Ho Baefese 5:1-33

  • Dipuo tse ntle le boitshwaro bo hlwekileng (1-5)

  • Le phele jwalo ka bana ba lesedi (6-14)

  • Le tlale moya o halalelang (15-20)

    • Le sebedise nako ya lona hantle (16)

  • Banna le basadi ba a eletswa (21-33)

5  Le etsise Modimo+ hobane le bana ba hae bao a ba ratang.  Le nne le ratane+ feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a re* rata.+ O ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona* e le nyehelo le sehlabelo se nkgang ha monate ho Modimo.+  Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ntho e nngwe le e nngwe e ditshila le meharo di se ke tsa buuwa le ho buuwa hara lona+ hobane ha ho a lokela ho ba jwalo hara bahlanka ba Modimo.+  Hape hara lona ha ho a lokela ho ba le boitshwaro bo swabisang, dipuo tse se nang kelello le meswaso e ditshila+ e leng dintho tse sa lokang. Ho ena le hoo, le be batho ba lebohang.+  Le tseba hantle ebile le a hlokomela hore batho ba etsang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sa hlwekang kapa ba meharo (meharo ke borapedi ba ditshwantsho)+ ba ke ke ba fumana Mmuso wa Kreste le wa Modimo.+  Le se ke la dumella mang kapa mang ho le qhekella ka mashano hobane ka lebaka la dintho tseo, Modimo o tla halefela ba sa mameleng.  Le se ke la itswakanya le bona  hobane pele le ne le le lefifing empa hona jwale le leseding+ ka ha le ba Morena.+ Tswelang pele le phela jwalo ka bana ba lesedi  hobane lesedi le hlahisa* mefuta yohle ya dintho tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.+ 10  Etsang bonnete ba hore na ke dintho dife tse kgahlisang+ Morena. 11  Le tlohele ho etsa dintho tse se nang thuso tsa lefifi.+ Ho ena le hoo, le di senole. 12  Dintho tseo ba di etsang lekunutung di swabisa hoo di sa buuweng. 13  Dintho tsohle di pepeswa ke lesedi. Ka hoo, lesedi le etsa hore dintho tsohle di bonahale. 14  Ka lebaka leo, ho itswe: “Tsoha wena ya robetseng, o tsohe bafung+ mme Kreste o tla o fa lesedi.”+ 15  Le itjhebe hore na le itshwere jwang. Le se ke la itshwara jwalo ka batho ba se nang kelello empa le itshware jwalo ka ba bohlale. 16  Le sebedise nako ya lona hantle*+ hobane matsatsing ao re phelang ho ona ho tletse bokgopo. 17  Le se ke la ba batho ba se nang kelello empa le dule le utlwisisa hore na thato ya Jehova* ke efe.+ 18  Le se ke la tahwa ke veine+ hobane e etsa hore batho ba tswe tseleng. Le nne le tlale moya o halalelang. 19  Binang dipesaleme ha mmoho,* le bine dipina tse rorisang Modimo le dipina tsa borapedi.+ Le letse mmino mme le binele Jehova*+ ho tswa pelong.*+ 20  Le dule le leboha+ Modimo Ntate wa rona ka ntho e nngwe le e nngwe le sebedisa lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.+ 21  E mong le e mong a ikokobeletse e mong+ hobane le hlompha Kreste haholo. 22  Basadi ba ikokobeletse banna ba bona+ jwalo ka ha ba ikokobeletsa Morena 23  hobane monna ke hlooho ya mosadi wa hae+ jwalo ka ha Kreste le yena e le hlooho ya phutheho.+ Ke yena mopholosi wa mmele e leng phutheho. 24  Feela jwalo ka ha phutheho e ikokobeletsa Kreste, basadi le bona ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona nthong e nngwe le e nngwe. 25  Banna, le dule le rata basadi ba lona+ feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a rata phutheho, a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa yona.+ 26  O entse jwalo e le hore a ka e halaletsa, a e hlwekisa ka metsi e leng lentswe la Modimo+ 27  e le hore phutheho e hlahe e le ntle ka pela hae, e se na matheba, maswebe kapa dintho tse tshwanang le tseo+ empa e halalela hape e hloka molato.+ 28  Banna le bona ba rate basadi ba bona jwalo ka ha ba rata mmele ya bona. Monna ya ratang mosadi wa hae o a ithata 29  hobane ha ho motho ya kileng a hloya mmele wa hae empa o a o fepa le ho o baballa jwalo ka ha Kreste le yena a etsetsa phutheho dintho tsena 30  hobane re ditho tsa mmele wa hae.+ 31  “Ka lebaka leo, monna o tla siya ntate wa hae le mme wa hae mme a kgomarele* mosadi wa hae, bobedi ba bona e tla ba nama e le nngwe.”+ 32  Lekunutu lena le leholo le halalelang+ le bua ka Kreste le phutheho.+ 33  Le ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona o lokela ho rata mosadi wa hae+ jwalo ka ha a ithata. Mosadi le yena o lokela ho hlompha monna wa hae haholo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “le.”
Kapa mohlomong: “lona.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ditholwana tsa lesedi ke.”
Ka Segerike: “Le ithekele nako.”
Kapa mohlomong: “Le ipinele dipesaleme.”
Kapa: “ka dipelong.”
Kapa: “a dule le.”