Fetela boitsebisong

Na ho na le Motho ea Kileng a Bona Molimo?

Na ho na le Motho ea Kileng a Bona Molimo?

Karabo ea Bibele

Ha ho na motho eo ka ho toba a kileng a bona Molimo. (Exoda 33:20; Johanne 1:18; 1 Johanne 4:12) Bibele e re “Molimo ke Moea,” e leng mofuta o mong oa bophelo o sa bonahaleng ho batho.​—Johanne 4:24; 1 Timothea 1:17.

Leha ho le joalo, mangeloi a ka khona ho bona Molimo ka ho toba hobane le ’ona ke libōpuoa tsa moea. (Matheu 18:10) Ho feta moo, batho ba bang ha ba e-shoa, ba tla tsosoa ka ’mele ea moea e le hore ba il’o phela leholimong ’me ke hona ba tla khona ho bona Molimo.​—Bafilipi 3:20, 21; 1 Johanne 3:2.

Litsela tsa ho “bona” Molimo hona joale

Hangata ha Bibele e bua ka ho bona, e ho sebelisa ka tsela ea tšoantšetso ho bontšang hore ho emela ho rua tsebo. (Esaia 6:10; Jeremia 5:21; Johanne 9:39-41) Ka tsela ena, hona joale motho a ka bona Molimo ka ‘mahlo a pelo ea hae’ ka hore a be le tumelo, e le hore a Mo tsebe a be a ananele litšobotsi tsa Hae. (Baefese 1:18) Bibele e hlalosa mehato eo motho a ka e nkang e le hore a be le tumelo ea mofuta ’ona.

  • Ithute ka litšobotsi tsa Molimo, tse kang lerato le mosa oa hae hammoho le bohlale le matla a hae, ka ho talima pōpo. (Baroma 1:20) Ka mor’a hore monna ea tšepahalang Jobo a hopotsoe ka mesebetsi ea Molimo ea pōpo, o ile a ikutloa eka Molimo o eme ka pel’a hae.​—Jobo 42:5.

  • Tseba Molimo haholoanyane ka ho ithuta Bibele. Bibele ea re tiisetsa hore, “Haeba u mo batla, [Molimo] o tla etsa hore u mo fumane.”​—1 Likronike 28:9; Pesaleme ea 119:2; Johanne 17:3.

  • Ithute ka Molimo ka ho hlahloba bophelo ba Jesu. Kaha Jesu o ile a bonahatsa botho ba Ntate oa hae, Jehova Molimo, ka tsela e phethahetseng, ke ka nepo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”​—Johanne 14:9.

  • Phela ka tsela e khahlisang Molimo ’me u bone ha a u etsetsa lintho tse molemo. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.” Joalokaha ho bontšitsoe qalong, batho ba bang ba khahlisang Molimo ba tla tsosetsoa leholimong ’me ba tla khona ho “bona Molimo” moo.​—Matheu 5:8; Pesaleme ea 11:7.

Na Moshe, Abrahama le ba bang ha ba ka ba bona Molimo?

Mangolong ao ho ka ’nang ha utloahala eka Bibele e re ka ho toba batho ba ile ba bona Molimo, litlaleho tseo li bontša hore Molimo o ne a emetsoe ke lengeloi kapa o ile a hlaha ho bona ka pono.

Mangeloi.

Mehleng ea pele, Molimo o ile a romela mangeloi e le baemeli ba hae, e le hore ba hlahe ho batho ’me ba bue le bona lebitsong la hae. (Pesaleme ea 103:20) Ka mohlala, ka nako e ’ngoe Molimo o kile a bua le Moshe lentsoe la hae le hlaha sehlahleng se tukang ’me Bibele e re “Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tšaba ho talima Molimo oa ’nete.” (Exoda 3:​4, 6) Leha ho le joalo, Moshe ha aa ka a bona Molimo ka ho toba, kaha temana eo e bontša hore ha e le hantle o bone “lengeloi la Jehova.”​—Exoda 3:2.

Ka ho tšoanang, ha Bibele e re Molimo o ile “a bua le Moshe lifahleho li talimane,” e bolela hore Molimo o ile a buisana le Moshe ka mofuthu. (Exoda 4:​10, 11; 33:11) Moshe ha aa ka a bona sefahleho sa Molimo ka ho toba, kaha boitsebiso boo a neng a bo mametse ho tsoa ho Molimo, bo ne bo “fetisoa ka mangeloi.” (Bagalata 3:19; Liketso 7:53) Leha ho le joalo, tumelo ea Moshe ho Molimo e ne e le matla hoo ha Bibele e mo hlalosa e reng o ne a “bona Ea sa bonahaleng.”​—Baheberu 11:27.

Molimo o ile a bua le Abrahama ka mangeloi, feela joalokaha a entse ka Moshe. Ke ’nete hore ha motho a bala Bibele ka seoelo, a ka ’na a e-ba le maikutlo a hore Abrahama o ile a bona Molimo ka ho toba. (Genese 18:​1, 33) Leha ho le joalo, litemana tseo li bontša hore “banna ba bararo” ba ileng ba tla ho Abrahama, ha e le hantle e ne e le mangeloi a neng a ronngoe ke Molimo. Abrahama o ile a ba nka e le baemeli ba Molimo, ke kahoo a ileng a bua le bona joalokaha eka o ne a bua le Jehova ka ho toba.​—Genese 18:​2, 3, 22, 32; 19:1.

Lipono.

Molimo o ile a boela a hlaha ho batho ka lipono, kapa litšoantšo tse hlahang ka kelellong ea motho. Ka mohlala, ha Bibele e re Moshe le Baiseraele ba bang ba ile “ba bona Molimo oa ’nete oa Iseraele,” ha e le hantle ba ile “ba bona pono ea Molimo oa ’nete.” (Exoda 24:​9-​11) Ka ho tšoanang, ka linako tse ling Bibele e re baprofeta ba ile ba “bona Jehova.” (Esaia 6:1; Daniele 7:9; Amose 9:1) Ketsahalong ka ’ngoe, litemana li bontša hore ba ile ba bona pono e tsoang ho Molimo, eseng eena ka ho toba.​—Esaia 1:1; Daniele 7:2; Amose 1:1.