Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le ba bohlokwa ho feta.”—MATHEU 10:31

Na Modimo o a o Bona?

Na Modimo o a o Bona?

SEO POPO E RE RUTANG SONA

Hang ka mora hore ngwana a hlahe, o behwa sefubeng sa mme wa hae. Nakwana ka mora moo, mme o lokela ho mo nyantsha ka ha ena ke nako ya bohlokwa ka ho fetisisa ya hore a be le kamano e haufi le ngwana wa hae mme ho etsa jwalo, ho thusa ngwana hore a hole hantle. *

Keng e etsang hore mme a hlokomele lesea la hae ka lerato? Bukeng ya The Journal of Perinatal Education, Moprofesa Jeannette Crenshaw o ile a hlalosa hore ha homone oxytocin ya mme e phahame, e etsa hore ha a tshwara lesea la hae, a le sheba a bile a le nyantsha a be le lerato la botswadi. Ho boetse hona le homone e nngwe “e thusang mme hore a be le kamano e haufi le lesea la hae.” Ke hobaneng ha kamano e bang teng pakeng tsa motswadi le ngwana e le ya bohlokwa?

Mmopi wa rona ya lerato e leng Jehova Modimo, * ke yena ya entseng hore mme le ngwana ba be le kamano ena. Morena Davida o ile a rorisa Modimo ka hore e be o ile a mo ntsha ka popelong le ho etsa hore a sireletsehe matsohong a mme wa hae. O ile a rapela a re: “Ke lahletswe ho wena ho tswa ka popelong; o bile Modimo wa ka ke sa le ka mpeng ya mme.”—Pesaleme ya 22:9, 10.

NAHANA KA SENA: Haeba Modimo a entse hore mme le ngwana ba be le kamano e hlollang hakaana, le hore mme a hlokomele ngwana wa hae, na ha se ho utlwahalang hore re dumele hore o kgathalla e mong le e mong wa rona, rona “bana ba Modimo?”—Liketso 17:29.

SEO BIBELE E RE RUTANG SONA KA TSELA EO MODIMO A RE HLOKOMELANG KA YONA

Jesu Kreste ya tsebang Mmopi ho feta motho le ha e le ofe, o ile a re: “Na dirobele tse pedi ha di rekiswe ka tjhelete ya tshepe ya bohlokwa bo bonyenyane? Empa le ha ho le jwalo, ha ho le se seng sa tsona se tla wela fatshe kantle le hore Ntata lona a tsebe. Empa moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela. Ka hona le se ke la tshaba: le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.”—Matheu 10:29-31.

Boholo ba rona ha re na taba le dinonyana, esita le ha re di bona di ‘wetse fatshe.’ Empa Ntate wa rona wa lehodimo yena, o bona e nngwe le e nngwe ya tsona. Le ha ho le jwalo, ho yena batho ke ba bohlokwa ho feta dinonyana. Ho hlakile hore: Ha o a lokela ho “tshaba” kapa ho belaela ho re Modimo o a o bona. Ha e le hantle Modimo o o kgathalla haholo!

Modimo o re kgathalla e le kannete ebile o a re hlokomela

Mangolo a re kgodisa hore

  • “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a dula a tadimile ba babe le ba molemo.”—LIPROVERBIA 15:3.

  • “Mahlo a Jehova a tadimile ba lokileng, o sekehela mohoo wa bona o kopang thuso tsebe.”—PESALEME YA 34:15.

  • “Ke tla thaba mme ke nyakalle ka lebaka la mosa wa hao o lerato, ka hore ebe o bone mahloreho a ka; o tsebile ka mahlomola a moya wa ka.”—PESALEME YA 31:7.

“KE NE KE UTLWA EKA JEHOVA HA A NRATE”

Na ho tseba hore Modimo o thabela hore o phele hantle le hore o batla ho o thusa, ho ka fetola bophelo ba hao? Hannah * ya dulang England o dumellana le sena. O beha ditaba tjena:

“Hangata ke ne ke utlwa e ka Jehova ha a nrate ebile ha a arabe dithapelo tsa ka. Ke ne ke nahana hore ke hobane ke na le tumelo e fokolang. Ke ne ke nahana hore Modimo o a nkotla ebile ha a na taba le nna hobane ha ke motho wa bohlokwa ho yena. Ke bile ke utlwa eka ha a nkgathalle.”

Le ha ho le jwalo, Hannah ha a sa belaela hore Jehova o a mo rata ebile o utlwa dithapelo tsa hae. Keng e fetotseng maikutlo a hae? O re: “Sena ha se a ka sa etsahala ka ho panya ha leihlo. Dilemong tse ngata tse fetileng ho ile ha fanwa ka puo e thehilweng Bibeleng, e neng e bua ka hore Jesu o ile a re shwela, e ile ya ntiisetsa hore Jehova o a nrata. Hangata ke a lla ha ke bona hore Jehova o arabela dithapelo tsa ka, hobane ke a hlokomela hore o a nrata. Hape ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng tsa Bokreste tsa Dipaki Tsa Jehova, ho nthusitse ho re ke tsebe Jehova haholwanyane, botho ba hae le ho re na o ikutlwa jwang ka rona. Hona jwale ke a hlokomela hore Jehova o a re rata ebile o batla ho thusa e mong le e mong wa rona.”

Seo Hannah a se buang se a kgothatsa. Empa o ka kgodiswa keng hore Modimo o a o utlwisisa le hore o bona ka moo o ikutlwang ka teng? O tla fumana karabo ya potso ena sehloohong se latelang.

^ par. 3 Ho ka ba thata hore bomme ba nang le kgatello ya maikutlo e bitswang postpartum, ba be le kamano e jwalo le masea a bona. Le ha ho le jwalo, ha ba a lokela ho ipeha molato. Ho ya ka Mokgatlo wa Naha wa Mafu a Kelello wa United States, mofuta ona wa kgatello ya maikutlo, “hangata o bakwa ke dintho tse amang mme mmeleng le maikutlong . . . empa ha o bakwe ke hobane hona le ntho e phoso eo mme a e entseng.” E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho se reng “Understanding Postpartum Depression” ho Fadimehang! ya Sekgowa ya June 8, 2003.

^ par. 5 Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.—Pesaleme ya 83:18.

^ par. 15 Sehloohong sena le tse latelang, mabitso a fetotswe.