Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Sireletsa Tokelo ya Rona ya Borapedi

Ho Sireletsa Tokelo ya Rona ya Borapedi

LA 1 MAY 2021

 Hara batho ba bang ba bangata ba dulang Latin America, ho na le batho ba dimilione ba nang le dipuo le meetlo ya bona. Ba bangata ba bona ke bara le baradibabo rona ba ratang setso sa bona. E le hore ba thuse batho ho ithuta nnete ya Bibele, ba fetolela dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse fetang 130 tse buuwang Latin America. a Ho ntse ho le jwalo, ba bang ba a hanyetswa hobane ba kgethile ho sebeletsa Jehova ebile ha ba etse meetlo e kgahlanong le Bibele eo batho ba moo ba tlwaetseng ho e etsa. Menehelo ya lona e sebedisitswe jwang ho ba thusa?

Ba Thuswa ho Kgutlela Hae

 Bara le baradibabo rona ba dulang sebakeng se dithaba sa Huichol e Jalisco State Mexico, ba ile ba hana ho etsa meetlo e itseng ya bodumedi eo letswalo la bona le neng le sa ba dumelle hore ba e etse. b Taba ena e ile ya halefisa ba bang ba dulang sebakeng sena. Ka la 4 December 2017, mokgopi wa batho ba neng ba halefile o ile wa hlasela Dipaki Tsa Jehova le batho ba neng ba e na le bona. Mokgopi oo o ile wa senya dintho tsa bona, wa ba leleka sebakeng seo yaba o ba tshosa ka hore o tla ba bolaya haeba ba ka kgutlela moo.

 Dipaki tse dulang ditoropong tse haufi di ile tsa thusa bara le baradibabo rona bao ka dintho tseo ba di hlokang. Ke eng e neng e ka ba thusa hore ba kgutlele hae? Morawabo rona Agustín o re: “Re ne re se na tjhelete e lekaneng ya ho hira mmuelli wa molao mme re ne re sa tsebe hore re ka kopa thuso ho mang.”

 Ka ha bara le baradibabo rona ba ne ba sa kgone ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, lekala la Central America le ile la nka kgato ya ho ba thusa. Ntho ya pele eo ba ileng ba e etsa ke ho kopa ba boholong sebakeng seo hore ba etse dipatlisiso ka taba eo. Ka mora moo, Komiti ya Bohokahanyi ya Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova e ile ya re lekala le ka sebetsa le Lefapha la Tsa Molao le ntlokgolo ho sebetsana le nyewe ya bara le baradibabo rona ba Huichol. Qetellong nyewe ena e ile ya iswa Lekgotleng le ka Hodimodimo la Toka la Setjhaba e leng lekgotla le ka hodimo ka ho fetisisa Mexico.

 Sehlopa sa babuelli ba molao ba tswang dinaheng tse fapaneng ba ile ba hlalosa hore fela jwalo ka ha batho ba dulang sebakeng sa Huichol ba ne ba re ba bang ba lokela ho hlompha setso sa bona le bona ka ho tshwanang, ba ne ba lokela ho hlompha batho ba bang mme ba hlomphe le ditokelo tsa bona. Batho bohle ba na le ditokelo ho sa tsotelle moo ba dulang teng.

 Ka la 8 July 2020, Lekgotla le ka Hodimodimo la Toka le ile la tshehetsa Dipaki Tsa Jehova nyeweng eo. Lekgotla le ile la laela hore batho ba neng ba lelekilwe sebakeng seo ba kgutle hape. Agustín eo re buileng ka yena pejana, o ile a bontsha ka moo yena le ba bang ba ikutlwang ka teng ha a re: “Re leboha haholo mme re thabetse seo bara le baradibabo rona ba re etseditseng sona. Re ka be re sa atleha haeba ba ne ba sa re thusa.”

‘Jehova o Thusa Batho ba Hae’

 Bongata ba bara le baradibabo rona ba dulang Otavalo e San Juan de Ilumán Ecuador, le bona ba ile ba hlahelwa ke mathata a tshwanang. Ka 2014, ka mora hore ba fumane tumello ya ho dula sebakeng seo ba ile ba haha Holo ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, moprista e mong o ile a romela sehlopha sa batho ba ka bang 100 hore se qobelle bara le baradibabo rona hore ba tlohella ho haha holo. Ho ekelletsa moo, setjhaba sa laela hore Dipaki Tsa Jehova di tlohelle ho kopana ha mmoho bakeng sa borapedi.

 Mafapha a molao a lekala la Ecuador le a ntlokgolo a ile a ikopanya hore a emele Dipaki tsa sebakeng seo hore di se ke tsa thibelwa hore di kopane bakeng sa borapedi. Barababo rona ba ile ba isa taba ena kgotla. Taba ena e ile ya etsa hore setjhaba se tlohelle ho hlorisa bara le baradibabo rona mme sa ba dumella hore ba tswele pele ho kopana ha mmoho bakeng sa borapedi le ho qetela ho haha Holo ya Mmuso. Empa e le hore re sireletse ditokelo tsa bara le baradibabo rona nakong e tlang, baemedi ba rona ba ile ba kopa lekgotla le phahameng hore nakong e tlang le nahane ka potso ena ya bohlokwa: Na batho ba ditso tse sa tshwaneng ba dulang dibakeng tse fapaneng le bona ba lokela ho hlompha ditokelo tsa batho lefatsheng lohle?

 Ka la 16 July 2020, Lekgotla la Molao wa Motheo la Ecuador, e leng lekgotla le phahameng la sebakeng seo le ile la mamela nyewe ena. Barababo rona bao e leng babuelli ba molao Ecuador ba ile ba emela phutheho. Ho ekelletsa moo, barababo rona ba bane ba nang le tsebo ka tsa molao ba tswang dinaheng tse fapaneng ba ile ba bua le lekgotla. Ka lebaka la dithibelo tsa COVID-19, ba ile ba buisana ba le dinaheng tse sa tshwaneng ba sebedisa videoconference. Lena ke lekgetlo la pele lekgotla le dumella babuelli ba molao ba emelang Dipaki Tsa Jehova hore ba tlise qoso ya bona ka tsela ena. c Barababo rona bao ba ile ba qotsa molao o buang ka ditokelo tsa lefatsheng lohle o bontshang hore motho ha a lokela ho lelekwa sebakeng se itseng hobane feela a sa dumellane le meetlo ya sebakeng seo.

Babuelli ba molao wa lefatsheng lohle ba emelang Dipaki ba ile ba lwanela ditokelo tsa bara le baradibabo rona ba sebedisa videoconference

 Bara le baradibabo rona ba Otavalo Valley ba lebelletse ka tjantjello ho utlwa qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo. Ha ba ntse ba emetse nako eo, ba thabile haholo ka thuso eo ba e fumaneng ho barababo rona. Morawabo rona César eo e leng moholo phuthehong ya Ilumán Quichua, o re: “Ke Jehova feela a sebedisa mokgatlo wa hae a ka etsetsang batho ntho e tjena.”

 Barababo rona ba kentseng letsoho ho tsa molao ba sebedisa tsebo ya bona ho emela Dipaki Tsa Jehova ba sa ba patadise. Ho nka nako ebile ho bitsa tjhelete e le hore ba lokisetse hore ba emele nyewe. Barababo rona le babuelli ba molao ba emelang Dipaki, ba qetile dihora tse fetang 380 e le hore ba itokisetse nyewe hape ba qetile dihora tse ding tse 240 ba fetolela ditokomane bakeng sa batho ba buang Semexico. Babuelli ba molao ba ka bang 40 ba qeta dihora tse ngata nyeweng ya Ecuador. Ho kgonnwe jwang ho kwahela ditshenyehelo tseo? Ke ka lebaka la menehelo ya lona e ntshwang ka ditsela tse fapaneng jwalo ka ha ho hlalositswe ho donate.isa4310.com. Re leboha haholo ka menehelo ya lona.

a Dipaki Tsa Jehova di boetse di fetolela dipuo tse ding tse ngata tse buuwang Latin American le dipuo tse ding tsa matsoho tse buuwang sebakeng seo.

b Batho ba Huichol ba boetse hape ba tsebahala e le Wixáritari mme puo ya bona e tsebahala e le Sewixárika.

c Le hoja mokgatlo wa rona wa lefatsheng lohle e ne e se karolo ya nyewe, babuelli ba molao ba ile ba dumella barababo rona hore ba hlahe ka pela kgotla e le “metswalle ya kgotla.”