Fetela boitsebisong

Moea ke Eng?

Moea ke Eng?

Karabo ea Bibele

Ka Bibeleng lentsoe “moea” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu, neʹphesh le ea Segerike, psy·kheʹ. Lentsoe la Seheberu le bolela “sebōpuoa se hemang” ’me la Segerike le bolela “ntho e phelang.” * Kahoo, moea ke sebōpuoa, eseng ntho e ka hare ho sona e pholohang ha ’mele o e-shoa. Hlokomela kamoo Bibele e bontšang kateng hore moea oa motho ke motho ka boeena:

Adama ha aa ka a fuoa moea​—e ile “ea e-ba moea o phelang”

  • Ha Jehova Molimo a ne a bōpa motho oa pele, e leng Adama, Bibele e re ‘motho e ile ea e-ba moea o phelang.’ (Genese 2:7, Bibele ea Sesotho) Adama ha aa ka a fuoa moea​—e ile ea e-ba moea o phelang, kapa motho.

  • Bibele e re moea o ka sebetsa, oa lakatsa lijo, oa ja, oa mamela melao le ho tšoara setopo. (Levitike 5:2; 7:20; 23:30; Deuteronoma 12:20; Baroma 13:1) Lintho tseo tsohle li ka etsoa ke motho.

Na moea o oa shoa?

E, moea o oa shoa. Litemana tse ngata tsa Bibele li re moea o oa shoa. Mehlala e seng mekae ke ena:

  • “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”​—Ezekiele 18:​4, 20, Bibele ea Sesotho.

  • Iseraele ea boholo-holo, kotlo ea sebe se seholo e ne e le hore “moea o khaoloe.” (Exoda 12:15, 19; Levitike 7:​20, 21, 27; 19:8, King James Version) Motho ea entseng sebe seo o ne a “bolaoa.”​—Exoda 31:14, King James Version.

  • Litemana tse ling tsa Bibele li sebelisa lentsoe ‘moea o shoeleng’ ha li bua ka setopo sa motho. (Levitike 21:11; Numere 6:6) Le hoja liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sebelisa mantsoe a reng “’mele o shoeleng” kapa “motho ea shoeleng” litemaneng tseo, Seheberu se sebelisa lentsoe neʹphesh, kapa “moea.”

“Moea” o bolela “bophelo”

Ka Bibeleng, lentsoe “moea” le boetse le bolela “bophelo.” Ka mohlala, Jobo 33:22 e sebelisa lentsoe la Seheberu “moea” (neʹphesh) ha e bua ka “bophelo.” Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore moea oa motho kapa bophelo, bo ka ba kotsing kapa ba lahleha.​—Exoda 4:19; Baahloli 9:17; Bafilipi 2:30.

Tsela eo lentsoe “moea” le sebelisoang ka eona, e re thusa ho utloisisa litemana tseo ho tsona ho thoeng moea “o oa tsoa.” (Genese 35:18; King James Version) Mokhabo-puo ona o bontša hore bophelo ba motho boa fela. Liphetolelo tse ling li hlalosa polelo ena e ho Genese 35:18 ka ho re, “o ile a phefumoloha la ho qetela.”​—Good News Translation; New Jerusalem Bible.

Tumelo ea hore moea ha o shoe e tsoa hokae?

Malumeli a Bokreste a lumelang hore moea ha o shoe, ha aa nka tumelo ena ka Bibeleng empa a e nkile filosofing ea boholo-holo ea Bagerike. Encyclopædia Britannica e re: “Ha Bibele e bua ka moea e re o amana le ho hema ’me ha e bontše ho na le phapang pakeng tsa moea le ’mele. Maikutlo a Bakreste a hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa moea le ’mele, a tsoa ho Bagerike ba boholo-holo.”

Molimo ha a lumelle hore lithuto tsa hae li kopanngoe le lifilosofi tsa batho, tse kang ho lumela hore moea ha o shoe. Ho e-na le hoo, Bibele e ea lemosa: ‘Hlokomelang hore ho se ke ha e-ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.’​—Bakolose 2:8; Bibele—Phetolelo e Ncha.

^ ser. 3 Sheba The New Brown, Driver, and Briggs Hebrew and English Lexicon of the Old Testament, leqepheng la 659 le Lexicon in Veteris Testamenti Libros, leqepheng la 627. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sebelisa lentsoe neʹphesh le psy·kheʹ ka litsela tse fapaneng ho latela moelelo oa taba, li sebelisa mantsoe a kang “moea,” “bophelo,” “motho,” “sebōpuoa,” kapa “’mele.”