Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lerato le re susumelletsa hore re behe dithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa rona

O ka Bontsha Jwang Hore o Rata Batho ba Bang?

O ka Bontsha Jwang Hore o Rata Batho ba Bang?

Re lelapa le le leng hobane kaofela ha rona re bana ba Adama. Le ha ho le jwalo, ditho tsa lelapa di lokela ho hlomphana le ho ratana, empa matsatsing ana ho thata hore re bontshane lerato mme seo se utlwisa Modimo bohloko.

KENG SEO MANGOLO A HALALELANG A SE BUANG KA LERATO?

“O rate wa heno jwalo ka ha o ithata.”​—LEVITIKE 19:18.

“Tswelang pele ho rata dira tsa lona.”​—MATHEU 5:44.

HO RATA BATHO BA BANG HO BOLELANG?

Hlokomela ka moo Modimo a hlalositseng lerato ka teng ho 1 Bakorinthe 13:4-7:

“Lerato le a tiisetsa mme le mosa.”

Nahana ka sena: O ikutlwa jwang ha batho ba bang ba o mamella ebile ba o tshwara ka mosa mme ba sa halefe ha o entse diphoso?

“Lerato ha le boulele.”

Nahana ka sena: O ikutlwa jwang ha batho ba bang ba o belaella kapa ba o jella mona?

Lerato “ha le batle dithahasello tsa lona.”

Nahana ka sena: O ikutlwa jwang ha batho ba bang ba hlompha tsela eo o nahanang ka yona mme ba sa tsitlelle hore seo ba se nahanang ke sona se nepahetseng?

Lerato “ha le boloke tlaleho ya bobe.”

Nahana ka sena: Modimo o ikemiseditse ho tshwarela batho ba batlang ho lokisa diphoso tsa bona le ho etsa se nepahetseng. “A ke ke a dula a fumana molato ka ho sa feleng, kapa a dule a halefile.” (Pesaleme ya 103:9) Re thaba haholo haeba motho eo re neng re mo utlwisitse bohloko a re tshwarela. Ka hoo, re lokela ho dula re ikemiseditse ho tshwarela batho ba bang ha ba re utlwisa bohloko.​—Pesaleme ya 86:5.

Lerato “ha le thabele ho se loke.”

Nahana ka sena: Haeba ho na le ntho e mpe e re etsahalletseng, re utlwa bohloko haholo ha re bona batho ba bang ba thabela seo. Ka hoo, ha re a lokela ho thaba ha re bona batho ba bang ba hlahelwa ke mathata, le haeba ka dinako tse ding ba re entse dintho tse re utlwisang bohloko.

E le hore re thabele ditlhohonolofatso tseo Modimo a re fang tsona, re lokela ho rata batho ba bang ho sa tsotellehe dilemo tsa bona, morabe wa bona kapa bodumedi ba bona. Tsela e nngwe eo re ka bontshang batho ba bang hore re a ba rata, ke ka hore re ba thuse ka dintho tseo ba di hlokang.