Kosepele ea Luka 6:1-49

  • Jesu ke “Morena oa Sabatha” (1-5)

  • Monna ea omeletseng letsoho oa folisoa (6-11)

  • Baapostola ba 12 (12-16)

  • Jesu oa ruta le ho folisa (17-19)

  • Thabo le bomalimabe (20-26)

  • Le rate lira tsa lona (27-36)

  • Le khaotse ho ahlola (37-42)

  • Sefate se tsejoa ka litholoana tsa sona (43-45)

  • Ntlo e hahiloeng hantle le ntlo e se nang motheo o tiileng (46-49)

6  Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea har’a masimo a koro* ka sabatha, barutuoa ba hae ba kha koro,+ ba e hohla ka matsoho eaba baa e ja.+  Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa ntho eo le sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?”+  Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+  Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang* boo molao o sa lumelleng mang kapa mang ho bo ja haese baprista feela?”+  Eaba o re ho bona: “Mor’a motho ke Morena oa Sabatha.”+  Ka le leng hape ha e le sabatha+ a kena ka tlung ea thapelo* eaba o qala ho ruta. Ho ne ho e-na le monna ea omeletseng* letsoho le letona.+  Bangoli le Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla folisa monna eo ka Sabatha e le hore ba fumane lebaka la ho mo qosa.  Kaha o ne a tseba hore na ba nahana’ng,+ a re ho monna ea omeletseng* letsoho: “Phahama u eme bohareng mona.” A phahama a ema moo.  Jesu a re ho bona: “Mpolelleng, na molao o lumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaea?”+ 10  A ba ea ka mahlo kaofela eaba o re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa joalo eaba lea fola. 11  Ba halefa eaba baa buisana hore na ba ka etsa’ng ka Jesu. 12  Ka letsatsi le leng, Jesu a ea thabeng ho ea rapela Molimo,+ a qeta bosiu moo a ntse a rapela.+ 13  Eare ha e e-ba motšehare, a bitsa barutuoa ba hae eaba o khetha ba 12 o ba bitsa baapostola. Bona ke:+ 14  Simone eo a ileng a mo bitsa Petrose le Andrease ngoan’abo, Jakobo, Johanne, Filipi,+ Bartholome, 15  Matheu, Thomase,+ Jakobo mora oa Alfiase, Simone ea bitsoang “ea chesehang,” 16  Judase mora oa Jakobo le Judase Iskariota eo qetellong a ileng a mo rekisa.* 17  Eaba o theoha thabeng le bona ’me o ema sebakeng se motsitsa. Letšoele le leholo la barutuoa ba hae le ne le le teng hammoho le batho ba bangata ba tsoang hohle Judea, Jerusalema le sebakeng se lebopong la leoatle sa Tire le Sidone. Ba ne ba tletse ho tla mo mamela le ho folisoa. 18  Esita le ba khathatsoang ke bademona ba ne ba phekoloa. 19  Ha batho ba ne ba mo tšoara, matla a ne a tsoa ho eena+ ebe baa fola. Kahoo, batho kaofela ba ne ba batla ho mo tšoara. 20  Eaba o sheba barutuoa ba hae o re: “Ho thaba lona bafutsana hobane ’Muso oa Molimo ke oa lona.+ 21  Ho thaba lona ba lapileng hona joale hobane le tla khorisoa.+ Ho thaba lona ba llang hona joale hobane le tla tšeha.+ 22  Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea,+ ba le khetholla,+ ba le rohaka ba bile ba re le khopo ka lebaka la Mor’a motho. 23  Ka letsatsi leo le thabe, le tlola-tlole ke thabo hobane moputso oa lona o moholo maholimong kaha ke tsona lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa ho baprofeta.+ 24  Empa ho malimabe lona barui+ hobane le se le amohetse matšeliso a lona a feletse.+ 25  Ho malimabe lona ba khotšeng hobane le tla lapa. Ho malimabe lona ba tšehang hobane le tla utloa bohloko le lle.+ 26  Ho malimabe lona neng kapa neng ha batho ba le bua hantle+ hobane baholo-holo ba bona ba entse joalo ka baprofeta ba bohata. 27  Empa ’na ke re ho lona ba mametseng, le ’ne le rate lira tsa lona, ba le hloileng le ba etse hantle,+ 28  le kope Molimo hore a hlohonolofatse ba le lakaletsang bomalimabe hape le rapelle ba le rohakang.+ 29  Ea u otlang lerameng, u mo nehe le leng hape ’me ea u amohang seaparo sa hao u mo tlohele a nke le se seng.+ 30  Ha motho a u kopa ntho u mo fe,+ le ea nkang lintho tsa hao u se ke oa re a li khutlise. 31  Hape le etse batho lintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.+ 32  Thuso ke efe haeba le rata batho ba le ratang feela? Etsoe le baetsalibe ba etsa ntho e tšoanang.+ 33  Ho na le molemo ofe haeba le thusa ba le thusang feela? Etsoe le baetsalibe ba etsa ntho e tšoanang. 34  Hape ho na le thuso efe haeba le alima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsalibe ba alima baetsalibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35  Empa lona le ’ne le rate lira tsa lona, le etse lintho tse lokileng le be le alime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso oa lona o tla ba moholo ’me le tla ba bara ba Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+ 36  Tsoelang pele ho ba mohau feela joalokaha Ntate oa lona a le mohau.+ 37  Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.+ Hape le khaotse ho tšoaea ba bang liphoso e le hore le lona le se ke la tšoauoa liphoso. Le tšoarele* batho ba bang e le hore le lona le tšoareloe.*+ 38  Itloaetseng ho fana ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela tekanyo e kholo ka mamenong a liaparo tsa lona, ba e hatelle, ba e hlokohle e be e tšolohe. Batho ba tla le tšoara ka tsela eo le ba tšoarang ka eona.”* 39  A ba etsetsa papiso e ’ngoe hape a re: “Na batho ba babeli ba sa boneng ba ka tataisana? Haeba ba ka etsa joalo, ba tla oela ka sekoting ba le babeli.+ 40  Morutuoa ha aa phahamela mosuoe oa hae empa e mong le e mong ea rupetsoeng hantle o tla ba joaloka mosuoe oa hae. 41  Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno empa uena u sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 42  Ke joang u ka reng ho ngoan’eno: ‘Ngoan’eso, e-re ke ntše lehlokoana le ka leihlong la hao’ empa uena u sa bone lepolanka le ka leihlong la hao? Uena moikaketsi, ntša lepolanka le ka leihlong la hao pele, u tsebe ho bona hantle hore na u ka ntša lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno joang. 43  Sefate se setle se ke ke sa hlahisa litholoana tse bolileng, se bolileng se ke ke sa hlahisa litholoana tse ntle.+ 44  Kaha sefate se tsejoa ka litholoana tsa sona.+ Batho ha ba bokelle lifeie* kapa morara sehlahleng se meutloa. 45  Motho ea lokileng o bua lintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ea hae e ntle empa motho ea khopo o bua lintho tse mpe hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ea hae e mpe. Motho o bua lintho tse tletseng ka pelong ea hae.+ 46  Ke hobane’ng ha le mpitsa Morena empa le sa ’mamele?+ 47  Motho e mong le e mong ea tlang ho ’na, a utloa mantsoe a ka a bile a a phetha+ 48  o tšoana le monna eo e reng ha a haha ntlo a cheke ho ea tlase ebe o e haha holim’a letlapa. Ha moroallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo empa ha aa ka a e sisinya hobane e ne e hahiloe hantle.+ 49  Athe ea utloang empa a sa phethe,+ o tšoana le motho ea ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Ha moroallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo ’me ea oa hang-hang, ea senyeha hampe.”

Linaletsana

Ka Segerike: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bohobe ba nyehelo.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Kapa: “shoeleng.”
Kapa: “shoeleng.”
Kapa: “eka.”
E leng ho alima u sa batle tsoala.
Kapa: “lokolloe.”
Kapa: “lokolle.”
Kapa: “lekanyetsa ka tsela eo le ba lekanyetsang ka eona.”
Kapa: “leballo.”
Kapa: “lifeiga.”