo ba rata bana ba bona ebile baa ba babatsa, feela joalokaha Jehova Molimo a ile a babatsa Mora oa hae.—Bala Matheu 3:17.

Ntate oa rōna ea leholimong oa mamela ha bahlanka ba hae ba bua le eena ’me o ela hloko maikutlo a bona. Batsoali ba lokela ho mo etsisa ’me ba mamele bana ba bona. (Jakobo 1:19) Ba lokela ho ela hloko maikutlo a bana ba bona, ho akarelletsa le a fosahetseng.—Bala Numere 11:11, 15.

U ka etsa joang hore bana ba hao e be batho ba nang le boikarabelo?

Batsoali ke bona ba nang le matla a ho beha melao. (Baefese 6:1) Ithuteng mohlaleng oa Molimo. O bontša bana ba hae hore oa ba rata ka hore a ba hlalosetse melao ea hae ka ho hlaka ’me a ba bolelle se tla etsahala haeba ba sa e mamele. (Genese 3:3) Leha ho le joalo, ha a ba qobelle hore ba e mamele, empa o ba ruta melemo ea ho e mamela. Bala Esaia 48:18, 19.

Ikemisetseng ho thusa bana ba lōna ho rata Molimo. Kaha ba tla etsa lintho tse nepahetseng leha le le sieo. Feela joalokaha Molimo a behela bana ba hae mohlala o motle, le lōna le rute bana ba lōna ho rata Molimo ka ho ba behela mohlala o motle.—Bala Deuteronoma 6:5-7; Baefese 4:32; 5:1.