Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Ithuta ka Modimo ho Tswa ho Baprofeta ba Hae

Re Ithuta ka Modimo ho Tswa ho Baprofeta ba Hae

Nakong e fetileng, Modimo o ile a sebedisa baprofeta ba hae hore ba fetise molaetsa wa hae ho batho. Na melaetsa ee e ka re bontsha hore na ke jwang re ka fumanang ditlhohonolofatso tsa Modimo? Keng seo re ithutang sona ka Modimo seo baprofeta ba hae ba ileng ba bua ka sona? Ha re boneng hore na re ka ithutang ho baprofeta bana ba bararo ba tshepahalang.

ABRAHAMA

Modimo ha a na kgethollo mme o batla ho hlohonolofatsa batho bohle.

Modimo o ile a tshepisa moprofeta Abrahama a re: “Malapa ohle a lefatshe a tla itlhohonolofatsa ka wena.”​—Genese 12:3.

Seo re ithutang sona. Modimo o re rata haholo mme o batla ho hlohonolofatsa malapa ohle a mo mamelang, bontate, bomme le bana.

MOSHE

Modimo o mohau mme o hlohonolofatsa bohle ba etsang boiteko ba ho batla ho mo tseba.

Modimo o ile a fa moprofeta Moshe matla a hore a etse mehlolo. Le ha ho le jwalo, Moshe o ile a rapela a re: “Ntsebise ditsela tsa hao, hore ke o tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao.” (Exoda 33:13) Modimo o ne a thabetse kopo eo Moshe a neng a e entse mme o ile a mo hlohonolofatsa ka ho mo fa tsebo le kutlwisiso ka makgabane a hae le ditsela tsa hae. Ka mohlala, Moshe o ile a ithuta hore Mmopi wa rona ke “Modimo ya mohau le ya mosa.”​—Exoda 34:6, 7.

Seo re ithutang sona. Modimo o batla ho hlohonolofatsa bontate, bomme le bana ba etsang boiteko ba ho batla ho mo tseba haholwanyane. O re ngolletse ka Mangolong a Halalelang hore na re ka mo rapela jwang le hore o batla hore hlohonolofatsa.

JESU

Jesu o ile a bontsha qenehelo ka hore a fodise malwetse a mefuta yohle

Re tla fumana ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng haeba re ithuta ka Jesu ebile re ithuta dintho tseo a neng a di etsa le tseo a neng a di ruta.

Lentswe la Modimo le re ruta dintho tse ngata ka bophelo ba Jesu le seo a neng a se ruta. Modimo o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo e mengata, e jwalo ka ho fodisa batho ba sa boneng, ba sa utlweng le ba holofetseng. O ile a boela a tsosa le bafu. Ka ho etsa dintho tsena, Jesu o ile a bontsha hore na Modimo o tla tlisa ditlhohonolofatso dife nakong e tlang. O ile a hlalosa hore na re ka fumana ditlhohonolofatso tseo jwang, o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Jesu o ne a na le qenehelo, a le lerato ebile a le mosa. Banna le basadi, ba banyane le ba hodileng, ba ile ba amohela memo ya Jesu e reng: “Le ithute ho nna, ka ha ke na le maikutlo a bonolo mme ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona kgatholoho.” (Matheu 11:29) Ho fapana le batho ba bang ba neng ba tshwara basadi hampe, Jesu o ne a ba tshwara ka mosa, a ba siela seriti a bile a ba hlompha.

Seo re ithutang sona. Jesu o ile a bontsha hore o rata batho mme o re behetse mohlala o motle wa hore na re lokela ho tshwara batho ba bang jwang.

JESU HA SE MODIMO

Mangolo a Halalelang a ruta hore “ho na le Modimo a le mong” mme Jesu Kreste ke moromuwa wa Modimo. (1 Bakorinthe 8:⁠6) Jesu o ile a bolella batho hore Modimo o mo phahametse le hore o mo rometse mona lefatsheng.​—Johanne 11:41, 42; 14:28. *

^ par. 17 Ho ithuta ho eketsehileng ka Jesu Kreste, sheba kgaolo ya 8 le 9 ya bukana ya Real Faith​—Your Key to a Happy Life ya Senyesemane e fumanehang Inthaneteng ho www.isa4310.com.