Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE

Ke hobaneng ha o lokela ho bala Bibele?

Ke hobaneng ha o lokela ho bala Bibele?

“Ke ne ke nahana hore ho tla ba thata ho utlwisisa Bibele.”​—Jovy

“Ke ne ke nahana hore ho bala Bibele ho tla ntena.”​—Queennie

“Ha ke bona kamoo Bibele e leng kgolo kateng, ke ile ka tswafa ho e bala.”​—Ezekiel

Na o kile wa nahana ka ho bala Bibele empa wa nyahama ka lebaka la ho ikutlwa ka tsela e tshwanang? Batho ba bangata ba nyahamela ho bala Bibele. Empa o ne o ka ­ikutlwa jwang haeba o ne o ka tseba hore Bibele e ka o thusa hore o kgotsofale o be thabe? Hape, o ne o ka reng haeba o ka fumana hore ho na le mekgwa e itseng e ka etsang hore ho bala Bibele ho o natefele? Na o ne o ke ke wa ­thabela ho bala Bibele mme o bone hore na e o tshwaretseng?

A re hlahlobeng hore na batho ba bang ba ile ba fumana molemo jwang ka ho bala Bibele.

Ezekiel ya dilemo tse ka bang 20, o re: “Qalong ke ne ke ikutlwa jwaloka motho ya kgannang koloi empa a sa tsebe moo a yang. Leha ho le jwalo, Bibele e nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelelang. E na le dikeletso tseo nka di sebedisang letsatsi le letsatsi.”

Frieda eo le yena a leng dilemo tse ka bang 20, wa hlalosa: “Ke ne ke le motho ya manganga. Empa Bibele e ile ea etsa hore ke fetole botho baka. Sena se entse hore batho ba bang ba nthate mme hona jwale ke se ke e na le metswalle e mengata.”

Mosadi ya bitswang Eunice ya dilemo tse ka bang 50 o re ha a bua ka Bibele: “E nthusa hore ke be motho ya molemo, ke be ke fetole tsela eo ke phelang ka yona.”

Jwalokaha babadi bao le ba bang ba dimilione ba bolela, ho bala Bibele ho ka o thusa hore o thabele bophelo. (Esaia 48:17, 18) Bibele e ka o thusa hore (1) o etse diqeto tse nepahetseng, (2) o be le metswalle ya nnete, (3) o sebetsane le kgatello ya maikutlo, mme (4) ha bohlokwa le ho feta, o ithute nnete ka Modimo. Bibele e fana ka dikeletso tse tswang ho Modimo, kahoo o tlabe o sa fosa ha o e mamela. Ha ho mohla Modimo a fanang ka keletso e fosahetseng.

Ke ha bohlokwa hore o qale ho bala Bibele hona jwale. Empa ke mekgwa efe e ka etsang hore ho be bonolo ho e bala le hore o e thabele?