Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BŌPA KHOTSO JOANG KA LAPENG?

U ka Etsa’ng Hore Lelapa la Hao le Lule le E-na le Khotso?

U ka Etsa’ng Hore Lelapa la Hao le Lule le E-na le Khotso?

NA U LUMELA hore Bibele e ka u thusa hore lelapa la hao le lule le e-na le khotso? Bapisa seo Bibele e se buang le seo batho bao ho buisanoeng le bona ba reng Bibele e ba thusitse ka sona. Nahana ka lintlha tse tla u thusa hore u qobe liqabang, u boloke khotso ’me u etse hore lelapa la hao le lule le momahane.

MELAO-MOTHEO EA BIBELE E TLISANG KHOTSO

E-BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA MOLEKANE OA HAO.

“Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”Bafilipi 2:3, 4.

“Re hlokometse hore ke ntho e ntle ho nka molekane oa hao e le oa bohlokoa ho feta uena hammoho le batho ba bang.”—C. P., ea nang le lilemo tse 19 a nyetsoe.

MAMELA KA HLOKO.

“Tsoela pele ho ba hopotsa . . . ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”Tite 3:1, 2.

“Re ka qoba likhohlano haeba re sa bue mantsoe a hlabang balekane ba rōna. Ke habohlokoa ho mamela u sa mo ahlole u bile u bontša hore u hlompha maikutlo a hae esita leha le sa lumellane.”—P. P., ea nang le lilemo tse 20 a nyetsoe.

ITHUTE HO BA LE MAMELLO LE BONOLO.

“Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.”Liproverbia 25:15.

“Ke ’nete hore ho ka ba le likhohlano, empa hore na likhohlano tseo li qetella joang, ho itšetlehile ka tsela eo re buisanang ka eona. Re lokela ho ba le mamello. Ha re na le mamello re khona ho rarolla mathata.”—G. A., ea nang le lilemo tse 27 a nyetsoe.

U SE KE UA HLABA MOLEKANE OA HAO KA MANTSOE KAPA UA MO OTLA.

“Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna.”Bakolose 3:8.

“Ke rata tsela eo monna oa ka a khonang ho itšoara ka eona. O lula a khobile matšoafo ’me ha ho mohla a nkharumelang kapa a nthohakang.”—B. D., ea nang le lilemo tse 20 a nyetsoe.

POTLAKELA HO TŠOARELA ’ME U LOKISE LITABA KAPELE.

“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”Bakolose 3:13.

“Ha ho bonolo ho khoba matšoafo nakong ea qoaketsano, ebile u ka bua lintho tse ka utloisang molekane oa hao bohloko. Nakong eo, ho molemo ho tšoarelana. Ho ke ke ha khoneha hore lenyalo le atlehe ha banyalani ba sa tšoarelane.”—A. B., ea nang le lilemo tse 34 a nyetsoe.

ITLOAETSE HO FANA LE HO AROLELANA LE BA BANG.

“Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. . . . Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”Luka 6:38.

“Monna oa ka o tseba ho nthabisa ebile o lula a nketsetsa lintho ke sa lebella. Kahoo, ke ee ke ipotse hore na nka mo thabisa joang. Ka lebaka leo, re lula re thabile.”—H. K., ea nang le lilemo tse 44 a nyetsoe.

U SE KE UA TELA HO BŌPA KHOTSO LAPENG LA HAO.

Batho bao Tsoha! e buisaneng le bona ke ba bang ba batho ba limilione lefatšeng ba thusitsoeng ke Bibele hore ba be le makhabane a etsang hore lelapa le be le khotso. * Esita leha ba lelapa ba sa ikhathatse ho bōpa khotso, ba ithutile hore ke habohlokoa ho bōpa khotso, hobane Bibele e fana ka tšepiso e reng: “Ba rerang khotso ba na le thabo.”—Liproverbia 12:20.

^ ser. 24 E le hore u fumane litaba tse ling mabapi le hore na lelapa la hao le ka thaba joang, sheba khaolo ea 14 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.isa4310.com/st. U ka boela ua sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > SE KA THUSANG LELAPA.