Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng eo U e Tsebang ka Lipaki Tsa Jehova?

Ke Eng eo U e Tsebang ka Lipaki Tsa Jehova?

U re bona hangata re ntse re bua le batho ka Bibele. E ka ’na eaba u balile ka rōna likoranteng kapa ua utloa batho ba bang ba bua ka rōna. Leha ho le joalo, u tseba Lipaki Tsa Jehova hakae?

ITLHAHLOBE

Tšoaea ’nete kapa bohata.

’NETE BOHATA

  1. Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste.

  2. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.

  3. Lipaki Tsa Jehova ha li ee ngakeng.

  4. Lipaki Tsa Jehova li nka hore Bibele eohle ke Lentsoe la Molimo.

  5. Lipaki Tsa Jehova li sebelisa feela Bibele eo li e fetoletseng.

  6. Lipaki Tsa Jehova li fetoletse Bibele ho latela tumelo ea tsona.

  7. Lipaki Tsa Jehova ha li thuse sechaba.

  8. Lipaki Tsa Jehova ha li rate batho ba malumeli a mang.

Fumana likarabo leqepheng le latelang.

  1. 1 ’NETE. Re leka ho ruta lintho tseo Jesu a neng a li ruta, hape re leka ho etsa lintho joaloka eena. (1 Petrose 2:21) Leha ho le joalo, re fapana ka litsela tse ’maloa le malumeli a mang a reng ke a Bokreste. Ka mohlala, re ithutile hore Bibele e re Jesu ke Mora oa Molimo ebile ha se karolo ea Boraro-bo-bong. (Mareka 12:29) Re lumela hore moea oa shoa le hore ha ho moo Bibele e reng Molimo o hlokofatsa batho liheleng. Hape ha re lumele hore batho ba etellang pele bolumeling ba fuoe mabitso a etsang hore eke ba phahametse batho ba bang.—Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4; Matheu 23:8-10.

  2. 2 BOHATA. Re lumela hore Molimo o bōpile lintho tsohle. Leha ho le joalo, ha re lumellane le batho ba reng Molimo o bōpile lintho ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Hobane’ng? Hobane maikutlo ao ha a lumellane le seo Bibele e se buang. Ka mohlala, batho ba bang ba lumela hore matsatsi a pōpo ao Bibele e buang ka ’ona ke matsatsi a lihora tse 24. Empa ka Bibeleng lentsoe “letsatsi” le ka boela la bolela nako e fetang lihora tseo tse 24. (Genese 2:4; Pesaleme ea 90:4) Hape, batho bao ba lumela hore lefatše le na le lilemo tse seng se kae feela le bōpiloe. Leha ho le joalo, Bibele e re leholimo le lefatše li bile teng nako e telele pele ho matsatsi a tšeletseng a pōpo. 1Genese 1:1.

  3. 3 BOHATA. Rea ngakeng. Ha e le hantle, ba bang ba rōna ke lingaka joaloka Luka oa mehleng ea Jesu. (Bakolose 4:14) Leha ho le joalo, ha re amohele phekolo e sa lumellaneng le melao ea Molimo. Ka mohlala, ha re tšele mali hobane Bibele e re re se ke ra ja mali.—Liketso 15:20, 28, 29.

    Re batla mekhoa e meng ea phekolo e molemo bakeng sa rōna le ba malapa a rōna. Ha e le hantle, mekhoa ea phekolo e sebelisoang ke Lipaki e etsang hore motho a se ke a lahleheloa ke mali a mangata, e se e sebelisoa le ke batho ba bang. Linaheng tse ngata, batho ba se ba ka sebelisa mekhoa ena ’me ba qoba likotsi tse kang mafu a fetang ka mali, ho kulisoa ke ho tšeloa mali a fosahetseng hammoho le liphoso tse ka etsoang ke lingaka.

  4. 4 ’NETE. Re lumela hore Bibele eohle, e leng Testamente e Ncha le ea Khale, e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo.’ (2 Timothea 3:16) Ha re bua ka Testamente ea Khale, re re ke Mangolo a Seheberu ’me Testamente e Ncha ke Mangolo a Segerike a Bakreste. Ha re etsa joalo, re qoba ho fana ka maikutlo a hore karolo e itseng ea Bibele e siiloe ke nako.

  5. 5 BOHATA. Ha re ithuta Bibele re sebelisa Libibele tse fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, re sebelisa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang hobane e na le lebitso la Molimo, hape e nepahetse ebile ho bonolo ho e utloisisa. A re etse mohlala ka lebitso la Molimo e leng Jehova. Leqepheng le qalang la Bibele e ’ngoe, ho na le mabitso a batho ba 79 ba e fetoletseng. Le hoja mabitso a bona a hlaha Bibeleng ena, ba tlositse lebitso la mongoli oa eona e leng Jehova Molimo! Empa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e kentse lebitso la Molimo hohle moo le neng le hlaha teng ka Bibeleng ea pele. 2

  6. 6 BOHATA. Re ile ra fetola lintho tseo re li lumelang ha re hlokomela hore ha li lumellane le seo Bibele e se rutang. Pele re e-ba le Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, re ne re sebelisa Libibele tse ling ho lumellanya lithuto tsa rōna le seo Bibele e se rutang.

  7. 7 BOHATA. Ha re ruta batho Bibele, ba rua molemo ka litsela tse ngata. Re thusitse batho ba bangata hore ba khaotse ho sebelisa lithethefatsi le hore e se ke ea e-ba makhoba a tahi. Re boetse re thusitse batho ba likete lefatšeng lohle hore ba tsebe ho bala le ho ngola. Ha ho e-na le likoluoa, re fana ka thusa e hlokahalang ho Lipaki Tsa Jehova le bao eseng Lipaki. Hape re thusa mahlatsipa a likoluoa ka ho ba khothatsa ka Bibele. 3

  8. 8 BOHATA. Re mamela Bibele ha e re re ‘hlomphe batho ba mefuta eohle’ ho sa tsotellehe hore na ke ba bolumeli bofe. (1 Petrose 2:17) Ka mohlala, le hoja re baloa ka likete linaheng tse ling, ha re leke ho kenya bo-ralipolotiki le bo-ramolao moea oa hore ba thibele malumeli a mang ho etsa mesebetsi ea ’ona ea bolumeli. Hape ha re kene matšolong a hore ho etsoe melao ea hore batho ba bang ba etse lintho joaloka rōna le hore ba lumele lintho tseo re li lumelang. Ho e-na le hoo, re tšoara batho ka tsela eo re batlang hore ba re tšoare ka eona.—Matheu 7:12.

Boitsebiso bo sehloohong sena bo teng ho jw.org/st. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, kena ho MABAPI LE RŌNA › LIPOTSO TSE BOTSOANG HANGATA.

^ 1 Kahoo, ha re hanane le lipatlisiso tsa bo-rasaense tse bontšang hore lefatše le na le lilemo tse libilione le bōpiloe.

^ 2. Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fapane le tse ling ka hore ha e rekisoe. Kahoo, batho ba limilione ba khona ho bala Bibele ka puo ea bona. Phetolelo ea Lefatše le Lecha e se e fumaneha ka lipuo tse ka bang 130. U ka boela ua e bala Inthaneteng ho www.isa4310.com/st.

^ 3. Re boetse re sebelisa chelete ea menehelo ka hore re thuse batho ba oetsoeng ke likoluoa. (Liketso 11:27-30) Kaha batho ba etsang mosebetsi oa ho thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa ke baithaopi, chelete ea menehelo e sebelisoa ho thusa mahlatsipa eseng ho patala basebetsi.