Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Botle

Bophelo bo Botle

Bibele ha se buka ya tsa bongaka. Empa e na le dikeletso tse ka re thusang hore re phele bophelo bo botle. Hlokomela e meng ya melaomotheo ya Bibele e ka o thusang ho ntlafatsa bophelo ba hao.

HLOKOMELA MMELE WA HAO

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae; empa wa e fepa le ho e baballa.”​—Baefese 5:29.

SEO E SE BOLELANG: Melaomotheo ya Bibele e re kgothalletsa hore re hlokomele mmele ya rona. Tlaleho e nngwe e bontsha hore ho se phele hantle ho itshetlehile ka tsela eo batho ba kgethang ho phela ka yona. Ka hoo, ho etsa diqeto tse nepahetseng ho ka etsa hore motho a be le bophelo bo botle.

SEO O KA SE ETSANG:

  • E ja hantle. E ja dijo tse matlafatsang mmele mme o nwe metsi a lekaneng.

  • Ikwetlise. Ho ikwetlisa ho ka etsa hore bophelo ba hao bo be botle ho sa tsotellehe dilemo tsa hao, le hoja o holofetse kapa o kula. Le hoja batho ba re ratang le dingaka ba ka re kgothalletsa ho ikwetlisa, qetellong ke rona ba lokelang ho etsa hore seo se re tswele molemo.

  • Robala ka Nako. Ho ka ba bonolo hore motho ya sa robaleng hantle a kule. Batho ba bangata ha ba robale ka nako hobane ka nako eo ba tlamehang hore ebe ba robetse ka yona, ba phathahana ka dintho tse itseng. Nnete ke hore haeba o kgetha ho robala ka nako, o tlabe o kgetha bophelo bo botle.

TLOHELLA MEKGWA E MEBE

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “A re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya.”​—2 Bakorinthe 7:1.

SEO E SE BOLELANG: Re tla rua molemo haeba re kgetha ho se sebedise dintho tse ka re silafatsang tse kang ho tsuba kwae, e leng e nngwe ya dintho tse etsang hore motho a kule kapa a shwe.

SEO O KA SE ETSANG: Ikgethele letsatsi leo o ikemiseditseng ho tlohella ho tsuba ka lona mme o le tshwaye khalendareng. Pele ho letsatsi leo lahla ntho e nngwe le e nngwe e amanang le ho tsuba, e kang kwae, terei ya molora wa kwae, mollo le tse ding tse amanang le ho tsuba. Qoba ho ba hara batho ba tsubang. Bolella metswalle ya hao le ba lelapa la hao hore o tloheletse ho tsuba e le hore ba ka o thusa.

MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE

O ka iphumanela kopi ya Bibele e printilweng ho e mong wa Dipaki Tsa Jehova

ETSA DINTHO KA TSELA E SIRELETSEHILENG.

“Haeba o haha ntlo e ntjha, o etse lehora bakeng sa marulelo a hao, e le hore o se ke wa beha molato wa madi ntlong ya hao hobane e mong a ka nna a wa a le hodima yona.”—DEUTERONOMA 22:8.

LAOLA BOHALE BA HAO.

“Ya diehang ho halefa o tletse temoho, empa ya felang pelo o phahamisa bowatla.”​—LIPROVERBIA 14:29.

QOBA HO JA HO FETA TEKANO.

“O se ke wa ba. . . hara ba jang ka bonyollo.”​—LIPROVERBIA 23:⁠20.