Dipesaleme 31:1-24
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
31 Ke balehetse ho wena Jehova.+
E se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong.+
Mpholose hobane o lokile.+
2 Mmamele.*
Tloo kapele o tlo mpholosa.+
Eba jwalo ka thaba e sireletsehileng ho nna,O be sebaka se sireletsehileng hore o mpholose.+
3 O lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+
O tla nketella pele o be o ntataise+ ka lebaka la lebitso la hao.+
4 O tla ntshwasolla lerabeng* leo ba mpatetseng lona+Ka ha o setshabelo sa ka.+
5 Ke beha bophelo ba ka matsohong a hao.+
O ntopolotse, Jehova Modimo wa nnete.*+
6 Ke hloile ba rapelang ditshwantsho tse se nang thuso, tsa lefeelaEmpa ha e le nna, ke tshepile Jehova.
7 Ke tla thaba haholo ka lebaka la lerato* la haoKa ha o bone mahlomola a ka.+
O a tseba hore ke tshwenyehile haholo.
8 Ha o a nehelana ka nna ho sera sa kaEmpa o etsa hore ke eme sebakeng se sireletsehileng.*
9 Nkgauhele hle Jehova hobane ke mahlomoleng.
Ho tshwenyeha ho entse hore mahlo a ka le mmele wohle wa ka di kgathale.+
10 Bophelo ba ka bo tletse mahlomola+Le dilemo tseo ke di phetseng di tletse mesarelo.+
Matla a ka a a fela ka lebaka la phoso ya ka.
Masapo a ka a a fokola.+
11 Ke nyefolwa ke dira tsohle tsa ka,+Haholoholo baahisani ba ka.
Batho ba ntlwaetseng ba a ntshaba.
Ha ba mpona ka ntle, ba a mpaleha.+
12 Ha ba sa nkgopola jwalo ka ha eka ke shwele.
Ke tshwana le nkgo e pshatlehileng.
13 Ke utlwile ho buuwa dintho tse ngata tse mpe ka nna.
Ke tshoswa ka mahlakoreng ohle.+
Ba a bokanaHore ba lohe leano la ho mpolaya.+
14 Empa ke tshepile wena Jehova.+
Ke re: “O Modimo wa ka.”+
15 Bophelo ba ka bo matsohong a hao.
Mpholose matsohong a dira tsa ka le ho ba ntlhorisang.+
16 Eba mosa ho mohlanka wa hao.+
Mpholose hobane o a nthata.*
17 Jehova, e se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong ha ke o bitsa.+
Ba kgopo ba ke ba hlajwe ke dihlong.+
E se eka ba ka kgutsiswa Lebitleng.*+
18 E se eka batho ba buang leshano ba ka fellwa ke mantswe,+Ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosa ba bile ba mo nyatsa.
19 Ka nnete o molemo haholo.+
O o boloketse ba o tshabang+Ebile o o bontshitse ka pela batho bohle, molemong wa ba balehelang ho wena.+
20 O tla ba pata sebakeng sa hao se sephiring,+O ba patele batho ba ba lohelang mano.
O tla ba pata sebakeng sa hao se sireletsehileng,O ba patele ba batlang ho ba ntsha kotsi.+
21 Jehova a ke a rorisweKa ha ka tsela e hlollang, o ile a mpontsha hore o a nthata*+ motseng o potapotilweng ke dira.+
22 Ha e le nna, ke ile ka tshoha mme ka re:
“Ke tla shwa ka pela hao.”+
Empa o ile wa nkutlwa ha ke llela ho wena ke kopa thuso.+
23 Ratang Jehova, lona bohle ba mo tshepahallang.+
Jehova o sireletsa ba tshepahalang+Empa o fa motho le ha e le ofe ya ikgohomosang kotlo e boima.+
24 Le be sebete mme le be matla,*+Lona bohle ba letetseng Jehova.+
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “Inamela tlase o ntshekehele tsebe.”
^ Ka Seheberu: “letloweng.”
^ Kapa: “Modimo ya tshepahalang.”
^ Kapa: “sebakeng se seholo.”
^ Kapa: “dipelo tsa lona di tiye.”