Liketso Tsa Baapostola 7:1-60

  • Setefane o bua ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda (1-53)

    • Mehleng ea lihlooho tsa malapa (2-16)

    • Moshe e ba moeta-pele; Baiseraele ba rapela litšoantšo (17-43)

    • Molimo ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho (44-50)

  • Setefane o tlepetsoa ka majoe (54-60)

7  Moprista ea phahameng a re ho Setefane: “Na litaba tsee ke ’nete?”  Setefane a re: “Bo-ntate, bana beso, ke kopa le ’mamele. Molimo ea hlomphehang o ile a hlaha ho moholo-holo oa rona Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia pele a lula Harane,+  a re ho eena: ‘Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’+  A tloha naheng ea Bakalde a ea lula Harane. Ka mor’a hore ntate oa hae a shoe,+ Molimo a re a fallele naheng ena eo le lulang ho eona hona joale.+  Ha a le moo, Molimo ha aa ka a mo fa lefa ho hang, leha e se e le sebakanyana sa hore a behe leoto. Empa a tšepisa ho fana ka naha eo e le lefa ho bana* ba hae+ le hoja a ne a e-s’o be le bana ka nako eo.  Molimo o ile a boela a mo bolella hore bana* ba hae e tla ba balichaba naheng eo e seng ea bona le hore batho ba tla ba etsa makhoba ’me ba ba hlorise ka lilemo tse 400.+  Hape a re: ‘Ke tla ahlola sechaba seo bana ba hao e tla ba makhoba a sona.+ Ka mor’a moo, ba tla tloha naheng eo ebe ba ntšebeletsa sebakeng sena.’+  Molimo a boela a etsa selekane sa lebollo+ le Abrahama eaba Abrahama o tsoala Isaka+ ’me o mo bolotsa letsatsing la borobeli.+ Isaka a tsoala* Jakobo, Jakobo eena a tsoala lihlooho tsa malapa tse 12.  Lihlooho tsa malapa tsa monela Josefa+ eaba li mo rekisetsa Baegepeta.+ Empa Molimo o ne a e-na le eena,+ 10  a mo lopolla mahlomoleng ’ohle a hae, a mo fa bohlale a ba a etsa hore Faro morena oa Egepeta a mo rate. Faro a mo khetha hore a buse Egepeta le ntlo eohle ea hae.+ 11  Tlala ea e-ba teng hohle Kanana le Egepeta, ea baka mahlomola a maholo ’me baholo-holo ba rona ba hloka lijo.+ 12  Ha Jakobo a utloa hore lijo li teng Egepeta, a romela baholo-holo ba rona ka lekhetlo la pele.+ 13  Ha a ba roma ka lekhetlo la bobeli, Josefa a itsebisa bana babo ’me Faro a tseba lelapa la bo Josefa.+ 14  Josefa a romela molaetsa ho ntate oa hae Jakobo le beng ka eena kaofela hore ba tle,+ kaofela e ne e le batho ba 75.+ 15  Jakobo a fallela Egepeta+ a ba a shoella teng+ ’moho le baholo-holo ba rona.+ 16  Ba isoa Shikeme eaba ba pateloa lebitleng leo Abrahama a neng a le rekile ka chelete ea silevera ho bara ba Hamore ha a le Shikeme.+ 17  Ha nako e atamela ea hore tšepiso eo Molimo a e boleletseng Abrahama e phethahale, Baiseraele ba eketseha Egepeta. 18  Eaba ho ba le morena e mocha Egepeta ea neng a sa tsebe Josefa.+ 19  O ile a etsetsa batho ba habo rona bolotsana, a ba tšoara hampe a ba a ba qobella ho lahla masea a bona e le hore a shoe.+ 20  Moshe a tsoaloa nakong eo ’me o ne a le motle haholo.* A holisetsoa lelapeng la ntate oa hae ka likhoeli tse tharo.+ 21  Batsoali ba hae ba ile ba qobelleha ho mo lahla+ eaba morali oa Faro oa mo nka o mo holisa e le mora oa hae.+ 22  Moshe o ile a fumana thuto ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa* Egepeta. E ne e le kheleke a bile a etsa mesebetsi e meholo.+ 23  Ha a le lilemo li 40, a etsa qeto ea* ho etela* bana babo ba Baiseraele.+ 24  Ha a bona Moegepeta a tšoara e mong oa bana babo hampe, a mo loanela eaba o bolaea Moegepeta eo. 25  O ne a nahana hore bana babo ba tla nka hore Molimo o ba pholosa ka eena empa ha baa ka ba nahana joalo. 26  Ka le hlahlamang, a fumana ba bang ba bana babo ba ntse ba loana eaba o leka ho ba thusa hore ba bope khotso. A re ho bona: ‘Bana beso, le bana ba motho. Ke hobane’ng ha le loantšana?’ 27  Ea neng a le molato a sutumetsa Moshe eaba o re ho eena: ‘Ke mang ea u entseng morena le moahloli oa rona? 28  Na u batla ho mpolaea joalokaha u bolaile Moegepeta eloa maobane?’ 29  Ha Moshe a utloa a cho joalo, a baleha a ea lula Midiane. Ha a le moo, o ile a ba le bara ba babeli.+ 30  Ka mor’a lilemo tse 40, lengeloi la hlaha ho eena lefeelleng la Thaba ea Sinai le le lelakabeng la mollo har’a sehlahla se meutloa.+ 31  Moshe a makatsoa ke ntho eo a e bonang. Eare ha a atamela a e’o shebisisa, a utloa lentsoe la Jehova* le re: 32  ‘Ke ’na Molimo oa baholo-holo ba hao, Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo.’+ Moshe a thothomela ke letsoalo eaba ha a sa shebisisa ho ea pele. 33  Jehova* a re ho eena: ‘Rola lieta* tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela. 34  Ke bone kamoo batho ba ka ba hateletsoeng kateng Egepeta. Ke utloile sello sa bona+ ebile kea theoha ho ea ba pholosa. Tloo ke u rome Egepeta.’ 35  Moshe enoa eo ba ileng ba mo latola ba re: ‘Ke mang ea u entseng morena le moahloli oa rona?’+ ke eena eo Molimo a ileng a mo roma+ e le ’musi le molopolli ka lengeloi le ileng la hlaha ho eena sehlahleng se meutloa. 36  O ile a ba ntša Egepeta,+ a etsa mehlolo naheng eo+ le Leoatleng le Lefubelu+ le ha ba le lefeelleng ka lilemo tse 40.+ 37  Moshe ke eena ea ileng a re ho Baiseraele: ‘Molimo o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.’+ 38  Ke eena ea neng a e-na le phutheho lefeelleng ha lengeloi+ le bua le eena+ hammoho le baholo-holo ba rona Thabeng ea Sinai. O ile a fuoa liphatlalatso tse halalelang le tse tšoarellang e le hore a re bolelle tsona.+ 39  Baholo-holo ba rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo qhelela ka thoko+ eaba lipelo tsa bona li khutlela Egepeta.+ 40  Ba re ho Arone: ‘Re etsetse melimo e tla re etella pele hobane ha re tsebe hore na ho etsahetse’ng ka Moshe enoa ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’+ 41  Ba etsa setšoantšo sa namane, ba se etsetsa sehlabelo ’me ba ithabisa ka lebaka la namane eo ba e entseng.+ 42  Molimo a ba furalla ’me a ba tlohela hore ba rapele tsohle tse maholimong+ feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea Baprofeta ha e re: ‘Lona Baiseraele, ha le ne le etsa linyehelo le mahlabelo ka lilemo tse 40 tseo le li qetileng lefeelleng, le ne le sa etsetse ’na. 43  Le ile la jara tente ea Moloke+ le setšoantšo sa naleli ea molimo Refane e leng litšoantšo tseo le ileng la li etsa e le hore le li rapele. Kahoo, ke tla le isa ka nģ’ane ho Babilona le le batšoaruoa.’+ 44  Molimo o ile a laela Moshe ho etsa tabernakele* ka tsela eo a neng a mo bontšitse ’me baholo-holo ba rona ba ne ba e-na le eona lefeelleng.+ 45  Baholo-holo ba rona ba ile ba e nka eaba ba tsamaea le Joshua ho ea naheng ea lichaba+ tseo Molimo a ileng a li leleka molemong oa baholo-holo ba rona.+ E lutse mona ho fihlela mehleng ea Davida. 46  Molimo oa Jakobo o ile a mo rata. Davida a kopa ho fuoa monyetla o ikhethang oa ho hahela Molimo ntlo.+ 47  Empa Solomone ke eena ea mo hahetseng ntlo.+ 48  Leha ho le joalo, Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho+ joalokaha moprofeta a boletse a re: 49  ‘Jehova* o re: “Leholimo ke terone ea ka+ ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka.+ Le tla nkahela ntlo ea mofuta ofe kapa ke phomole hokae? 50  Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle.”’+ 51  Lona banna ba manganga, ba lipelo li thata le ba sa utloisiseng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang joaloka baholo-holo ba lona.+ 52  Ke moprofeta ofe eo baholo-holo ba lona ba sa mo hlorisang?+ Ba bolaile batho ba profetileng ho tla ha motho ea lokileng,+ eo lona le mo rekisitseng* le ho mo bolaea.+ 53  Molimo o le file Molao a sebelisa mangeloi+ empa ha lea o mamela.” 54  Ha ba utloa a cho joalo, ba tuka ke bohale* ’me ba batla ho mo ntša kotsi. 55  Setefane a tlala moea o halalelang eaba o sheba leholimong ’me o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.+ 56  A re: “Ke bona maholimo a bulehile le Mor’a motho+ a eme ka letsohong le letona la Molimo.”+ 57  Ha ba utloa mantsoe ao ba hoeletsa, ba ithiba litsebe eaba baa mo khorohela. 58  Ba mo lahlela ka ntle ho motse eaba ba mo tlepetsa ka majoe.+ Lipaki+ tse mo qositseng tsa beha liaparo tsa tsona tsa ka holimo maotong a mohlankana ea bitsoang Saule.+ 59  Ha ba ntse ba tlepetsa Setefane ka majoe, Setefane a re: “Morena Jesu, ke kopa u amohele bophelo* ba ka.” 60  Qetellong a khumama a hoeletsa a re: “Jehova,* u se ke oa ba balla sebe sena.”+ Ka mor’a hore a bue mantsoe ana a robala lefung.

Linaletsana

Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa mohlomong: “a etsa ntho e tšoanang ka.”
Kapa: “o ne a le motle ho Molimo.”
Ka Segerike: “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “ha fihla pelong ea hae.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ka Segerike: “tente ea bopaki.”
Kapa: “ekileng.”
Kapa: “ba hlabeha.”
Ka Segerike: “moea.”