Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Haufinyane Modimo o Tla Fedisa Mathata Ohle

Haufinyane Modimo o Tla Fedisa Mathata Ohle

“Jehova, ke tla hweletsa halelele ha kae ho kopa thuso, mme o sa utlwe? Ke tla hweletsa halelele ha kae ho wena ho kopa thuso pefong, mme o sa pholose?” (Habakuke 1:2, 3) Ana ke mantswe a Habakuke, monna ya neng a amohelwa ke Modimo. Na o ne a etsa kopo ena hobane tumelo ya hae e ne e fokola? Tjhe. Modimo o ile a tiisetsa Habakuke hore o behile nako eo ka yona a tla fedisa mathata.—Habakuke 2:2, 3.

Haeba o na le mathata kapa motho eo o amanang le yena a na le ona, ho bonolo ho etsa qeto ya hore Modimo o dieha ho o thusa. Le ha ho le jwalo, Bibele e ya re tiisetsa e re: “Jehova ha a diehe mabapi le tshepiso ya hae, jwalo ka ha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Petrose 3:9.

MODIMO O TLA FEDISA MATHATA NENG?

Haufinyane! Jesu o ile a bolela hore ho tla ba le moloko o tla bona dipontsho tse tshwayang matsatsi a ho qetela a “tsamaiso ya dintho.” (Matheu 24:3-42) Ho phethahala ha boprofeta ba Jesu kajeno, ho bontsha hore haufinyane Modimo o tla fedisa mathata a rona. *

Jwale Modimo o tla fedisa mathata neng? Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore Modimo o na le matla a ho fedisa mathata. A re ke re boneng mehlala e latelang.

Dikoduwa Tsa Tlhaho: Ha Jesu le baapostola ba hae ba tsamaya ka sekepe lewatleng la Galilea, sefefo se matla se ile sa batla se tebisa sekepe sa bona. Empa Jesu o ile a bontsha hore yena le Ntate wa hae ba ka kgona ho laola matla a tlhaho. (Bakolose 1:15, 16) Jesu o ile a re: “Thola! Kgutsa!” Ho ile ha etsahalang? “Moya wa kokobela, mme kgutso e kgolo ya e ba teng.”—Mareka 4:35-39.

Ho Kula: Jesu o ne a tsebahala ka ho phekola batho ba foufetseng le ba holofetseng, ho akarelletsa le mafu a kang ho akgeha, lepera le malwetse a mang. “A phekola bohle ba neng ba ya hampe.”—Matheu 4:23, 24; 8:16; 11:2-5.

Kgaello ya Dijo: Jesu o ile a sebedisa matla a neng a a fuwe ke Ntate wa hae ho eketsa dijo. Bibele e re ka makgetlo a mabedi nakong eo a ntseng a le lefatsheng, o ile a fepa batho ba dikete.—Matheu 14:14-21; 15:32-38.

Lefu: Ditlaleho tse tharo tse buang ka hore Jesu o ile a tsosa bafu, di bontsha ka ho hlaka hore Jehova o na le matla a ho fedisa lefu. E mong wa batho bao Jesu a ileng a ba tsosa, o ne a se ana le matsatsi a mane a shwele.—Mareka 5:35-42; Luka 7:11-16; Johanne 11:3-44.

^ par. 5 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le matsatsi a ho qetela, sheba kgaolo ya 9 bukeng ya Bibele e re Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa e fumana websaeteng ho www.isa4310.com/st-za.