Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BAPALAMI BA BANE BA DIPERE KE BOMANG?

Bapalami ba Bane ba Dipere Ke Bomang?

Bapalami ba Bane ba Dipere Ke Bomang?

Bapalami bana ba bane, ba bonahala eka ba a tshosa, empa ha ho jwalo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane Bibele le diketsahalo tsa histori ya morao tjena, di re hlalosetsa hore na mopalami e mong le e mong o tshwantshetsang. Le hoja ho ka nna ha bonahala eka bapalami bana ba ile ba tlisetsa batho mathata, ho tseba ka bona, ho ka ba molemo ho wena le ho ba lelapa la hao. Empa jwang? E re re ke re hlahlobe hore na mopalami e mong le e mong o tshwantshetsang jwalo ka ha pono e hlalosa.

MOPALAMI WA PERE E TSHWEU

Pono e qala tjena: “Ka tadima, mme, bonang! pere e tshweu; ya e palameng o ne a ena le seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le hore a phethe tlholo ya hae.”—Tšenolo 6:2.

Mopalami wa pere e tshweu ke mang? Buka ya Bibele ya Tshenolo, e re hlalosetsa ka ho hlaka hore ke: “Lentswe la Modimo.” (Tšenolo 19:11-13) Ka hobane Jesu Kreste o sebetsa e le mmuelli wa Modimo, tlotla eo e mo tshwanetse. (Johanne 1:1, 14) Ho ekelletsa moo, o bitswa “Morena wa marena le Kgosi ya dikgosi” mme hape o hlaloswa e le ya ‘Tshepahalang le ya nang le Nnete.’ (Tšenolo 19:11, 16) Ho hlakile hore o na le matla a ho ba morena wa masole, mme ha a sebedise matla ao hampe kapa hona ho hatella ba bang. Le ha ho le jwalo, dipotso di a sala.

Ke mang ya fang Jesu matla a ho hlola? (Tšenolo 6:2) Moprofeta Daniele o ile a bona pono eo ho yona Mesia, a tshwantshwang le “mora motho,” a fuwa “bobusi le ho hlompheha le mmuso” ke “Moholoholo wa Matsatsi,” Jehova Modimo. * (Daniele 7:13, 14) Kahoo, ke Modimo ya Matla Ohle ya fang Jesu matla le tokelo ya ho busa le ho ahlola. Hangata Mangolo, a sebedisa mmala o mosweu e le ho tshwantshetsa ho loka. Kahoo, ke ho utlwahalang hore ebe Mora Modimo o bontshwa a palame pere e mmala o mosweu, ka ha o ahlola ka ho loka.—Tšenolo 3:4; 7:9, 13, 14.

Bapalami ba dipere ba ile ba qala ho di palama neng? Ela hloko hore mopalami wa pele e leng Jesu, o qadile ho palama ha a amohela moqhaka. (Tšenolo 6:2) Jesu o ile a rweswa moqhaka jwalo ka Morena lehodimong neng? Ha e ya ka ya eba morena hanghang kamora hore a tsosetswe lehodimong. Bibele e bontsha hore o ile a tlameha ho leta. (Baheberu 10:12, 13) Jesu o ile a etsa hore balatedi ba hae ba lemohe hore na nako ya hae ya ho leta, e ne e tla fela neng le hore na o ne a tla qala ho busa lehodimong neng. O ile a ba bolella hore ha a qala ho busa, maemo a lefatshe, a ne a tla mpefala le ho feta. Ho ne ho tlaba le dintwa, kgaello ya dijo le mafu a sewa. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) Hang feela kamora hore Ntwa ya Pele ya Lefatshe e qhome ka 1914, ho ile ha hlaka hore nako eo e fihlile, nako e bohloko, eo Bibele e e bitsang “matsatsi a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-5.

Empa ke hobaneng ha re bona maemo a mabe feela ha e sa le Jesu a amohela moqhaka ka selemo sa 1914? Lebaka ke hore, o busa lehodimong e seng lefatsheng. Ha ntwa e qhoma lehodimong, Morena e motjha Jesu, eo a boetseng a bitswang Mikaele, o ile a lahlela Satane le mademona a hae lefatsheng. (Tšenolo 12:7-9, 12) Ha e sa le ho tloha ka nako eo, Satane a halefile haholo hobane a tseba hore matsatsi a hae a baduwe. Ka sebele, ho setse nako e seng kae pele Modimo a etsa thato ya hae mona lefatsheng. (Matheu 6:10) Jwale, a re ke re boneng hore na bapalami ba bang ba bararo, ba re thusa jwang ho netefatsa hore re fela re phela “matsatsing a ho qetela.” Ho fapana le mopalami wa pele ya tshwantshetsang Jesu, bapalami ba bararo ba latelang, ba tshwantshetsa maemo a bohloko a amang batho lefatsheng lohle.

MOPALAMI WA PERE E KGUBEDU

“E Nngwe ya tswa, pere e mmala wa mollo; ya e palameng a nehwa hore a tlose kgotso lefatsheng e le hore ba ka bolayana; mme a fuwa sabole e kgolo.”—Tšenolo 6:4.

Mopalami enwa o tshwantshetsa ntwa. Hlokomela hore o tlosa kgotso, e seng fela ho batho ba itseng empa lefatsheng lohle. Ka 1914, ntwa e ile ya qhoma ka lekgetlo la pele historing. E ile ya latelwa ke ntwa ya bobedi ya lefatshe, e ileng ya hla ya ba e mahlomafubedu. Dipatlisiso tse entsweng, di supa hore ho hlokahetse batho ba ka fetang dimilione  tse 100 ka lebaka la dintwa ho tloha ka 1914! Mahlatsipa a mang ona, a ile a tswa dikotsi tse tshabehang.

Ntwa e bonahatsa jwang hore re fela re phela matsatsing a ho qetela? Ka lekgetlo la pele historing, batho ba ile ba bonahala ba se na letswalo la ho bolaya ba bang larita. Esita le mekgatlo e bopang kgotso, jwalo ka Matjhaba a Kopaneng, ha e so kgone ho thibela mopalami enwa wa pere e kgubedu.

MOPALAMI WA PERE E NTSHO

“Ka tadima, mme, bonang! pere e ntsho; ya dutseng hodima yona o ne a tshwere sekala letsohong. Ka utlwa lentswe le jwalo ka ha eka le hara dibopuwa tse phelang tse nne le re: ‘Lithara ya koro ka denari, le dilithara tse tharo tsa harese ka denari; mme o se ke wa senya oli ya mohlware le veine.’”—Tšenolo 6:5, 6.   

Mopalami enwa yena, o tshwantshetsa tlala. Mehleng ya Johanne, lithara ya koro e ne e nkwa e le sejo sa letsatsi le letsatsi bakeng sa lesole. Dijo tse kaalo, di ne di tla rekwa ka bokae? Ka denari e leng moputso wa letsatsi lohle! (Matheu 20:2) Ho thweng haeba motho a ne a ena le lelapa? O ne a ka reka dilithara tse tharo tsa harese e sa hlwekiswang. Le tsona di ne di tla fepa lelapa le lenyenyane. Ntle ho moo, harese e ne e sa nkwe e le dijo tse ntle jwalo ka koro.

Na o ile wa bona bopaki ba hore mopalami wa pere e e ntsho, ha e sa le a e palame ho tloha ka selemo sa 1914? E! Hobane batho ba dimilione tse ka bang 70  ba ile ba bolawa ke tlala dilemong tsa bo1900. Molaodi e mong o hakanya hore: “Batho ba dimilione tse ka bang 805 lefatsheng, ba ile ba haellwa ke dijo ka 2012 ho ya ho 2014.” Ripoto e nngwe e re: “Tlala e bolaya batho ba bangata ho feta ba bolawang ke AIDS, malaria le lefuba.” Ho sa tsotellehe boiteko bohle bo etswang ho fepa ba lapileng, mopalami wa pere e ntsho yena o tswela pele a palame.

MOPALAMI WA PERE E BOTALA BO BOSEHLA

“Ka tadima, mme, bonang! pere e botala bo bosehla; mme lebitso la ya e palameng e ne e le Lefu. Hadese[Lebitla] e ne e mo latela haufiufi. Tsa fuwa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore di bolaye ka sabole e telele le ka kgaello ya dijo le ka lefu la sewa le bolayang le ka dibatana tsa lefatshe.”—Tšenolo 6:8.

Mopalami wa bone, o tshwantshetsa lefu le bang teng ka lebaka la lefu la sewa le mabaka a mang. Nakwana ka mora selemo sa 1914, mokakallane wa Spain, o ile wa bolaya batho ba dimilione tse mashome. Ho ka etsahala hore ebe batho ba dimilione tse ka bang 500 ba ile ba fumana tshwaetso.

Empa mokakallane oo wa Spain, e ne e le dinyane. Ditsebi di hakanya hore batho ba dimilione tse makgolo, ba bolailwe ke bolwetse ba makgopho dilemong tsa bo1900. Ho fihlela lena le hodimo, batho ba dimilione ba bolawa ke AIDS, lefuba le malaria, ho sa tsotellehe boiteko bo etswang ke dingaka.

Ditlamorao di a tshwana, batho ba a hlokahala ka lebaka la dintwa, tlala le mafu a sewa. Batho ha ba sa na tshepo ka bophelo ka ha Mabitla a tletse jwale.

RE LETETSWE KE NAKO TSE MONATE!

Haufinyane matsatsi ana a bohloko ao re phelang ho ona, a tlo fela. Hopola hore: Jesu o ile “a tloha e le ya hlolang” ka selemo sa 1914 ka ho lahlela Satane lefatsheng, empa Jesu ha a so ka a phetha tlholo ya hae. (Tšenolo 6:2; 12:9, 12) Haufinyane ka Armagedone, Jesu o tla tlosa tshusumetso ya Satane a be a fedise batho ba tshehetsang Diabolose. (Tšenolo 20:1-3) Jesu a ke ke a fedisa bapalami bana ba bararo feela, o tla be a fedise esita le ditlamorao tsohle tsa bona. Ebe o tla etsa seo jwang? Nahana ka seo Bibele e se tshepisang tabeng ena.

Ha ho sa tla hlola ho eba le dintwa, hobane kgotso e tla rena. Jehova o “fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe. O roba seqha mme o robakanya lerumo.” (Lipesaleme 46:9) Ha ele batho ba ratang ho bopa kgotso bona, “ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”—Lipesaleme 37:11.

Ha ho sa tla hlola ho eba le tlala, hobane dijo e tlaba matletsetletse. “Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; Ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”—Lipesaleme 72:16.

Haufinyane Jesu o tlo tlosa ditlamorao tse tlisitsweng ke bapalami bana ba bararo ka ho feletseng

Ha ho sa tla hlola ho eba le mafu a sewa le lefu, hobane batho bohle ba tla thabela bophelo bo phethahetseng ka ho sa feleng. Modimo “o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, le ha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.”—Tshenolo 21:4 BIBELE E HALALELANG.

Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a re latswisa hanyane feela ka selelekela sa dintho tseo a tlo re etsetsa tsona nakong e tlang ha a se a busa. O ne a kgothalletsa batho ho bopa kgotso, a fepa batho ba dikete ka mohlolo, a fodisa ba kulang a ba a tsosa le bafu.—Matheu 12:15; 14:19-21; 26:52; Johanne 11:43, 44.

Dipaki Tsa Jehova di ka thabela ho o bontsha Bibeleng ya hao, hore na bapalami bana ba tlo fediswa neng hona jwang, e le hore o ka itokisetsa nako eo. Na o ka rata ho ithuta ka ho eketsehileng?

^ par. 7 Jehova ke lebitso la Modimo jwalo ka ha Bibele e hlalosa.