Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Batho ba Dimilione Tse Tsheletseng ba Bolailwe ke Sewa sa COVID-19​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Batho ba Dimilione Tse Tsheletseng ba Bolailwe ke Sewa sa COVID-19​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo e leng WHO o ile wa re ho tloha ka la 23 May 2022, batho ba dimilione tse 6.27 ba bolailwe ke sewa sa COVID-19. Le ha ho le jwalo ka la 5 May 2022, mokgatlo wa WHO o ile wa hakanya hore palo ya batho ba hlokahetseng e ngata ho feta eo. O ile wa re ho tloha ka 2020 ho ya ho 2021, “batho ba ileng ba bolawa ke sewa sa COVID-19 kapa malwetse a mang a amanang le sona . . . ke ba ka bang dimilione tse 14.9.” Bibele e reng ka ditaba tse utlwisang bohloko hakaale?

Bibele e ile ya bolela hore ho tla ba le mafu a sewa

  •    Jesu o ile a re “matsatsing a ho qetela” ho tla ba le mafu a sewa.​—Luka 21:11, Contemporary English Version; 2 Timothea 3:1.

 Seo Jesu a ileng a se bua se a phethahala. Ho fumana dintlha tse ding, bala sehlooho se reng, “Re Tlo Bona Kang Hore re ‘Matsatsing a ho Qetela,’ kapa ‘Bofelong ba Dintho’?” (“What Is the Sign of ‘the Last Days,’ or ‘End Times’?”)

Bibele e a re tshedisa

  •   ‘Modimo wa matshediso ohle . . . o re tshedisa matshwenyehong ohle.’​—2 Bakorinthe 1:3, 4.

 Batho ba bangata ba ileng ba hlokahallwa ke baratuwa ba bona ba ile ba tshediswa ke Bibele. Ho fumana dintlha tse ding bala sehlooho se reng, “Ho Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa​—⁠Seo o ka se Etsang” le se reng, “Ntho e ka Sehloohong e ka Thusang Batho ba Hlokahalletsweng.”

Bibele e a re bolella hore na keng e ka lokisang dintho

  •    “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong.”​—Matheu 6:10.

 Haufinyane ‘Mmuso wa Modimo’ o tla etsa bonnete ba hore “ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’” (Mareka 1:14, 15; Esaia 33:24) Shebella video e reng Mmuso wa Modimo Keng? e le hore o ithute ka Mmuso ona o lehodimong le ho tseba hore na o tla etsang.

 Re o mema hore o ithute haholwanyane ka seo Bibele e se rutang e le hore wena le lelapa la hao le ka fumana molemo dikeletsong tsa yona tse bohlale le ditshepisong tsa yona tse thabisang.