Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re Tsofala Ebile re Shwa?

Ke Hobaneng ha re Tsofala Ebile re Shwa?

MODIMO O NE a sa batle hore batho ba shwe. O ile a bopa Adama le Eva ba phethahetse mmeleng le kelellong, mme ba ka be ba ntse ba phela le kajeno. Sena re se bona ka ho hlaka mantsweng ao Jehova a ileng a a bolella Adama ka sefate se neng se le serapeng sa Edene.

Modimo o ile a re ho Adama: ‘Etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa [sefate] sena, ka sebele o tla shwa.’ (Genese 2:17) E ne e ke ke ya ba ho utlwahalang hore ebe Jehova o ile a fa Adama taelo eo, haeba o ne a mo bopetse hore a tsofale ebe o a shwa. Adama o ne a tseba hore haeba a ne a sa je tholwana eo o ne a ke ke a shwa.

MODIMO O NE A SA BATLE HORE BATHO BA SHWE

Ho ne ho sa hlokahale hore Adama le Eva ba je ditholwana tsa sefate seo e le hore ba phele, hobane ho ne ho e na le difate tse ngata tsa ditholwana. (Genese 2:9) Banyalani bao ba pele ba ne ba tla bontsha hore ba mamela Mmopi wa bona haeba ba ne ba sa ja tholwana eo. Seo se ne se tla boela se bontshe hore ba ne ba lemoha hore ke Modimo ya lokelang ho ba tataisa.

KE HOBANENG HA ADAMA LE EVA BA ILE BA SHWA?

E le hore re utlwisise hore na ke hobaneng ha Adama le Eva ba ile shwa, a re hlahlobeng puisano e re amang kaofela. Satane Diabolose o ile a sebedisa noha hore e ba thetse. Bibele e re: “Jwale noha e ne e le sedi ka ho fetisisa hara dibata tsohle tsa naha tseo Jehova Modimo a di entseng. Ka hoo, ya qala ho re ho mosadi: ‘Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’” Genese 3:1.

Eva o ile a araba a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng. Empa ha e le ho ja ditholwana tsa sefate se hara serapa, Modimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, tjhe, le se ke la di ama e le hore le se ke la shwa.’” Yaba noha e re ho yena: “Ka sebele le ke ke la shwa. Etswe Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.” Ka hoo, satane o ne a bontsha hore Jehova o leshano mme ha a batlele Adama le Eva se molemo.​—Genese 3:2-5.

Eva o ile a dumela seo a se utlwang. O ile a sheba sefate, se ne se kgahleha mme se lakatseha! O ile a nka tholwana mme a qala ho e ja. Ka hoo, Bibele e re: “Ka mora moo a fa le monna wa hae ha a se a e na le yena mme a qala ho e ja.”​—Genese 3:6.

Modimo o ile a re ho Adama: “Ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.”​—GENESE 2:17

E tlameha hore ebe Modimo o ile a utlwa bohloko ha a bona bana ba hae ba sa mo mamele. O ile a etsang? Jehova o ile a re ho Adama: ‘O tla kgutlela mobung, ka ha o ntshitswe ho wona. Etswe o lerole mme o tla kgutlela leroleng.’ (Genese 3:17-19) Ka lebaka leo, ‘matsatsi ohle ao Adama a a phetseng e bile dilemo tse 930 yaba o a shwa.’ (Genese 5:5) Adama ha a ka a ya lehodimong ka mora ho re a shwe. O ne a le siyo pele Jehova a mo bopa. Ka hoo, ha a shwa ha a ka a tswelapele a phela, empa o ile a kgutlela leroleng ka ha o ne a entswe ka lona. Hoo ke ho utlwisang bohloko hakaakang!

KE HOBANENG HA RE SA PHETHAHALA?

Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa ke ho phethahala le bophelo bo sa feleng ka lebaka la hore ba ile ba fosetsa Jehova ka boomo. Empa ho se mamele ha bona ha ho a ka ha ama bona fela. Ba ile ba boela ba lahlehelwa ke ho phethahala mmeleng mme sebe se ile sa fetela ho bana ba bona. Baroma 5:12 e re: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”

Bibele e hlalosa sebe le lefu e le “sekwahelo se kwahetseng ditjhaba tsohle, le moloho o loheletsweng ha mmoho hodima ditjhaba tsohle.” (Esaia 25:7) Sekwahelo seo se kwahela batho kaofela jwalo ka mohodi o tjhefu oo re ke keng ra kgona ho o baleha. Ka nnete, “ka Adama bohle ba a shwa.” (1 Bakorinthe 15:22) Moapostola Pauluse o ile a botsa, a re: “Ke mang ya tla mpholosa mmeleng ona o fetang lefung lee?” Na o teng a ka mo pholosang?​—Baroma 7:24.