Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke rata ho qoqa le ho bapala le batjha

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke Rata Papadi ya Baseball ho Feta Ntho Leha e le Efe!

Ke ne ke Rata Papadi ya Baseball ho Feta Ntho Leha e le Efe!
  • KE HLAHILE KA: 1928

  • NAHA YA HESO: COSTA RICA

  • PELE: KE NE KE RATA HO BETJHA LE PAPADI YA BASEBALL HAHOLO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Ke holetse Puerto Limón, e leng toropo e boemakepe bo lebopong le ka botjhabela ba Costa Rica. Heso re 8 mme nna ke wa bo7. Ntate o ile a hlokahala ha ke le dilemo di 8 yaba Mme o re hodisa a le mong.

Papadi ya Baseball e ne e le karolo ya bophelo baka. E ne e nhlatswa pelo. Eitse ha ke kena dilemong tsa bohlankana, ka bapalla thimi ya bomaithutwana. Ha ke le dilemo tse ka bang 20, ke ile ka bapalla liki ya bomaithutwana. Ka tsatsi le leng, setsebi se seng se neng se nshebelletse, se ile sa nkopa hore ke ilo bapalla thimi e kgolo kwana naheng ya Nicaragua. Le ha ho le jwalo, ka ha mama o ne a kula ka nako eo ebile e le nna ya mo hlokomelang, ke ile ka hana ho ya Nicaragua. Hamorao, setsebi se seng le sona se ile sa nkopa ho ya bapalla thimi e kgolo naheng ya Costa Rica. Lekgetlong lena ke ile ka dumela. Ke ile ka bapalla thimi ya naha eo ho tloha ka 1949 ho fihlela ka 1952 mme ka bapala dipapadi tse ngata Cuba, Mexico le Nicaragua. Ka dinako tse ding ke ne ke bapala ke le sethibathibane ha ka dinako tse ding ke le ya betsang bolo. Ke ne ke le sebapadi se hlwahlwa. Ke hlanya ha ke utlwa letshwele le hweletsa lebitso laka!

Ka maswabi, ke ile ka kena tlwara ka hara boitshwaro bo bobe! Le hoja ke ne ke na le motho, ke ne ke ratana le ba bang ka thoko. Ho phaella moo, ke ne ke nwa hore ho kgaohe moo ho kgwehlang. Ka tsatsi le leng ke ile ka phunkgana hoo ke ileng ka ipona ke se ke tsoha betheng ya ka letsatsing le hlahlamang! Ke ne ke boetse ke bapala madaese ke bile ke betjha loto.

Ha ke ntse ke nyolosa ke theosa le lefatshe, mama e ile ya eba Paki ya Jehova. O ile a leka ho nhokahoka hore ke be paki empa ka hana hobane ke ne ke phathahane ka ntho tsa ka. Ke ne ke rata baseball hoo ke neng ke sa lape ho hang ha ke e bapala!

Le ha ho le jwalo, ha ke le dilemo di 29, ke ile ka lemala ha bohloko. E ne e le ha ke ne ke leka ho qhomela bolo ke re ke ya e kapa nakong eo re ntseng re bapala. Kamora hore ke fole, ka kgaotsa ho bapalla thimi tse kgolo. Le ha ho le jwalo, ke ile ka dula ke ntse ke le setho sa baseball ke kwetlisa sehlopha sa bomaithutwana se haufi le lapeng.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ka 1957, ke ile ka ya kopanong ya Dipaki Tsa Jehova, e neng e le lebaleng la dipapadi leo ke neng ke bapalla baseball ho lona. Ha kopano e ntse e tswela pele, ke ile ka kgahlwa ke kamoo batho ba neng ba itshwere hantle kateng, ho fapana le boitshwaro boo ke neng ke bo bona ha re bapala moo. Seo ke ileng ka se bona kopanong eo, se ile sa nsusumelletsa hore ke qale ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova le ho ya dibokeng.

Ke ile ka rata seo ke neng ke ithuta sona ka Bibeleng. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, barutuwa ba hae ba ne ba tla bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. (Matheu 24:14) Ke ile ka boela ka ithuta hore Bakreste ha ba etse mosebetsi ona hore ba fumane tjhelete. Jesu o ile a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka bapisa seo e se buang le seo Dipaki Tsa Jehova di se etsang. Ke ile ka kgahlwa ke boikitlaetso ba tsona ba ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. Ke ile ka boela ka bona hore ke batho ba fanang, e leng seo Jesu a se kgothalletsang. Kahoo, ha ke bala Mareka 10:21 mme ke bona memo ya Jesu Kreste e reng ‘Tloo o be molatedi wa ka,’ ke ile ka etsa qeto ya ho ba Paki ya Jehova.

Ho ne ho le boima hore ke tlohele dintho tseo ke neng ke di rata. Ka mohlala, ke qetile dilemo tse ngata ke betjha ka dinomoro di le ding feela. Le ha ho le jwalo, ke ile ka ithuta hore Modimo o hloile batho ba rapelang “modimo wa Mahlohonolo,” hammoho le ba pelo e telele. (Esaia 65:11; Bakolose 3:5) Kahoo, ka tlohela ho betjha. Empa ho ile ha etsahala mohlolo, Sontaha sa pele ke tlohetse ho betjha loto, nomoro tsela tseo esale ke di bapala di ile tsa wina! Ha o aka wa bona ha batho ba ntsheha, ba bile ba nkgothalletsa hore ke bapale hape, empa ke ile ka hana. Ha ke a ka ka hlola ke betjha!

Ka ha diteko ha di fele, letsatsing leo ke neng ke kolobetswa ka lona, ke ile ka hlahelwa ke teko e ileng ya batla e ntshitisa ho phelela seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. (Baefese 4:24) Bosiung boo, ha ke fihla hoteleng eo ke neng ke dula ho yona, ke ile ka thola ngwanana eo ke neng ke ratana le yena a nkemetse monyako. O ile a re: “Aa hle Sammy a ko tlohele boseteifi!” Empa ke ile ka mo araba hanghang ka re “Setsung ke hole!” mme ka mo bolella hore ke se ke phela ka seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. (1 Bakorinthe 6:18) O ile a halefa a re: “O reng?” Yaba o leka ho nyenyefatsa melao ya Bibele e mabapi le boitshwaro mme a mphehella hore re boele re ratane. Le ha ho le jwalo, ke ile ka mo siya moo monyako yaba ke inotlella ka tlung. Ruri ke thabile hore ebe ho tloha ka 1958 ho tla fihlela lena le hodimo, ha ke so etse dintho tse mpe tseo ke neng ke tlwaetse ho di etsa.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ke ye ke ikutlwe eka nka ngola buka ka melemo eo ke e fumaneng ha ke latela tataiso ya Bibele. E meng ya melemo eo, ke hore hona jwale ke na le metswalle ya sebele, ke ya tseba hore na ke phelelang, ebile ke thabile.

Le hoja ke ntse ke rata baseball, hona jwale ke se ke e bapala ho itlosa bodutu feela. Ke ne ke tumme ke bile ke na le tjhelete empa ka mora nako dintho tseo di ile tsa fela. Le ha ho le jwalo, ha e le botswalle ba ka le Modimo le ba badumedimmoho le nna, bo ke ke ba fela. Bibele e re: “Lefatshe le a feta mme ho jwalo le ka takatso ya lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Hona jwale ke rata Jehova Modimo le badumedimmoho le nna ho feta ntho leha e le efe!