Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Kamoo le ka Qobang Puo e Hlabang

Kamoo le ka Qobang Puo e Hlabang

BOTHATA

Kamehla ha ho ba le ho se utloane, uena le molekane oa hao le bua lintho tse ngata tse bontšang ho nyatsana. Le tloaetse ho hlabana ka mantsoe lenyalong la lōna hoo e seng eka ke tsela e “tloaelehileng” ea ho bua.

Haeba sena ke sona se etsahalang lenyalong la lōna, le ka khaotsa mokhoa oo. Empa le lokela ho qala ka ho hlahloba sesosa sa bothata le hore na ke hobane’ng ha ho etsa liphetoho ho tla le tsoela molemo.

SE ETSANG HORE LE HLABANE KA MANTSOE

Lelapa leo motho a hōletseng ho lona. Banna le basali ba bangata ba hōletse malapeng ao ho ’ona puo e hlabang e neng e le ntho e tloaelehileng. E ka ’na eaba molekane e mong kapa ka bobeli ba bua lintho tseo ba li utloileng ho batsoali ba bona.

Tšusumetso ea mecha ea boithabiso. Metlae e bontšoang lifiliming le thelevisheneng, e etsa eka ho buisa batho ba bang hampe ke ntho e tšehisang, e leng se etsang hore bashebelli ba bone eka ha ho kotsi—kapa hoa qabola.

Setso. Litso tse ling li ruta hore “banna ba sebele” e lokela ho ba bo-mpoli kapa hore basali ba lokela ho ba bohale haholo e le hore ba se ke ba nkoa ba fokola. Nakong ea ha ho e-na le ho se utloane, molekane ea nang le boikutlo bo joalo a ka ’na a talima e mong e le sera sa hae ho e-na le ho mo talima e le motsoalle, ’me a sebelise mantsoe a hlabang eseng a thobang.

Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, puo e hlabang e ka etsa hore le qetelle le hlalana esita le ho le bakela maloetse. Batho ba bang ba re ho otloa ho betere ho e-na le ho hlajoa ka mantsoe. Ka mohlala, mosali e mong ea neng a lula a hlekefetsoa ke monna oa hae ka mantsoe le ka liketso o re: “Ke ne ke khona ho mamella ho otloa ho feta ho hlajoa ka mantsoe. Ke ne nk’a khetha hore a nkotle ho e-na le hore a ntlhabe ka mantsoe.”

Ke eng seo uena le molekane oa hao le ka se etsang haeba le lumeletse hore ho hlabana ka mantsoe ho senye lenyalo la lōna?

 SEO LE KA SE ETSANG

Bontša kutloelo-bohloko. Ipehe boemong ba molekane oa hao, ’me u leke ho utloisisa kamoo lintho tseo u li buang li mo tšoarang kateng. Nahana ka boemo bo itseng ka ho khetheha moo molekane oa hao a ileng a ba le boikutlo ba hore u mo hlabile ka mantsoe. U se ke ua pheha khang ka hore na u itseng; taba ke hore na molekane oa hao o ikutloa joang ka seo u se buileng. Na u ka nahana ka mantsoe a mosa ao u ka beng u a buile, ho e-na le hore u hlabe molekane oa hao ka mantsoe? Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”—Liproverbia 15:1.

Nka mohlala ho banyalani ba hlomphanang. Haeba batho ba ileng ba u behela mohlala o mobe ba susumelitse tsela eo u buisanang le ba bang ka eona, batla batho ba u behelang mohlala o motle. Mamela banyalani bao u ka etsisang tsela eo ba buisanang ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 3:17.

Ikhopotseng tsela eo le neng le ratana ka eona pele. Motho ea buang puo e hlabang hangata bothata ba hae bo pelong ho feta molomong. Kahoo, leka ho ba le boikutlo bo botle ka molekane oa hao. Buisanang ka lintho tseo le neng le thabela ho li etsa hammoho. Shebang linepe tsa khale. Ke eng e neng e etsa hore le tšehe? Ke litšobotsi life tse ileng tsa etsa hore u rate molekane oa hao?—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:45.

Ha u bua sebelisa “Ke.” Ho e-na le hore u tjolietse molekane oa hao, mo bolelle hore na tsela eo a buileng le uena ka eona e u amme joang. Ka mohlala, ha u re, “Ke ikutloa eka ha u natse maikutlo a ka ha u etsa liqeto u sa ntsebise” ho ke ke ha baka khohlano ho feta ha u re “Ke tsebile—u lula u iketsetsa lintho feela u sa ntsebisa!”—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 4:6.

Ithute ho ithiba. Haeba u elelloa hore maikutlo a lōna a qala ho phahama ’me le se le tjolietsana, ho ka ba molemo hore le khaotse ho buisana ka taba eo. Hangata, ha ho phoso hore u tlohele taba ha le ngangisana ho fihlela le khona ho buisana ka eona le khobile matšoafo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 17:14.

Motho ea buang puo e hlabang hangata bothata ba hae bo pelong ho feta molomong