Feta

Diboka Tsa Phutheho Tsa Dipaki Tsa Jehova

Ithute ka diboka tsa rona. Fumana moo diboka di tshwarelwang teng haufi le moo o dulang.

Batla Diboka Tse Haufi le Moo o Dulang (opens new window)

Re Etsa Eng Dibokeng Tsa Rona?

Dipaki Tsa Jehova di bokana moo di rapelang teng habedi ka beke. (Baheberu 10:24, 25) Dibokeng tsena tseo mang kapa mang a ka yang ho tsona, re ithuta seo Bibele e se rutang le kamoo re ka sebedisang dithuto tsa yona kateng bophelong ba rona.

Boholo ba diboka tsa rona ho na le moo bamamedi ba hlalosang teng, fela jwaloka baithuti ha ba le ka tlelaseng. Diboka di qala di be di phethoe ka pina le thapelo.

O ka tla dibokeng tsa rona leha o se Paki ya Jehova. E mong le e mong wa amohelwa. Ho kenwa mahala. Ha ho tsamaiswe sekotlolo sa koleke.