Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Bophelo

Bophelo

Na Molimo o tsotella tsela eo re tšoarang ’mele ea rōna ka eona?

“U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo.”—Liproverbia 23:20.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA TABA EE?

Bibele hase buka ea tsa bongaka; kapa hona hore e laola karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Leha ho le joalo, u ka rua molemo ka ho tseba hore na Molimo o talima bophelo joang, joalokaha ho hlalositsoe ka Bibeleng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Litemana tse ngata tsa Bibele li re fa leseli la hore na Molimo o ikutloa joang ka tsela eo re tšoarang ’mele ea rōna ka eona. Ka mohlala, Bibele e nyatsa mekhoa e feteletseng e kotsi, e akarelletsang botahoa le bonyollo. (Liproverbia 23:20) Molao oo Molimo a neng a o file Iseraele ea boholo-holo, o ne o akarelletsa litekanyetso tse neng li ka fokotsa maloetse esita le ho a thibela maemong a mang. Molao oo o ne o boetse o e-na le litaelo tse tobileng tsa polokeho ho thibela likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. (Deuteronoma 22:8) Ho hlakile hore Bibele e re khothalletsa ho hlokomela ’mele ea rōna le ho nka mehato e loketseng ho sireletsa bophelo ba rōna.

 Ho latela Bibele, ke hobane’ng ha re kula?

“Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe.”—Baroma 5:12.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba nahana hore ho kula ke ntho feela e iketsahallang ka lebaka la phetoho e bang teng bophelong ba batho. Ba bang bona ba nahana hore ho kula ho bakoa ke matla a itseng a mohlolo a kang meea e khopo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho latela Bibele, rea kula hobane batho ba pele ha baa ka ba mamela Molimo. (Baroma 5:12) Pele ba tlōla molao oa Molimo, batsoali ba rōna ba pele e leng Adama le Eva, ba ne ba thabela bophelo bo phethahetseng. Ba ne ba tseba hore ba tla shoa haeba ba ikhula tlhokomelong e lerato ea Molimo. (Genese 2:16, 17) Ho sa tsotellehe seo, ba ile ba khaotsa setsoalle sa bona le Molimo ka boomo, ’me ba lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng. *

Ho se phethahale ha batsoali ba rōna ba pele ba sa kang ba mamela, ho fetetse ho rōna. Kahoo, ho sa tsotellehe boiteko bohle bo etsoang ho felisa maloetse, re ntse re kula.

KE ENG SEO U KA SE ETSANG?

Bibele e ruta hore haeba u boelana le Molimo ka hore u mamele melao-motheo ea hae e bohlale, qetellong u tla thabela bophelo bo phethahetseng lefatšeng la paradeise. (Esaia 33:24) Molimo o tšepisa hore o tla felisa bohloko, ho kula le lefu.—Tšenolo 21:3, 4.

Na Bibele e nyatsa phekolo ea meriana?

“Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”—Matheu 9:12.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba khothalletsa pholiso ea moea (e boetseng e tsejoa ka hore ke pholiso ea mohlolo) ho e-na le phekolo ea meriana.

SEO BIBELE E SE BUANG

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Molimo o ile a lumella lingaka hore li be teng har’a batho ba hae. (Genese 38:28; Bakolose 4:14) Ha hona letho ka Bibeleng le bontšang hore Molimo o ne a khopisoa ke lingaka tse sebelisang limela, litlolo, lijo le mefuta e meng ea phekolo ho phekola batho. Ha e le hantle, Jesu o ile a lumela hore “batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”—Matheu 9:12.

Leha ho le joalo, Bibele ha e lumelle mofuta o mong le o mong oa phekolo. Ka mohlala, Bibele ha e lumellane le phekolo ea mohlolo e etsoang mehleng ena. Ho feta moo, Molimo ha a amohele phekolo e amanang le ho sebelisana le meea. (Bagalata 5:19-21) Ho e-na le ho latela mekhoa e nyatsoang ke Bibele, ntho e molemo eo u ka e etsang ha u kula ke ho batla phekolo e loketseng hang-hang haeba e fumaneha.

^ ser. 10 Sehloohong sena, re sebelisa mantsoe “phethahala” le “phetheho” ho hlalosa bophelo bo botle boo Molimo a neng a bōpile batho ba pele ba e-na le bona, ba sa angoe ke ho kula, maloetse le lefu.