Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefu le Tla Felisoa Joang?

Lefu le Tla Felisoa Joang?

MORERO oa Molimo oa hore batho ba phele ka ho sa feleng ha oa ka oa fetoha le hoja Adama le Eva ba ile ba re tlisetsa sebe le lefu. O tiisitse taba ena ka makhetlo a mangata ka Lentsoeng la hae e leng Bibele.

  • “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” ​—Pesaleme ea 37:29.

  • “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”​—Esaia 25:8.

  • “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”​—1 Bakorinthe 15:26.

  • “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​Tšenolo 21:4.

Molimo o tla “metsa” kapa a felise sera see joang? Bibele e bontša hantle hore “ba lokileng ba tla . . . lula ho lona [lefatše] ka ho sa feleng.” Empa e boetse e re “ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:​20) Na taba ee e bontša hore Molimo o tla re tlohella hore re phele ka ho sa feleng le hoja re e-na le sebe? Ha se ntho e ka etsahalang. Empa morero oa hae o ntse o tla phethahala hobane Bibele e re ke “Molimo ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Joale Molimo o tla etsa’ng e le hore a phethahatse morero oo oa hae?

MOLIMO O “TLA METSA LEFU KA HO SA FELENG.”​ESAIA 25:8.

MOLIMO O TLA HLOLA LEFU

Jehova Molimo o entse sehlabelo ka mora oa hae e le hore re ka tšoareloa libe ’me qetellong re phele ka ho sa feleng. Ho joalokaha eka re ne re tšoeroe joale Jehova o re pataletse beili. Kaha kaofela re baetsa-libe ebile rea shoa, Bibele e re: “Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae, (Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang).”​—Pesaleme ea 49:​7, 8.)

Ha motho a shoa, o patalla libe tsa hae a le mong, ho ke ke ha etsahala hore a shoele motho e mong. (Baroma 6:7) Kahoo, e le hore re se ke ra hlola re e-ba le sebe ho ne ho hlokahala motho ea se nang sebe hore a tl’o re shoela.​—Baheberu 10:​1-4.

Sena ke sona hantle seo Molimo a ileng a se etsa. O ile a romela mora oa hae Jesu hore a tle lefatšeng. (1 Petrose 2:​22) Jesu o ile a re o tletse “ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mareka 10:​45) Ha a shoa, o ile a re qaolla sebeng le lefung e le hore re ka phela ka ho sa feleng.​—Johanne 3:16.

LEFU LE TLA FELISOA NENG?

Bibele e ile ea bontša hore “matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” ’me re phela ho tsona hona joale. (2 Timothea 3:1) Nako ena e tla fela “letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” (2 Petrose 3:​3, 7) Ebe batho ba ratang Molimo bona ba pholoha tlokotsi eo ba be ba hlohonolofatsoe ka ‘bophelo bo sa feleng.’​—Matheu 25:46.

Jesu o ne a tlile lefatšeng “ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—Mareka 10:45.

Ho na le batho ba limilione ba tla tsosetsoa hore ba tl’o phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ha Jesu a ne a le motseng o mong oa Naine o ile a tsosa mofu. Jesu o ile a “hauhela” mohlolohali e mong eo mora oa hae a neng a hlokahetse, eaba oa mo tsosa. (Luka 7:​11-15) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Tšepo ena e re bontša hantle hore Molimo o rata batho haholo.​—Liketso 24:15.

Batho ba li bilione ba na le tšepo ea hore ba tla phela ba sa shoe. Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, Ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:​29)Ka nako eo, ba tla angoa ke mantsoe ao moapostola Pauluse a a ngotseng lilemo tse 2 000 tse fetileng a reng: “Lefu, tlholo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?” (1 Bakorinthe 15:​55) Sera sena se tla be se hlotsoe.