Fetela boitsebisong

Ke Joang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?

Ke Joang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?

Karabo ea Bibele

Sehlabelo sa Jesu ke sona seo Molimo a se sebelisang ho lopolla batho sebeng le lefung. Bibele e re mali a Jesu a tšolotsoeng ke tefo ea thekollo. (Baefese 1:7; 1 Petrose 1:​18, 19) Jesu o ile a re o tletse ho fana ka “thekollo . . . bakeng sa ba bangata.”​—Matheu 20:28.

Ke hobane’ng ha batho ba ne ba hloka thekollo?

Motho oa pele, e leng Adama o ne a bopiloe a phethahetse a se na sebe. O ne a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng empa monyetla oo o ile oa mo lahlehela ha a ne a khetha ho se mamele Molimo. (Genese 3:​17-​19) Bana ba hae ba ile ba futsa sebe sa hae. (Baroma 5:​12) Ke kahoo Bibele e reng Adama le bana ba hae ba “rekisitsoe” bokhobeng ba sebe le lefu. (Baroma 7:​14) Kaha ha baa phethahala, ho ne ho se na motho ea ka rekang bophelo bo phethahetseng boo Adama a bo lahlileng.​—Pesaleme ea 49:​7, 8.

Molimo o ile a utloela bana ba Adama bohloko hobane ba ne ba se na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 3:​16) Molimo o rata toka, ke kahoo a neng a ke ke a iphapanyetsa sebe sa bona feela kantle ho mabaka. (Pesaleme ea 89:​14; Baroma 3:​23-​26) Kaha Molimo o rata batho, ha aa ka a etsa tokisetso ea hore libe tsa bona li tšoareloe feela empa o ile a etsa tokisetso ea molao ea hore li hlakoloe ka ho feletseng. (Baroma 5:​6-8) Thekollo ke tokisetso ea molao.

Thekollo e sebetsa joang?

Ka Bibeleng, lentsoe “thekollo” le amana le lintho tsena tse tharo:

  1. Ke tefo.​Numere 3:​46, 47.

  2. E-ea lopolla kapa ea lokisa.​—Exoda 21:30.

  3. E lekana le boleng ba ntho e pataloang. *

Bona hore na lintho tsena li amana joang le sehlabelo sa Jesu Kreste.

  1. Tefo. Bibele e re Bakreste ba ile ba “rekoa ka theko.” (1 Bakorinthe 6:​20; 7:​23) Theko ke mali a Jesu a ileng a “rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.”​—Tšenolo 5:​8, 9.

  2. Lopolla. Sehlabelo sa Jesu se fana ka “tokollo ka thekollo” sebeng.​—1 Bakorinthe 1:​30; Bakolose 1:​14; Baheberu 9:15.

  3. Boleng. Sehlabelo sa Jesu se lekana hantle le seo Adama a se lahlileng e leng bophelo bo phethahetseng. (1 Bakorinthe 15:​21, 22, 45, 46) Bibele e re: “feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu Kreste] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” (Baroma 5:​19) Sena se ea bontša hore na lefu la motho a le mong le ka patalla thekollo ea batho ba bangata joang. Ke “thekollo e lekanang bakeng sa bohle” ba nkang mehato e loketseng hore ba fumane molemo ho eona.​—1 Timothea 2:​5, 6

^ ser. 7 Ka Bibeleng lentsoe le fetoletsoeng e le “thekollo” le bolela patala kapa boleng ba ntho e pataloang. Ka Bibeleng lentsoe la Seheberu ka·pharʹ le bolela ho “koahela.” (Genese 6:​14) Hangata le sebelisoa moo ho buuoang ka ho koahela libe. (Pesaleme ea 65:3) Lentsoe le amang le leo, koʹpher le sebelisoa ha ho buuoa ka tefo e patetsoeng ho koahela kapa ho lopolla. (Exoda 21:​30) Ka ho tšoanang, lentsoe la Segerike lyʹtron, leo hangata le fetoleloang e le “thekollo,” le ka bolela “theko e lopollang.” (Matheu 20:​28; The New Testament in Modern Speech, by R. F. Weymouth) Bangoli ba Segerike ba ne ba sebelisa lentsoe lena ha ba bua ka ho patala thekollo ea motšoaruoa ntoeng kapa ho lokolla lekhoba.