Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BATHO BA HLOKAHALLETSWENG BA KA THUSWA KENG?

Ntho e ka Sehloohong e ka Thusang Batho ba Hlokahalletsweng

Ntho e ka Sehloohong e ka Thusang Batho ba Hlokahalletsweng

BOHLOKO BA HO HLOKAHALLWA KE E NNGWE YA DINTHO TSE KA SEHLOOHONG TSEO HO ETSWANG DIPATLISISO KA TSONA. Empa jwalo ka ha re bone dihloohong tse fetileng, hangata dikeletso tseo ditsebi di fanang ka tsona di dumellana le Bibele. Sena se bontsha ka ho hlaka hore tataiso ya Bibele ha e fellwe ke nako. Ka hoo, Bibele ha e fane feela ka keletso eo re ka e tshepang. Empa e boetse e fana ka boitsebiso boo ho seng moo re ka bo fumanang, bo ka tshedisang batho ba hlokahalletsweng.

  • Bibele e re tiisetsa hore baratuwa ba rona ba hlokahetseng ha ba utlwe bohloko

    Lengolo la Moeklesia 9:5 le re: “Ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.” ‘Menahano ya bona ya timela.’ (Pesaleme ya 146:4) Ke ka hoo Bibele e tshwantshang lefu le boroko bo se nang ditoro.—Johanne 11:11.

  • Ho dumela ka ho felletseng ho Modimo ya lerato ho a tshedisa

    Pesaleme ya 34:15 e re: “Mahlo a Jehova * a tadimile ba lokileng, o sekehela mohoo wa bona o kopang thuso tsebe.” Ho bolella Modimo ka moo re ikutlwang ka teng, ho molemo ho feta setlhare le ha e le sefe. Ho re thusa ho ba le kamano e haufi le Mmopi wa rona ya fanang ka matshediso.

  • Bokamoso bo thabisang boo o ka bo lebellang

    Ako nahane o se o bona bafu ba tsoswa. Bibele e dula e bua ka nako ena. Ha Bibele e hlalosa ka moo lefatshe le tla ba ka teng nakong eo, e re Modimo “o tla hlakola meokgo yohle mahlong a [rona,] lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tsa pele di fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Batho ba bangata ba nang le tumelo ho Jehova e leng mongodi wa Bibele, ba matlafatswa ke tshepo eo ba nang le yona ya hore ba tla boela ba bona baratuwa ba bona ba hlokahetseng. Ka mohlala, Ann ya hlokahalletsweng ke monna, eo ba neng bana le dilemo tse 65 ba nyalane, o re: “Bibele e ya ntiisetsa hore baratuwa ba rona ba hlokahetseng ha ba utlwe bohloko le hore Modimo o tla tsosa bohle ba mohopolong wa hae. Dintho tsena ke tsona tse tlang pele ha ke nahana ka molekane wa ka mme ka lebaka la sena, ke kgona ho mamella ntho ena e bohloko ka ho fetisisa e kileng ya nhlahela!”

Tiina eo re buileng ka yena dihloohong tse fetileng o re: “Ha e sa le Modimo a ntsheheditse ho tloha letsatsing leo Timo a hlokahetseng ka lona. Ke ne ke kgona ho bona hore Modimo o na le nna nakong eo ke hlahelwang ke mathata. Hape ke kgodisehile hore tshepiso eo Bibele e fanang ka yona, ya hore bafu ba tla tsoha ke nnete. E nthusa hore ke mamelle ho fihlella letsatsing leo ka lona ke tla kopana le Timo.”

Batho ba dimilione ba nang le kgodiseho ya hore seo Bibele e se buang ke nnete, le bona ba ikutlwa ka tsela ena. Le haeba o utlwa e ka ditshepiso tsena ha se nnete, o ka rua molemo ka ho etsa dipatlisiso le ho fumana bopaki ba hore dintho tsena di tla feela di phethahale. O ka nna wa hlokomela hore Bibele ke yona buka e ka sehloohong e ka o thusang ha o hlokahalletswe.

ITHUTE HO EKETSEHILENG KA TSOHO YA BAFU

Sheba divideo tse buang ka sehlooho sena ho jw.org/st-za

Bibele e tshepisa hore nakong e tlang re tla amohela baratuwa ba rona ba seng ba hlokahetse

HO ETSAHALANG KA BATHO BA HLOKAHETSENG?

Keng se etsahalang ha motho a hlokahala? Karabo ya Bibele e hlakileng, e ya kgothatsa ebile e ya tshedisa

Sheba tlasa DINGOLWA > DIVIDEO (Divideo Tsohle: Bibele)

NA O KA THABELA DITABA TSE MOLEMO?

Ka ha ho tletse ditaba tse bohloko, na ho na le moo o ka fumanang ditaba tse molemo? Video ena e bontsha bukana ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!

Sheba tlasa DINGOLWA > DIVIDEO (Divideo Tsohle: Diboka le Tshebeletso ya rona)

^ par. 7 Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.