Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha ho le Thata ho Utlwisisa Bibele?

Ke Hobaneng ha ho le Thata ho Utlwisisa Bibele?

Ngwananyana e mong ya dilemo di nne o ile a bona mosi o nyolohela hodimo o tswa femeng e itseng mme o eba jwaloka maru. O ile a etsa qeto ya hore feme eo ke yona e etsang maru. Sena se ka utlwahala se qabola e le kannete. Leha ho le jwalo, ho ka ba kotsi haeba re sa utlwisise dintho tse ding bophelong. Ka mohlala, haeba motho a ne a ka nwa moriana empa a sa utlwisise ditaelo tse ngotsweng botlolong ya ona, o ne a ka nna a kula.

Ho ka ba kotsi le ho feta haeba re sa utlwisise seo Modimo a se hlokang ho rona. Ka mohlala, batho ba bang ba ne ba sa utlwisise dithuto tsa Jesu. (Johanne 6:48-68) Ho e na le hore ba batle ho utlwisisa seo Jesu a neng a se ruta, ba ile hana ho mo mamela. Ebile tahlehelo e kakaang!

Na o dumella Bibele hore e o tataise? Haeba o etsa jwalo, rea o babatsa. Na ho ye ho etsahale hore ha o ntse o e bala, ebe ha o utlwisise seo o se balang? Seo se etsahalla batho ba bangata. Hlokomela mehlala e meraro ya dintho tse ding tseo batho ba sa di utlwisiseng ha ba bala Bibele.

  • Batho ba bang ha ba utlwisise mantswe a Bibele a reng “tshaba Modimo wa nnete.” Ba nahana ka Modimo ya tshosang ya lokelang ho tshajwa le ho thothomellwa. (Moeklesia 12:13) Empa Modimo ha a batle hore batho ba ikutlwe jwalo. O re: “O se ke wa tshoha, kaha ke na le wena. O se ke wa tadima kwana le kwana, etswe ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa. Ka sebele ke tla o thusa.” (Esaia 41:10) Ha e le hantle ho tshaba Modimo ho bolela hore re lokela ho mo hlompha ka tsela e tebileng.

  • Na lefatshe le tla fediswa ka mollo?

    Batho ba bang bona ha ba utlwisise mantswe ana: “Ho na le nako e behilweng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe, . . . nako ya tswalo le nako ya ho shwa.” Ba nka hore Modimo o behetse e mong le e mong nako ya ho shwa. (Moeklesia 3:1, 2) Ha e le hantle, mantswe ana a bolela hore hona jwale ha ho na motho ya ka phelang ka ho sa feleng. Lentswe la Modimo le boetse le ruta hore diqeto tseo re di etsang di ka ama bolelele ba matsatsi a rona a bophelo. Ka mohlala, Bibele e re: “Ho tshaba Jehova ho tla eketsa matsatsi.” (Liproverbia 10:27; Pesaleme ya 90:10; Esaia 55:3) Seo ke nnete hakae? Ka mohlala, ho hlompha Lentswe la Modimo ho tla etsa hore re qobe mekgwa e mebe, e jwaloka boitswaro bo bobe ba ho etsa thobalano le botahwa.​—1 Bakorinthe 6:9, 10.

  • Ba bang bona ba nka hore ha Bibele e re mahodimo le lefatshe tse teng hona jwale di “boloketswe mollo,” sena se tla etsahala ka tsela ya sebele, kahoo ba dumela hore Modimo o tlo fedisa polanete ya lefatshe. (2 Petrose 3:7) Empa Modimo o tshepisa hore le ka mohla a ke ke a fedisa polanete ena. Modimo o “thehile lefatshe hodima dibaka tsa lona tse tiisitsweng, le ke ke la sisinngwa ho isa nakong e sa lekanyetswang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ya 104:5; Esaia 45:18) Empa o tla fedisa batho ba kgopo ba sa mameleng, jwalokaha eka ke ka mollo e seng hore o tla fedisa polanete ena. Bibele e sebedisa lentswe mahodimo, ha e bua ka bokahohle kapa sebaka sa Modimo sa bodulo. Ha ho le e le nngwe ya dintho tsena e tla fediswa.

KE HOBANENG HA BATHO BA BANGATA BA SA UTLWISISE BIBELE?

Jwalokaha o bone mehlaleng e ka hodimo, batho ba bangata ha ba utlwisise seo ba se balang Bibeleng. Empa ke hobaneng ha Modimo a ka dumella seo? Batho ba bang ba re: ‘Haeba Modimo o tseba dintho tsohle ebile o bohlale, a ka be a re file buka e bonolo eo bohle ba ka e utlwisisang ha bonolo. Ke hobaneng ha Bibele e se jwalo?’ Hlokomela mabaka a mararo a etsang hore batho ba se ke ba utlwisisa Bibele.

  1. Bibele e ka utlwisiswa feela ke batho ba ikokobeditseng le ba batlang ho ithuta. Jesu o ile a re ho Ntate wa hae : “Ke o rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe, hobane ka hloko o patetse ba bohlale le ba nang le kelello dintho tsena, mme o di senoletse bana.” (Luka 10:21) Bibele e ngotswe ka morero wa hore e tswele batho ba ikemiseditseng ho ithuta yona molemo. Batho ba ikgohomosang le ba inkang eka “ba bohlale”, ba ke ke ba utlwisisa Bibele. Empa ke ba nang le boikutlo bo jwaloka ba “bana”, ba ikokobeditseng mme ba ikemiseditse ho ithuta, ba ka kgonang ho utlwisisa molaetsa wa Lentswe la Modimo. Kannete Modimo o ngotse Bibele ka tsela hlollang!

  2. Bibele e ngoletswe batho ba batlang thuso ya Modimo e le kannete. Jesu o ile bontsha hore e le hore batho ba utlwisise seo a neng a se ruta, ba ne ba tla hloka ho thuswa. Empa ba ne ba tla thuswa ka tsela efe? Jesu o ile a re: “Mothusi, moya o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta dintho tsohle.” (Johanne 14:26) Kahoo Modimo o fana ka moya o halaleng, e leng matla a hae a sebetsang, ho thusa batho hore ba utlwisise Bibele. Empa Modimo o tima ba ikgohomosang moya wa hae, mme seo se etsa hore ba se ke ba utlwisisa Bibele. Moya o halalelang o boetse o etsa hore Bakreste ba tsebe ho thusa ba batlang ho ithuta Bibele e le kannete.​—Liketso 8:26-35.

  3. Mangolo a mang a Bibele a tla hlaka ka nako e nepahetseng. Ka mohlala, moprofeta Daniele o ile a budulelwa hore a ngole molaetsa o buang ka bokamoso. Lengeloi le ile la re ho yena: “Daniele, etsa hore mantswe ana ebe sephiri mme o tiise buka, ho fihlela nakong ya bofelo.” Batho ba bangata ba nnile ba qeta dilemo tse makgolo ba ntse ba bala lengolo lena la Daniele empa ba sa le utlwisise. Esita le Daniele ka boyena o ne a sa utlwisise tse ding tsa dintho tseo a neng a di ngola. Ka boikokobetso o ile a re: “Ke ile ka utlwa, empa ha kea ka ka utlwisisa.” Ka tsatsi le leng, re tla utlwisisa ka ho feletseng boprofeta boo Modimo a ileng a susumetsa Daniele hore a bo ngole, empa seo se tla etsahala ka nako eo Modimo a e behileng. Lengeloi le ile la re: “Tsamaya, Daniele, hobane mantswe ao a entswe sephiri mme a tiisitswe ho fihlela matsatsi a bofelo.” Ke mang ya neng a tla utlwisisa molaetsa oo wa Modimo? Daniele o ile a re: “Ho hang ha ho ba kgopo ba tla utlwisisa; empa ba nang le temohisiso ba tla utlwisisa.” (Daniele 12:4, 8-10) Kahoo Modimo ha a senole se bolelwang ke mangolo a mang ho fihlela ka nako ya hae e nepahetseng.

Nakong e fetileng Dipaki Tsa Jehova le tsona di ne di sa utlwisise hantle dintho tse itseng tse ka Bibeleng. Empa ha nako e ntse eya, Modimo o ile a etsa hore di utlwisise ka tsela e hlakileng se bolelwang ka Bibeleng mme ha seo se etsahala, di ile tsa fetola tsela eo di neng di utlwisisa Bibele ka yona ntle le ho qeaqea. Di ile tsa dumela hore ka ho etsa jwalo di etsisa barutuwa ba Kreste, ba ileng ba ikokobetsa mme ba fetola tsela ya bona ya ho nahana ha Jesu a ba hlalosetsa dintho hantle.—­Liketso 1:6, 7.

Ho se utlwisise ha ngwananyana yane eo re buileng ka yena qalong hore na maru a tswa hokae, hase ntho e mpe. Leha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore o utlwisise seo Bibele e se rutang. Hase kamehla ho ka bang bonolo hore motho a utlwisise Bibele ka ho ipalla yona feela a le mong. Kahoo kopa thuso e le hore o utlwisise seo o se balang. Ikopanye le batho ba nang le boikutlo bo nepahetseng ka Bibele, ba tshepang moya o halalelang wa Modimo hore o ba thuse ho e utlwisisa. O se ke wa qeaqea ho buisana le Dipaki Tsa Jehova kapa ho bala dingolwa tsa bona tse ngotsweng ka tsela e nepahetseng, tse fumanehang websaeteng ho jw.org/sot. Bibele e o tshepisa hore: “Haeba o hweletsa kutlwisiso . . . o tla fumana tsebo ya Modimo.”—Liproverbia 2:3-5.