Fetela boitsebisong

Lihele ke Eng? Na ke Sebaka Seo ho Hlokofatsoang Batho ka ho sa Feleng ho Sona?

Lihele ke Eng? Na ke Sebaka Seo ho Hlokofatsoang Batho ka ho sa Feleng ho Sona?

Karabo ea Bibele

Liphetolelo tse ling tsa Bibele li sebelisa lentsoe “lihele” bakeng sa lentsoe la Seheberu “Sheole” le lentsoe la Segerike le tšoanang le lona, e leng “Hadese,” tseo ka bobeli li bolelang lebitla le tloaelehileng. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:27) Batho ba bangata ba lumela mollong oa lihele, joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong sa bolumeli se tsamaisanang le sehlooho sena. Leha ho le joalo, Bibele e ruta se fapaneng le seo.

  1. Batho ba liheleng ha ba tsebe letho kahoo ha ba utloe bohloko. “Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole.”​—Moeklesia 9:10.

  2. Batho ba lokileng ba ea liheleng. Banna ba tšepahalang, e leng Jakobo le Jobo ba ne ba lebeletse ho ea moo.​—Genese 37:35; Jobo 14:13.

  3. Kotlo ea sebe ke lefu eseng ho hlokofatsoa liheleng. “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.”​—Baroma 6:7.

  4. Tlhokofatso ea ka ho sa feleng e ne e tla ba khahlanong le toka ea Molimo. (Deuteronoma 32:4) Ha motho oa pele, e leng Adama a etsa sebe, Molimo o ile a mo bolella hore kotlo ea hae e ne e tla ba lefu a re: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:​19) Molimo o ne a tla be a bua leshano ha a ne a ka isa Adama mollong oa lihele.

  5. Molimo ha a e nahane le ho e nahana taba ea ho hlokofatsa batho liheleng ka ho sa feleng. Taba ea hore o tla hlokofatsa batho liheleng e hanana le thuto ea Bibele ea hore “Molimo ke lerato.”​—1 Johanne 4:8; Jeremia 7:31.