Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BATHO BA HLOKAHALLETSWENG BA KA THUSWA KENG?

Ho Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa—Seo o ka se Etsang

Ho Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa—Seo o ka se Etsang

Ho na le dikeletso tse ngata tse mabapi le hore na o ka thuswa keng ha o hlokahalletswe, tse ding di sebetsa ho feta tse ding. Mohlomong lebaka ke hobane ha re bontshe ho utlwa bohloko ka ditsela tse tshwanang, jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng. Ntho e sebeletsang motho e mong e ka nna ya se ke ya sebeletsa batho ba bang.

Ho ntse ho le jwalo, ho na le ditataiso tse ding tse thusitseng batho ba bangata. Hangata dikeletso tseo ditsebi tse eletsang batho ba hlokahalletsweng di fanang ka tsona, di thehilwe Bibeleng.

1: AMOHELA TSHEHETSO E TSWANG HO BA LELAPA LE METSWALLE

  • Ditsebi tse ding di re ena ke yona tsela ya bohlokwa ka ho fetisisa ya ho kokobetsa bohloko. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka nna wa batla ho ba mong. Hape o ka nna wa teneha ha batho ba bang ba leka ho o thusa. Dintho tsena di tlwaelehile.

  • O se ke wa ikutlwa e ka o tlameha ho dula o le hara batho, empa le teng o se ke wa etsa e ka ha o ba hloke. Hopola hore o ntse o ka nna wa hloka thuso ya bona nakong e tlang. Ka mosa bolella ba bang seo o se batlang le seo o sa se batleng ka nako eo.

  • Ho itshetlehile ka hore na o hloka eng, etsa nako e lekaneng ya ho ba le batho le ya ho ba mong.

MOLAOMOTHEO: ‘Ba babedi ba molemo ho feta a le mong . . . Etswe haeba a le mong wa bona a ka wa, e mong a ka mo emisa.’—Moeklesia 4:9, 10.

2: JA HANTLE MME O IKWETLISE

  • Ho ja hantle ho ka o thusa ho theola kgatello ya maikutlo e bakwang ke bohloko ba ho hlokahallwa. Leka ho ja mefuta e sa tshwaneng ya ditholwana, meroho le diprotheine.

  • Nwa metsi a mangata le diterinki tse matlafatsang mmele.

  • E ja dijo tse nyane kgafetsa haeba o se na takatso ya dijo. Botsa ngaka ya hao ya ditshepe ka dimatlafatsi tse ding. *

  • Ho ikwetlisa ka ditsela tse sa tshwaneng jwalo ka ho tsamaya ka potlako, ho ka kokobetsa bohloko. Ho ikwetlisa ho ka o fa nako ya hore o nahana ka se sa tswa o hlahela kapa o nahane ka dintho tse ding.

MOLAOMOTHEO: “Ha ho eso ho be motho ya kileng a hloya nama ya hae le ka mohla empa o ye a e fepe, a e baballe.”—Baefese 5:29.

3: ROBALA NAKO E LEKANENG

  • Ke ha bohlokwa hore batho ba hlokahalletsweng ba robale ka ho lekaneng, ka ha hangata ba dula ba kgathetse.

  • Hlokomela hore na o nwa khafeine e kae le jwala bo bokae, hobane dintho tsena di ka o hlokisa boroko.

MOLAOMOTHEO: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”—Moeklesia 4:6.

4: BATLA MOKGWA O KA O SEBELETSANG

  • Hopola hore ha re bontshe ho utlwa bohloko ka tsela e tshwanang. Qetellong o tla tseba hore na ke mokgwa ofe o o sebeletsang.

  • Batho ba bangata ba thuswa ke ho bua le ba bang ka bohloko boo ba bo utlwang athe haele ba bang bona, ba kgetha ho se bue. Haeba o batla ho bolella motho e mong ka moo o ikutlwang ka teng empa o tshaba, o ka qala ka ho amela motswalle wa hao ka moo o ikutlwang ka teng.

  • Le hoja batho ba bang ba thuswa ke ho lla haholo, ba bang bona ba ntse ba ba hantle le ha ba sa lle hakaalo.

MOLAOMOTHEO: “Pelo e itsebela ho baba ha yona.”—Liproverbia 14:10, BIBELE E HALALELANG.

5: O SE KE WA ETSA DINTHO TSE KA O LEMATSANG

  • Batho ba bang ba hlokahalletsweng, ba leka ho kokobetsa bohloko boo ba bo utlwang ka hore ba nwe jwala le ho sebedisa dithethefatsi. Ho etsa sena ke ho itematsa. Le hoja mokgwa ona o ka kokobetsa bohloko boo ka nakwana, empa o ka o bakela mathata a maholo. O se ke wa sebedisa dintho tse kotsi ho kokobetsa bohloko.

MOLAOMOTHEO: “A re itlhatsweng ditshila tsohle.”—2 Bakorinthe 7:1.

6: ETSA DINTHO TSE DING

  • Batho ba bang ba thuswa ke ho etsa dintho tse ding ho ena le hore ba dule ba utlwile bohloko.

  • Ho matlafatsa setswalle kapa ho etsa metswalle e metjha, ho ithuta dintho tse ntjha kapa ho ithabisa, ho ka kokobetsa bohloko boo o bo utlwang.

  • Ha nako e ntse e ya dintho di tla fetoha. O tla hlokomela hore ha o sa nka nako e telele o utlwile bohloko.

MOLAOMOTHEO: “Ho na le nako e behilweng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe, . . . nako ya ho lla le nako ya ho tsheha; nako ya ho bokolla le nako ya ho tlolatlola.”—Moeklesia 3:1, 4.

7: TSEBA HORE NA O ETSA ENG KA NAKO EFE

  • Etsa hore hang hang o be le nako eo o etsang dintho ka yona.

  • Ha ona le nako ya ho robala, ho sebetsa le ho etsa dintho tse ding, qetellong o tla etsa dintho jwalo ka pele.

  • Ho tshwareha ka dintho tse ding ho tla kokobetsa bohloko boo o bo utlwang.

MOLAOMOTHEO: “Etswe ha se hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Modimo wa nnete o etsa hore a tshwarehe ka ho thaba ha pelo ya hae.”—Moeklesia 5:20.

8: O SE KE WA POTLAKELA HO ETSA DIQETO TSE KGOLO

  • Batho ba etsang diqeto tse kgolo hang ka mora ho hlokahallwa ba a itshola.

  • Ha ho kgonahala nka nako pele o fallela sebakeng se seng, o batla mosebetsi o motjha kapa o fana ka dintho tsa mofu.

MOLAOMOTHEO: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ya lepotlapotla o leba bohloking.” —Liproverbia 21:5.

9: HOPOLA MORATUWA WA HAO YA HLOKAHETSENG

  • Batho ba bangata ba bona e le ha bohlokwa ho etsa dintho tse ba hopotsang moratuwa wa bona ya hlokahetseng.

  • O ka nna wa batla ho ba le dinepe kapa buka e buang ka dintho tse o hopotsang mofu le dintho tseo le neng le di etsa le yena.

  • Beha dintho tse o hopotsang dinako tse monate tsa mofu mme o di shebe ha o se o le betere.

MOLAOMOTHEO: “Hopolang matsatsi a kgale.”—Deuteronoma 32:7.

10: NKA MAETO

  • O ka nna wa nahana ka ho nka leeto.

  • Haeba o sa kgone ho nka leeto, mohlomong o ka nka letsatsi kapa a mabedi ho etsa ntho e nngwe eitseng jwalo ka ho hlwa thaba, ho ya musiamong kapa ho tswa feela e le hore o hahlwe ke moya.

  • O ka boela wa thuswa ke ho etsa ntho eo o sa tlwaelang ho e etsa.

MOLAOMOTHEO: “Tloong boinotshing sebakeng se ka thoko mme le phomole hanyenyane.” —Mareka 6:31.

11: THUSA BA BANG

  • Hopola hore ho thusa ba bang ho tla etsa hore o be betere.

  • O ka qala ka ho thusa metswalle le ba leloko ba utlwileng bohloko jwalo ka wena.

  • Ho tshedisa ba bang ho tla etsa hore o thabe le hore o hlokomele hore o motho wa bohlokwa ho bona.

MOLAOMOTHEO: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

12: HLAHLOBA HORE NA KE DINTHO DIFE TSA BOHLOKWA

  • Ho hlokahallwa ho ka etsa hore o tsebe hore na ke dintho dife tsa bohlokwa.

  • Nka nako ena ho sheba hore na o etsang bophelong.

  • Haeba ho kgoneha ntlafatsa moo ho hlokahalang.

MOLAOMOTHEO: “Ho molemo ho ya ntlong ya ho siama ho feta ho ya ntlong ya mokete, hobane eo ke pheletso ya moloko ohle wa batho; mme ya phelang o lokela ho e tebisetsa pelong ya hae.”—Moeklesia 7:2.

Nnete ke hore ha ho letho le ka tlosang bohloko boo re bo utlwang ka ho felletseng. Batho ba bangata ba hlokahalletsweng, ba a dumela hore ho latela mehato ena ho ba thusitse haholo. Ke nnete hore ho ntse ho na le dintho tse ding tse ka thusang ho kokobetsa bohloko. Le ha ho le jwalo, haeba o latela tse ding tsa dintho tseo re buileng ka tsona ka hodimo, o tla fumana thuso.

^ par. 13 Fadimehang! ha e fane ka mofuta o itseng wa phekolo.