Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na re Bopetsoe ho Shoa?

Na re Bopetsoe ho Shoa?

KAOFELA HA RONA re batla ho phela nako e telele ebile re thabile. Nahana hore na ho ne ho tla ba monate hakaakang haeba re ne re sa kule, re sa shoe hape re lula re thabile. Re ne re tla ba bohlale, re qete nako e ngata re e-na le batho bao re ba ratang, re hahlaule le lefatše, re ithute mesebetsi re be re etse lintho tse re thabisang.

Ebe hoo ke toro feela? Bibele e re ke Molimo ea entseng hore re batle ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:​11) Hape e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Haeba o lerato, na a ka etsa hore re batle ho phela ka ho sa feleng empa e le ntho e ke keng ea etsahala?

Ha ho na motho ea ratang ho shoa. Ebile Bibele e re lefu ke “sera.” (1 Bakorinthe 15:​26) Sera sena se re fihlela kaofela ho sa tsotellehe hore na ke ha re sa le banyenyane kapa ha re se re holile. Batho ba bang ha ba batle ho nahana ka sona athe ba bang bona baa se tšaba. Feela na lefu le sa tla ke le fele?

RE NA LE TŠEPO

U ka ’na oa makala ha u utloa hore e ne e se morero oa Molimo hore batho ba shoe. Lengolo la Genese le bontša hantle hore Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. Tsela eo lefatše le bopiloeng ka eona, le eona ea bontša hore Jehova o ne a e-na le morero ka lona. O ile a bopa motho oa pele eleng Adama a mo beha serapeng se setle sa Edene. “Ka mor’a moo Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.”​—Genese 1:​26, 31.

Molimo o ile a bopa Adama ka setšoantšo sa hae, a phethahetse. (Deuteronoma 32:4) Eva le eena o ne a se na sebe, kelello ea hae le ’mele oa hae li ne li phethahetse. Jehova o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libopuoa tse fofang tsa maholimo le sebopuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”​—Genese 1:28.

Ho ne ho tla nka nako hore Adama le Eva ba tlatse lefatše ka bana ba bona. Le bana ba bona ba ne ba tla ba le bana le bao ba be le bana joalo-joalo ho fihlela lefatše le tletse ka batho. (Esaia 45:​18) Na Molimo o ne a ka re ba tlatse lefatše ka bana ebe ba shoa le pele ba bona morero oo o phethahala?

Jehova o ne a file Adama boikarabello ba hore a rehe liphoofolo mabitso e leng mosebetsi o neng o tla nka nako e telele. (Genese 2:​19) O ne a boetse a lebelletse hore a li laole. Ho ne ho tla hlokahala hore a li tsebe hantle a be a khone ho li hlokomela e leng ntho e ’ngoe e neng e tla nka nako e telele hape.

Taba ea hore ebe Jehova o ne a itse Adama le Eva ba tlatse lefatše ka bana le hore ba hlokomele liphoofolo, e bontša hore o ne a sa rera hore ba shoe. Kannete Adama o phetse nako e telele.

MORERO OA JEHOVA KE HORE BATHO BOHLE BA PHELE KA HO SA FELENG PARADEISENG LEFATŠENG

BA PHETSE!

Adama lilemo tse 930

Methusela lilemo 969

Noe lilemo tse 950

Mehleng ena lilemo tse 70 ho ea ho tse 80

Bibele e bontša hore qalong batho ba ne ba phela nako e telele haholo ho feta eo re e phelang hona joale. E re: “Matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo [930].” E bua hape le ka batho ba bang ba phetseng lilemo tse ka holimo ho 900 pele ho moroallo e leng Setha, Enoshe, Kenane, Jarede le Methusela. Athe Noe eena o ne a le lilemo li 600 ha moroallo o fihla. (Genese 5:​5-27; 7:6; 9:​29) Ho tlile joang hore batho bao ba phele nako e telele hakaale?

Ho ne ho e-s’o senyehe haholo ha batho bao ba phela hobane e ne e se khale Adama le Eva ba entse sebe. E ka ’na eaba lebaka lena ke lona le entseng hore bona ba phele nako e telele. Sebe se kena hokae joale tabeng ee? Hona lefu le tla felisoa joang? E le hore re fumane likarabo tsa lipotso tsena, re lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha re tsofala ebile re shoa.