Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?

U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?

BOTHATA

Uena le molekane oa hao le qeta ho phehisana. U re ka pelong: Ha ho hlokahale hore ke kōpe tšoarelo.’ Hase ’na ea fositseng!’

Le hoja le se le sa phehisane, ho ntse ho e-na le tsitsipano. U nahana ka hore u kōpe tšoarelo, empa u sitoa ho bua mantsoe a bonolo a reng, “Ke kōpa u ntšoarele.”

SE KA ETSANG HORE HO BE THATA

Boikhohomoso. Monna ea bitsoang Charles * o re: “Ka linako tse ling ho iphahamisa ho etsa hore ho be thata hore ke kōpe tšoarelo.” Boikhohomoso bo ka etsa hore u se ke ua amohela hore le uena u phoso.

Tsela eo u shebang lintho ka eona. U ka ’na ua nahana hore u lokela ho kōpa tšoarelo hafeela e le uena ea fositseng. Mosali ea bitsoang Jill o re: “Ha ke tseba hore ehlile ke fositse, ho ba bonolo hore ke kōpe tšoarelo. Empa haeba ka bobeli re buile mantsoe a seng monate, ho ba thata. Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha ke lokela ho kōpa tšoarelo empa re entse phoso re le babeli.”

U ka ’na ua ikutloa u se molato hakaalo haeba u nka hore ke molekane oa hao ea phoso. Monna ea bitsoang Joseph o re: “Haeba u nka hore ha ua etsa letho le phoso, ha u sa kōpe tšoarelo u bontša hore ha u molato.”

Khōliso. Mohlomong u hōletse lelapeng leo ho lōna ho kōpa tšoarelo e neng e le ntho e etsoang ka seoelo. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ha u tsebe ho amohela liphoso tsa hao. Ha u sa ka ua ithuta ho kōpa tšoarelo ho tsoa pelong u sa le monyenyane, u tla thatafalloa le ha u se u hōlile.

SEO U KA SE ETSANG

Ho kōpa tšoarelo ho ka felisa khang

Ameha ka molekane oa hao. Leka ho nahana ka nako eo ka eona motho e mong a ileng a kōpa tšoarelo ho uena le hore na seo se ile sa u thabisa hakae. Ke hobane’ng ha u sa etse hore molekane oa hao a ikutloe ka tsela e tšoanang? U lokela ho kōpa tšoarelo ka hore ebe u utloisitse molekane oa hao bohloko, esita le haeba u nka hore ha ua etsa phoso. Mantsoe ao a ka etsa hore molekane oa hao a fole.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:31.

Ameha ka lenyalo la hao. U se ke ua nka hore ha u kōpa tšoarelo seo se bolela hore u hlōtsoe. Etsoe, Liproverbia 18:19 e re motho ea lulang a khopehile o thata ho feta motse o sirelelitsoeng. Ho ke ke ha khoneha ho boloka khotso ka lapeng haeba banyalani ba lula ba ikemela. Ka lehlakoreng le leng, ha u kōpa tšoarelo u thibela hore liphoso li hōle. Ha e le hantle, u tla be u nka lenyalo la hao e le la bohlokoa.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 2:3.

Potlakela ho kōpa tšoarelo. Ke ’nete hore ho kōpa tšoarelo ho ka ba thata haeba u se phoso hakaalo. Empa liphoso tsa molekane oa hao hase lebaka la hore u itšoare ka tsela e fosahetseng. Kahoo, u se ke ua tsila-tsila ho kōpa tšoarelo hobane u nka hore ka mor’a nako phoso ea hao e tla feta. Ha u kōpa tšoarelo, ho tla ba bonolo hore molekane oa hao le eena a kōpe tšoarelo. Ha le itloaetsa ho kōpa tšoarelo, ho tla ba bonolo hore le lule le kōpa tšoarelo.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 5:25.

Bontša hore u soabile e le kannete. Ho ikemela ha ho tšoane le ho kōpa tšoarelo. Ho bua ka tsela e phoqang ’me u re: “Ke masoabi hore ebe taba ena e u utloisitsoe bohloko hakana,” ho hang hase ho kōpa tšoarelo! Amohela liphello tsa liketso tsa hao ’me u utloisise hore molekane oa hao o utloile bohloko, ho sa tsotellehe hore na u nka hore hoa utloahala kapa che.

Amohela liphoso. Ka boikokobetso u lokela ho lumela hore u tla etsa liphoso. Etsoe bohle rea fosa! Esita le ha u nahana hore ha ua etsa phoso, hlokomela hore seo u bonang se etsahetse e ka ’na eaba hase sona se hlileng se etsahetseng. Bibele e re: “Moqosi ha a bua ka khotla e ee ke o bua ’nete, ho fihlela ha moqusuoa a mo hloma lipotso.” (Liproverbia 18:17, BPN) Ho tla ba bonolo hore u kōpe tšoarelo haeba u sa iphahamise ’me u amohela liphoso tsa hao. 

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.