Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ho Sebetsana le ho se Tšoane

Ho Sebetsana le ho se Tšoane

BOTHATA

U rata lipapali empa molekane oa hao o rata ho bala. U ba hlokolosi ha u etsa lintho ebile u li etsa hantle empa molekane oa hao ha aa hlophiseha. U rata ho qoqa le batho empa molekane oa hao o thabela ho lula a le mong.

U ka ’na oa ba le maikutlo a kang: ‘Ha re tšoanelane!’. ‘Ke hobane’ng ha re sa hlokomela see nakong ea lefereho?’

Ho ka etsahala hore ebe u ile oa hlokomela. Leha ho le joalo, nakong eo u ne u mo nahanela, e leng ntho eo u lokelang ho e etsa le ho feta kaha joale le se le nyalane. Sehlooho sena se tla u thusa. Empa pele, hlokomela lintlha tse mabapi le ho se tšoane.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho se tšoane ho hong ho ka ba kotsi. Lefereho le thusa batho ba babeli ho hlokomela hore na ba tšoanelana hakae. Ke kahoo baratani ba bangata ba etsang qeto ea hore ba arohane ha ba hlokomela hore ha ba lumellane ka lintho tse tebileng ho e-na le ho kena lenyalong le sa thabang. Empa ho thoe’ng ka ho se tšoane ho sa reng letho ho ke keng ha qojoa lenyalong?

Ha ho na batho ba babeli ba tšoanang hantle. Kahoo, ho tloaelehile hore banyalani ba se ke ba lumellana linthong tse latelang:

Lintho tseo u ratang ho li etsa. Mosali e mong ea bitsoang Anna * o re: “Ha ke rate boikhathollo ba ka ntle empa monna oa ka o hōtse a hloa lithaba tse lehloa le ho qeta matsatsi a le merung.”

Litloaelo. Monna ea bitsoang Brian o re: “Mosali oa ka a ka robala bosiu haholo ebe o tsoha ka hora ea bohlano hoseng. Empa ’na ke tlameha ho robala lihora tse supileng ho isa ho tse robeli hobane ha ke sa etse joalo ke tsoha ke koatile.”

Mekhoa. E ka ’na eaba u motho ea sa bueng haholo empa molekane oa hao eena oa bua. Monna ea bitsoang David o re: “Ha ke rate ho bua ka mathata a ka empa mosali oa ka o hōletse lelapeng leo ho buuoang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Ho se tšoane ho ka ba molemo. Mosali ea bitsoang Helena o re: “Tsela eo ke nahanang hore re ka etsa lintho ka eona e ka ba molemo empa seo ha se bolele hore ke eona feela tsela e nepahetseng.”

SEO U KA SE ETSANG

Tšehetsa molekane oa hao. Monna ea bitsoang Adam o re: “Mosali oa ka Karen, ha a rate lipapali le hanyenyane. Empa ho na le linako tseo a tsamaeang le ’na ha ke il’o shebella lipapali. Karen eena o rata ho ea musiamong oa botaki, kahoo ke tsamaea le eena ’me re lule moo ho fihlela a khotsofetse. Ke leka ka hohle ho rata botaki kaha ke ntho ea bohlokoa ho eena.”—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 10:24.

Sheba lintho ka mahlakore ’ohle. Ha ua lokela ho nka hore tsela eo molekane oa hao a etsang lintho ka eona e fosahetse hobane feela e fapane le ea hao. Sena ke seo monna ea bitsoang Alex a se hlokometseng. O re: “Ke ne ke nahana hore ho na le tsela e le ’ngoe feela ea ho etsa lintho le hore ha ho na tsela e ’ngoe e ka bang molemo. Empa ho nyala ho nthusitse ho hlokomela hore re ka etsa lintho ka litsela tse ngata ’me tsela ka ’ngoe e ka sebetsa.”—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 5:5.

Sheba lintho ka tsela eo li leng ka eona. Ho tšoanelana ha ho bolele hore le lokela ho tšoana hantle. Kahoo, u se ke ua etsa qeto ea hore le entse phoso ka hore le nyalane hobane feela le sa utloane linthong tse itseng. Buka e ’ngoe e buang ka tlhalo e re: “Batho ba bangata ba fana ka mabaka a hore ba ne ba ‘foufalitsoe ke lerato ’”. Leha ho le joalo, buka eo e tsoela pele ka ho re: “Ha le lula le le ’moho letsatsi le letsatsi ’me le thabile, seo se bontša hore ho sa tsotellehe ho se tšoane ho teng pakeng tsa lōna le ka khona ho ratana.” Lekang ho ‘tsoela pele le mamellana . . . haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.’—Bakolose 3:13.

Lekang ho etsa sena: Ngola lintho tseo u li ratang ka molekane oa hao le tseo le tšoanang ka tsona. Ka mor’a moo, ngola tseo le sa tšoaneng ka tsona. U ka ’na ua hlokomela hore ho se tšoane ho hong ha ho hobe hakaalo. Ho ngola lintho tsena ho tla u thusa ho bona hore na ke hokae moo u lokelang ho mamella molekane oa hao le moo u ka mo thusang teng. Monna e mong ea bitsoang Kenneth o re: “Ke ananela haholo ha mosali oa ka a leka ho rata lintho tseo ke li ratang ’me kea tseba hore oa ananela ha ke leka ho etsa se tšoanang. Le haeba seo se bolela hore ke lokela ho tlohella lintho tse itseng, ha ke bona a thabile le ’na kea thaba.”—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 4:5.

^ ser. 10 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.