Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ka sebele lefatshe le tla fana ka dihlahiswa tsa lona, Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa.”​—PESALEME YA 67:6

Thabela Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Modimo ka ho sa Feleng

Thabela Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Modimo ka ho sa Feleng

Modimo o ile a tshepisa Abrahama hore e mong wa ditloholo tsa hae o ne a tla tlisa ditlhohonolofatso ho “ditjhaba tsohle tsa lefatshe.” (Genese 22:18) Setloholo seo e ne e tla ba mang?

Hoo e ka bang dilemo tse 2 000 tse fetileng, ka mora hore tshepiso eo e etswe, Modimo o ile a fa Jesu, eo e neng e le setloholo sa Abrahama matla a hore a etse mehlolo. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, e ne e bontsha hore tshepiso eo Modimo a ileng a e etsetsa Abrahama e ne e tla phethahala ditjhabeng tsohle a sebedisa Jesu Kreste.​—Bagalata 3:14.

Mehlolo eo Jesu Kreste a neng a e etsa, e ile ya thusa batho hore ba bone hore Modimo o kgethile yena hore a hlohonolofatse batho mme e ile ya bontsha hape hore Modimo o tla sebedisa yena ho hlohonolofatsa batho hape nakong e tlang ka ho sa feleng. Hlokomela ka moo mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e bontshang a mang a makgabane a hae ka teng.

O ne a le mosa​—Jesu o ile a fodisa batho ba kulang.

Ka letsatsi le leng, molepera o ile a kopa Jesu hore a mo fodise. Jesu o ile a mo tshwara mme a re ho yena: “Ke a batla!” mme kapelepele lepera le ile la nyamela.​—Mareka 1:40-42.

O ne a fana​—Jesu o ile a fa batho ba neng ba lapile dijo.

Jesu o ne a sa batle hore batho ba lape. O ile a fa batho ba dikete dijo, ka hore a eketse palo ya mahobe le ditlhapi tse neng di le teng, e le hore di kgone ho ba anela kaofela. (Matheu 14:17-21; 15:32-38) Ka mora hore ba je, kaofela ha bona ba ne ba kgotshe mme ho ne ho ntse ho na le dijo tse ding tse ngata tse setseng.

O ne a na le kutlwelo bohloko​—Jesu o ile a tsosa batho ba hlokahetseng.

Jesu o ile a tsosa mora ya neng a hlokahetse wa mohlolohadi eo ho neng ho se ho sena motho ya tla mo hlokomela ka lebaka la hore o ne “a mo hauhela.”​—Luka 7:12-15.